YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKGOSI 8

8
Mosadi wa Moshuneme o kgutlela ha habo
1Elisha o ne a ile a laela mosadi eo a neng a ile a tsosa mora wa hae bafung, a re: “Ema, o tsamaye, o falle le ba lelapa la hao, o yo jaka moo o ka jakang teng, hobane Morena o laotse hore tlala e be teng ka dilemo tse supileng.” 2Mosadi eo a ema, a etsa kamoo moporofeta wa Modimo a buileng kateng. A tloha le ba lelapa la hae, a ya jaka naheng ya Bafilesita ka dilemo tse supileng.
3Ha dilemo tse supileng di se di fetile, mosadi eo a kgutla naheng ya Bafilesita. A ya ipeha ho kgosi, hore a buseletswe ntlo ya hae le tshimo ya hae. 4Kgosi e ne e ntse e buisana le Gehasi, mohlanka wa moporofeta wa Modimo, a re: “Ke a o rapela: Ako mpolelle dintho tsohle tse kgolo, tseo Elisha a di entseng.” 5Yare a sa ntsane a bolella kgosi kamoo Elisha a neng a tsose motho bafung kateng, mosadi eo mora wa hae a neng a tsoswe bafung a fihla, a ipeha ho kgosi, hore a buseletswe ntlo ya hae le tshimo ya hae.
Yaba Gehasi o re: “Monga ka, kgosi ya ka, mosadi eo ke yena enwa, le enwa ke yena mora wa hae, eo Elisha a neng a mo tsose bafung.”
6Ha kgosi e botsa mosadi eo, le yena a e bolella jwalo. Yaba kgosi e laela mohlanka e mong, e re ho yena: “Mmuseletse tsohle tseo e neng e le tsa hae, le tsohle tse ileng tsa kotulwa tshimong ya hae, ho qala mohla a neng a tloha naheng ena, ho fihlela jwale.”
Ho porofetwa lefu la Bene-Hadade
(2 Dikg. 10:32,33; 13:3,4)
7Ha Elisha a fihla Damaseka, Bene-Hadade, kgosi ya Arame, o ne a kula. Ha tsebiswa kgosi, ha thwe: “Moporofeta wa Modimo o fihlile mona.”
8Kgosi ya re ho Hasaele: “Nka mpho, o yo e nea moporofeta eo wa Modimo, mme a mpotsetse Morena, hore na ke tla fola.”
9Hasaele a ya ho moporofeta, a mo isetsa mpho ya dintho tsohle tse ntle, tsa Damaseka: E le diphahlo tse bofilweng dikameleng tse mashome a mahlano. Hasaele a fihla a ema kapele ho moporofeta, a re: “Mora wa hao, Bene-Hadade, kgosi ya Arame, o nthomile ho wena, o re: ‘Na ke tla fola?’ ”
10Elisha a re ho yena: “Tsamaya, o yo mmolella hore o ne a ka nna a fola; leha ho le jwalo, Morena o mpontshitse hore o tla shwa.” 11Moporofeta wa Modimo a sitlolela Hasaele mahlo, ho fihlela a ba a hlajwa ke dihlong, mme yaba moporofeta wa Modimo o a lla.
12Yaba Hasaele o re: “O llelang, monga ka?”
Elisha a araba, a re: “Ke hobane ke tseba sehloho seo o tla se etsetsa bana ba Iseraele. O tla tjhesa diqhobosheane tsa bona ka mollo, o bolaye bahlankana ba bona ka sabole. Masea a bona o tla a pshatlanya fatshe, baimana ba bona o ba phatlole dimpa.”
13Hasaele a re: “Ebe nna, mohlanka wa hao, ntja e tjee, nka etsa ntho e kgolo hakaalo?”
Elisha a mo araba, a re: “Morena o mpontshitse hore wena o tla ba kgosi ya Arame.”
14Hasaele a tloha ho Elisha, a fihla ho monga hae. Monga hae a mmotsa, a re: “Elisha o itseng ho wena?”
Hasaele a araba, a re: “O mpolelletse hore ruri o tla fola.” 15Ka letsatsi le hlahlamang, Hasaele a nka lesela le morumo, a le ina metsing, a bipetsa Bene-Hadade ka lona, yaba wa shwa. Hasaele ya eba kgosi sebakeng sa Bene-Hadade.
Puso ya Jehorame, kgosi ya Juda
(2 Dik. 21:1-20)
16Ka selemo sa bohlano, sa puso ya Jorame, mora wa Akabe, kgosi ya Iseraele, Jehorame, mora wa Jehoshafate, kgosi ya Juda, a qala ho busa. 17Jehorame o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse robedi, a le Jerusalema. 18Kahobane mosadi wa hae e ne e le moradi wa Akabe, a tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsohle tsa Iseraele, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa, mme a etsa bobe mahlong a Morena. 19Leha ho le jwalo, Morena a se ke a timetsa mmuso wa Juda ka baka la Davida, mohlanka wa hae, hobane a ne a mo tshepise hore yena, le ditloholo tsa hae, ba tla busa kamehla.
20Ka nako eo Jehorame a neng a busa ka yona, Baedomo ba mo fetohela, ba itokolla pusong ya Juda, mme ba ikgethela kgosi. 21Yaba Jehorame o nka dikariki tsa hae tsohle tsa ntwa, o tshelela Saire, Baedomo ba mo etsetsa sakana-la-nkope. A tsoha hara bosiu, a ena le balaodi ba dikariki tsa ntwa, a phunyeletsa theko ya Baedomo, mme bahlabani ba hae ba balehela ditenteng tsa bona. 22Haesale Baedomo ba itokolla pusong ya Juda, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Ka yona nako eo, Lebena le yona ya fetohela Juda.
23Diketso tse ding tsa Jehorame, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. 24Jehorame a shwa, a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Akasiya, mora wa hae, a mo hlahlama.
Puso ya Akasiya, kgosi ya Juda
(2 Dik. 22:1-6)
25Ka selemo sa leshome le metso e mmedi sa puso ya Jorame, mora wa Akabe, kgosi ya Iseraele, Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a qala ho busa. 26Akasiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka selemo se le seng feela, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Ataleya, setloholo sa Omeri, kgosi ya Iseraele. 27Kahobane e ne e le mokgwenyana wa lelapa la Akabe, a tsamaya mehlaleng ya lelapa leo la Akabe; a etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa.
28Bo-kgosi Akasiya le kgosi Jorame, mora wa Akabe, ba ya lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame, a le Rama e Gileade. Baarame ba ntsha Jorame dikotsi. 29Kgosi Jorame a kgutlela Jesereele, ho ya okwa maqeba ao a a ntshitsweng ke Baarame ha ba le Rama, moo ba neng ba lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame.
Jwale Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a theohela Jesereele ho ya hlwela Jorame, mora wa Akabe, hobane o ne a kula.

Currently Selected:

2 DIKGOSI 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy