YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKGOSI 6

6
Ho ntshwa selepe se wetseng metsing
1Sehlopha sa baporofeta sa re ho Elisha: “Bona mona, sebaka seo rona le wena re phelang ho sona ha se re lekane. 2Re a o kopa: Ako re dumelle re ye Jorodane, mme motho ka mong a reme sefate, re ikgahele moo re tla dula teng.”
Elisha a araba, a re: “Eyang!”
3E mong wa bona a re: “Ke a o kopa: Ako ye le bahlanka ba hao.”
Yena a araba, a re: “Ke tla ya.”
4Yaba a ya le bona.
Ha ba fihla Jorodane, ba rema difate. 5Empa yare ha e mong a ntse a ratha sefate, selepe sa pshemoha mofenng, sa wela ka metsing. Eo a howa, a re: “A nna elwa, monga ka! Selepe sena se ne se adimilwe!”
6Moporofeta wa Modimo a re: “Se wetse hokae?” Eo a mmontsha moo se wetseng teng. Elisha a rema thupa, a e akgela hona moo, mme selepe sa phaphamala hodima metsi. 7Yaba Elisha o re: “Se nke!” Monna eo a nanabetsa letsoho, a se nka.
Elisha o senola merero ya Baarame
8Ha kgosi ya Arame e ntse e lwantshana le Baiseraele, yaba e eletsana le bahlanka ba yona, e re: “Ke tla hloma diahelo tsa ka sebakeng se itseng.”
9Jwale moporofeta wa Modimo a ya ho kgosi ya Iseraele, a re: “Hlokomela, o se ke wa feta sebakeng se itseng, hobane Baarame ba tla theoha le hona moo.” 10Kgosi ya Iseraele ya romela molaetsa ho baahi ba sebaka seo, seo moporofeta wa Modimo a mmoleletseng sona, hore ba dule ba itebetse, kgosi e tle e pholohe. Hona ho ile ha etsahala ka makgetlo a mangata, e seng hanngwe kapa habedi feela.
11Ka baka lena, ntho ena ya tshwenya kgosi ya Arame haholo; yaba e bitsa bahlanka ba yona, e re ho bona: “Mpolelleng hore na ke ofe, hara rona, ya ka lehlakoreng la kgosi ya Iseraele!”
12E mong wa bahlanka ba kgosi, a re: “Ha a yo, monga ka, kgosi ya ka! Ke Elisha, moporofeta wa Iseraele, ya bolellang kgosi ya Iseraele seo o se buang ka lekunutu.”
13Kgosi ya re: “Tsamayang, le yo batla hore na o hokae, ke tle ke yo mo tshwara!” Kgosi ya bolellwa, ha thwe: “O motseng wa Dotane.”
Bahlabani ba Baarame ba a foufatswa
14Ka baka lena, kgosi ya ntsha dipere, le dikariki tsa ntwa, le lebotho le leholo. La fihla motseng oo wa Dotane e le bosiu, la o etsetsa sakana-la-nkope.
15Ha mohlanka wa moporofeta wa Modimo a tsoha e sa le ka matjeke, a etswa ka tlung, a bona lebotho la bahlabani ba dipere, le ba dikariki, le etseditse motse sakana-la-nkope. Mohlanka enwa a re ho moporofeta: “A rona bale, monga ka! Re tla etsa jwang?”
16Moporofeta a mo araba, a re: “O se ke wa tshaba. Ba ka lehlakoreng la rona ba bangata ho feta ba ka lehlakoreng la bona.”
17Yaba Elisha o a rapela, o re: “Morena, ke a o rapela: Ako tutubolle mahlo a mohlankana enwa, hore a bone.” Morena a tutubolla mahlo a mohlankana eo, a bona thaba eo Elisha a leng ho yona e tletse dipere le dikariki tsa ntwa tse tukang malakabe, di potapotile Elisha.
18Ha Baarame ba seohela Elisha, yaba o rapela Morena, o re: “Ke a o rapela: Ako foufatse batho bana.” Morena a ba foufatsa ho ya ka thapelo ya Elisha.
19Yaba Elisha o re ho bona: “Tsela ena hase yona, le motse ona hase oona. Ntateleng, mme ke tla le isa ho motho eo le mmatlang.” Empa a ba isa Samaria.
20Yare ha ba fihla Samaria, Elisha a re: “Morena, foufolla batho bana, ba boele ba bone.” Morena a ba foufolla, ba boela ba bona. Ba iphumana ba se ba le kahara Samaria.
21Ha kgosi ya Iseraele e ba bona, ya re ho Elisha: “Ntate, ke ba bolaye? Ke ba bolaye?”
22Elisha a araba, a re: “O se ke wa ba bolaya. Na bao o ba thopileng ka sabole ya hao, le ka seqha sa hao, o ka ba bolaya? Ba fe dijo le metsi, ba je, ba nwe, ba nto kgutlela ho monga bona.” 23Kgosi ya ba etsetsa mokete o moholo wa dijo. Ha ba se ba jele, ba nwele, ya re ba tsamaye, mme ba kgutlela ho monga bona. Yaba mara a Arame ha a sa hlola a futuhela naha ya Iseraele.
Samaria e etsetswa thibella
24Kamora tsena, Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a kgobokanya mabotho wohle a hae, a nyoloha, a fihla a etsetsa Samaria thibella. 25Tlala e kgolo ya eba teng moo Samaria. Ba thibella Samaria ho fihlela ha hlooho ya tonki e ba e rekiswa silefera e etsang boima ba kilo, mme moroho o bitswang masepa a leeba, o etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi, o rekiswa silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano a metso e mehlano.
26Ka tsatsi le leng ha kgosi e ntse e tsamaya hodima lerako la motse, mosadi e mong a e howeletsa, a re: “Monga ka, kgosi ya ka, nthuse hle!”
27Kgosi ya re: “Haeba Morena a sa o thuse, nna nka o thusa ka eng? Ha ke na koro kapa veine!” 28Kgosi ya boela ya re ho yena: “O jewa keng?”
Mosadi eo a araba, a re: “Mosadi enwa o itse ho nna: ‘Tlisa ngwana wa hao, re mo je kajeno; hosasane re tla ja wa ka!’ 29Ra fela ra pheha ngwana wa ka, ra mo ja. Ka la hosasane ka re ho yena: ‘Tlisa ngwana wa hao, re mo je;’ empa jwale o patile ngwana wa hae.”
30Ha kgosi e utlwa dipolelo tsa mosadi enwa ya hahola diaparo tsa yona. Ha e ntse e tsamaya hodima lerako, batho ba tadima, mme ba bona hore kgosi e apere seaparo se mahwashe. 31Jwale kgosi ya re: “Modimo a nketse tjena le tjena, le ho feta mona, haeba hona kajeno nke ke ka kgaola hlooho ya Elisha, mora wa Shafate.”
32Empa Elisha o ne a ntse a ituletse ka tlung ya hae, a ena le baholo ba setjhaba. Kgosi ya roma monna ho Elisha, ho e etella pele, empa yare monna eo a eso ka a fihla ho Elisha, yaba Elisha o re ho baholo ba setjhaba: “Na le bona kamoo monna eo wa mmolai a rometseng motho ho tla kgaola hlooho ya ka kateng? Bonang mona: E tle ere ha leqosa leo le fihla, le kwale monyako, le le kwalle kantle. Na hoo hase diqi tsa monga lona, ya ntseng a le setse morao?”
33Yare a sa ntsane a bua le bona, ba bona kgosi e se e fihla ho bona, e re: “Bonang, bomadimabe bona re bo tliseditswe ke Morena! Nka hlola ke sa lebella eng ho Morena?”

Currently Selected:

2 DIKGOSI 6: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy