YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKGOSI 4

4
Elisha o thusa mohlolohadi wa mofutsana
1Mosadi e mong, eo monna wa hae e neng e le e mong wa sehlopha sa baporofeta, a fihla ho Elisha, a re: “Mohlanka wa hao, e leng monna wa ka, o shwele. O a tseba hore mohlanka eo wa hao o ne a hlompha Morena. Jwale motho eo monna wa ka a neng a nkile molato ho yena, o tlile ho tla nka bara ba ka ba babedi, ho ya ba etsa makgoba a hae.”
2Elisha a re ho yena: “Nka o thusa kang? Ako mpolelle: O na le eng ka tlung ya hao?”
Mosadi a re: “Lekgabunyane la hao ha le sa na letho ka tlung, haese pitsana ya ole feela.”
3Yaba Elisha o re: “Tsamaya, o yo adima dipitsana tse sa tshelang letho, ho bohle bao o ahisaneng le bona. O hle o adime tse ngata. 4Ha o se o kene ka tlung ya hao, o ikwalle kateng le bara ba hao. Jwale o tshele ole ka dipitsaneng tsohle, mme pitsana e tlalang o e beelle kathoko.”
5Yaba mosadi eo o tloha ho Elisha, o ikwalla ka tlung le bara ba hae, ba neng ba ntse ba mo tlisetsa dipitsana, mme a tshela ole ka ho tsona. 6Ha dipitsana tsena di se di tletse tswete, a re ho mora wa hae: “Ntlisetse e nngwe hape.”
Mora wa hae a re ho yena: “Ha ho sa na e nngwe.” Yaba ole e kgaotsa ho tswa.
7Mosadi eo a tla, a bolella moporofeta wa Modimo, mme yena a re: “Tsamaya, o yo rekisa ole ena, o lefe molato wa hao. Wena le bara ba hao le tla iphedisa ka e setseng.”
Elisha le mosadi ya ruileng wa Shuneme
8Ka letsatsi le leng Elisha a ya Shuneme, moo ho neng ho phela mosadi ya ruileng. Mosadi eo o ne a ye a qophelle Elisha hore a ke a fumane dijo. Kamehla ha Elisha a feta moo, o ne a ye a fapohele, mme mosadi a mo phomosetse. 9Mosadi eo a re ho monna wa hae: “Ke hlokomela hore monna enwa ya fapohelang mona ho rona kamehla, ke monna ya halalelang wa Modimo. 10A re ke re hahe kamorenyana kahodima marulelo, re mmeele bethe, le tafole, le setulo, le lebone, e le hore kamehla ha a re fapohetse, a no phomola ka ho yona.”
11Ka letsatsi le leng Elisha a fihla moo, a kena ka kamoreng, a phomola kateng. 12Elisha a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Ako mpitsetse mosadi eo wa Moshuneme.” Ha a se a mmitsitse, mosadi eo a fihla a ema kapele ho Elisha. 13Elisha a re ho mohlanka wa hae: “Ere ho yena: ‘O ikgathaditse haholo ka ho re hlokomela; re ka o etsetsa eng? Na o na le seo re ka o buellang ka sona ho kgosi, kapa ho molaodi wa mabotho?’ ”
Mosadi a araba, a re: “Ha ke tletlebiswe ke letho hara setjhaba sena sa heso.”
14Elisha a re: “Jwale re ka mo etsetsa eng?”
Gehasi a re: “Ha a na ngwana, le monna wa hae o se a tsofetse.”
15Elisha a re: “Mmitse hape!” Ha a se a mmitsitse, mosadi eo a ema monyako. 16Elisha a re: “Isao, ka yona nako ena, o tla be o ena le mora.”
Mosadi a re: “Wee, mong aka, moporofeta wa Modimo, se ke wa thetsa lekgabunyane la hao.”
17Empa mosadi eo a ithwala, mme ka yona nako eo, ka selemo se hlahlamang, a beleha mora, jwalokaha Elisha a ne a ile a mmolella.
18Ka letsatsi le leng, ha ngwana a se a hodile, a tsamaya, a ya ho ntatae, ho bakotudi. 19A re ho ntatae: “Hlooho ya ka e a opa! Hlooho ya ka e a opa!”
Ntatae a re ho mohlankanyana e mong: “Mo ise ho mmae!” 20Mohlankanyana eo a mo nka, a mo isa ho mmae. Mmae a mo sika ho fihlela hara mpa ya motsheare, mme yaba o a shwa. 21Mosadi enwa a mo isa kamoreng ya Elisha, a mmea betheng ya moporofeta eo wa Modimo, a tswa, a mo kwalla ka tlung.
22A bitsa monna wa hae, a re: “Ke a o kopa: Ako nthomelle e mong wa bahlankana, le e nngwe ya ditonki, nke ke potlakele ho moporofeta wa Modimo, ke be ke kgutle.”
23Monna wa hae a re: “Ke ka lebaka lang o yang ho yena kajeno? Kgwedi ha ya tshwasa, ebile hase Sabatha!”
Mosadi a re: “Ho lokile!”
24A qhanehelwa tonki, mme a re ho mohlanka wa hae: “Kganna tonki. O hle o tsamaye, o se ke wa hata butle, haese haeba ke o bolella jwalo.” 25Yaba o a tsamaya, mme a fihla ho moporofeta wa Modimo, thabeng ya Karamele.
Moporofeta wa Modimo a mmona a sa le hole, mme a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Bona mosadi wa Moshuneme ke yane! 26Ke a o kopa: Matha o mo kgahlanyetse, mme o re ho yena: ‘O phela jwang? Monna wa hao yena o phela jwang? Ngwana yena o phela jwang?’ ”
Mosadi a araba, a re: “Hantle!”
27Ha mosadi a fihla thabeng, ho moporofeta wa Modimo, a mo tshwara maotong. Gehasi a re o a mo tlosa, empa moporofeta wa Modimo a re: “Mo tlohele; o tshwenyehile haholo. Morena o mpatetse taba ena, ha a ya mpolella yona.”
28Yaba mosadi o re: “Na nkile ka kopa ngwana ho monga ka! Na ha nka ka re: ‘O se ke wa nthetsa’?”
29Elisha a re ho Gehasi: “Itlame letheka, o nke molamu wa ka, o tsamaye. Ha o ka kopana le motho, o se ke wa mo dumedisa; haeba motho a ka o dumedisa, o se ke wa mo arabela. O fihle o bee molamu wa ka hodima sefahleho sa ngwana.”
30Yaba mma ngwana o re ho Elisha: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Elisha a ema, a latela mosadi eo.
31Gehasi a ba etella pele, mme ha a fihla a bea molamu hodima sefahleho sa ngwana, empa ngwana a se ke a bua, kapa a hlasimoloha. Ka baka leo, Gehasi a kgutla ho ya kgahlanyetsa Elisha, mme a mmolella, a re: “Ngwana ha a ya tsoha.”
32Ha Elisha a kena ka tlung a fumana ngwana a le hodima bethe ya hae, a shwele. 33Yaba o a kena, o ikwalla le ngwana, o rapela Morena. 34A hlwella betheng, a paqama hodima ngwana, a bea molomo wa hae molomong wa ngwana; mahlo a hae a eba hodima mahlo a ngwana, le matsoho a hae a eba hodima matsoho a ngwana. A paqama hodima ngwana, mme ngwana a qala ho futhumala. 35Elisha a ema, a nna a tsamaya kahara ntlo. A boela a hlwella betheng, a paqama hodima ngwana, mme ngwana a thimola hasupa, yaba o a tutuboloha.
36Elisha a bitsa Gehasi, a re: “Bitsa mosadi yane wa Moshuneme.” Gehasi a mmitsa. Hoba mosadi eo a kene kamoo Elisha a neng a le kateng, Elisha a re ho yena: “Nka mora wa hao.” 37Mosadi a itihela maotong a Elisha, a obamela fatshe, a nka mora wa hae, a tswa.
Mehlolo e mmedi
38Elisha a boela a kgutlela Gilegale, mme a fumana naha e aparetswe ke tlala. Ha sehlopha sa baporofeta se ntse se dutse kapele ho yena, Elisha a re ho mohlanka wa hae: “Tlhatleha pitsa e kgolo, o phehele sehlopha sena sa baporofeta lesheleshele.”
39E mong wa bona a ya naheng ho ya kga moroho. A fumana monyaku, a kga ditholwana tsa wona, tsa tlala seaparo sa hae, a fihla a o kgabella ka pitseng ya lesheleshele, hobane ba ne ba sa o tsebe. 40Ba qhatsetsa banna bao hore ba ke ba habole. Ha ba qala ba habola lesheleshele leo, ba howa, ba re: “Oho, moporofeta wa Modimo, ba re tsheletse!” Yaba ha ba sa le habola.
41Moporofeta a re: “Tlisang phofo!” A faha pitsa ka phofo eo, mme a re: “Qhatsetsa batho bana, ba habole!” Lesheleshele le ne le se le se na kotsi.
42Monna e mong a fihla, a etswa Baale-Shalesha, a tliseditse moporofeta wa Modimo bohobe ba dilopotsiya, e le dinkgwa tsa harese tse mashome a mabedi, le diako tsa koro, a di kentse kahara seroto sa hae. Elisha a re: “Di fe batho bana, ba je.”
43Empa mohlanka wa hae a re: “Dijo tse kaalenyana tsee, ke tla di abela banna ba lekgolo jwang?”
Elisha a pheta, a re: “Di fe batho bana, ba je, hobane Morena o bua tjena: ‘Ba tla ja, ba be ba di siye.’ ” 44Yaba o ba abela tsona. Ba eja, ba ba ba di siya, ho ya kamoo Morena a ileng a bua kateng.

Currently Selected:

2 DIKGOSI 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy