YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKGOSI 23

23
Josiya o ntjhafatsa selekane
(2 Dik. 34:3-7,29-33)
1Kgosi Josiya a roma maqosa, ho mo memela baholo bohle ba Juda le ba Jerusalema. 2Yaba o nyolohela Tempeleng ya Morena, a ena le banna bohle ba Juda, le baahi bohle ba Jerusalema, le baprista, le baporofeta, le setjhaba sohle sa ba baholo le ba banyenyane. Moo ba ntseng ba utlwa a ba balla mantswe wohle a Buka ya Selekane, e ileng ya fumanwa ka Tempeleng ya Morena.
3Kgosi ya ema pela tshiya, ya ntjhafatsa selekane kapele ho Morena, e leng sa ho latela Morena, le ho boloka ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le melao ya hae, ka pelo ya yona yohle, le ka moya wa yona wohle, le ho phethisa mantswe a ngotsweng bukeng ena. Batho bohle ba itlama ka selekane seo.
4Kgosi Josiya a laela Hilekiya, Moprista e Moholo, le baprista ba mokgetho wa bobedi, le balebedi ba monyako, ho ntshetsa kantle ho Tempele ya Morena, dintho tsohle tse neng di etseditswe Baale, le Ashera, le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ya di tjhesetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kiderone, mme molora wa tsona wa iswa Bethele. 5A leleka baprista ba bohata, bao dikgosi tsa Juda di ileng tsa ba hlomamisa ho tjhesa mokubetso dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, metseng ya Juda, le dibakeng tse potapotileng Jerusalema. A leleka ba neng ba tjhesetsa Baale mokubetso, ba o tjhesetsa le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng tshweu tsohle tsa lehodimo. 6A ntsha setshwantsho sa Ashera se ka Tempeleng ya Morena e Jerusalema, a se isa molatswaneng wa Kiderone, a se tjhesetsa teng, a se etsa thuethue, mme molora wa sona a o qhalla hodima mabitla a motse. 7A heletsa matlo a banna ba kgethetsweng ho etsa bohlola, a neng a le ka Tempeleng ya Morena, e leng moo basadi ba neng ba lohela masela a etsang diaparo tsa Ashera.
8Kgosi Josiya a leleka baprista bohle metseng ya Juda, a silafatsa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, moo baprista bao ba neng ba tjhesetsa mokubetso teng, e leng ho tloha Geba ho ya fihla Beeresheba. A heletsa dibaka tsa borapedi tse dikgorong tsa metse eo, e leng monyakong wa Kgoro ya Joshua, mookamedi wa motse, e neng e le ka letsohong le letshadi la kgoro ya motse. 9Leha ho le jwalo, baprista ba dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ha ba a ka ba atamela aletare ya Morena e Jerusalema, empa ba nna ba eja bohobe bo sa lomoswang, mmoho le baprista ba bang.
10A silafatsa Tofete e ka kgohlong ya bana ba Hinome, e le hore ho se be motho ya ka etsetsang Moloke sehlabelo sa setjheso ka mora kapa ka moradi wa hae. 11A tlosa dipere tseo dikgosi tsa Juda di neng di di abetse letsatsi, tse neng di le monyako wa Tempele ya Morena, pela kamore ya Nathane-Meleke wa lehaole, mohlanka wa kgosi. Kamore ena e ne e le lebaleng la Tempele. Kgosi ya tjhesa dikariki tsa ntwa, tse neng di etseditswe letsatsi.
12Dialetare tse neng di le hodima marulelo a ntlo e kahodimo, ya Akase, tse neng di hahilwe ke dikgosi tsa Juda, le dialetare tseo Manase a neng a di hahile mabaleng a mabedi a Tempele ya Morena, kgosi ya di heletsa, ya di thua, ya lahlela kumokumo ya tsona ka molatswaneng wa Kiderone. 13Dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tse neng di le pela Jerusalema, ka letsohong le letona ho Thaba ya Tshenyeho, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di hahetse Asetarote, manyala a Basidone; le Kemoshe, manyala a Bamoabe; le Milekome, manyala a bana ba Amone; tsena tsohle ya di silafatsa. 14A thua difika tseo ba di kgumamelang, a diha ditshwantsho tsa Ashera, mme moo di neng di le hona teng a qhalla masapo a batho.
15Le aletare e neng e le Bethele, le sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, se neng se hahwe ke Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe, le yona, hammoho le sebaka seo sa borapedi, a di thua, a tjhesa sebaka seo ho rapellwang medimo ya bohata ho sona, a se etsa thuethue; a tjhesa le ditshwantsho tsa Ashera.
16Eitse ha Josiya a reteleha, a bona mabitla mosikong wa thaba, mme a roma maqosa hore a yo epolla masapo ka mabitleng ao. Masapo ao a a tjhesetsa hodima aletare, a e silafatsa, ho ya ka lentswe la Morena, leo moporofeta wa Modimo a neng a ile a le bolela ha a phatlalatsa dintho tsena.
17Jwale Josiya a re: “Ke lebitla la mang leo, leo ke le bonang?”
Banna ba motse ba mmolella, ba re: “Ke lebitla la moporofeta wa Modimo, ya neng a etswa Juda, mme a bolela dintho tsena tseo wena o di entseng ka aletare ya Bethele.”
18Yaba Josiya o re: “Mo tloheleng, ho se be motho ya epollang masapo a hae.” Kahoo ba tlohela masapo a hae, le masapo a moporofeta ya neng a etswa Samaria.
19Le ditempelana tse neng di le dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo dikgosi tsa Iseraele di neng di halefise Morena ka ho di haha metseng ya Samaria, Josiya a di heletsa, a di etsa seo a ileng a se etsa Bethele. 20Baprista bohle ba dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ba neng ba le moo, a ba bolaela hodima dialetare tseo, a tjhesetsa le masapo a batho hodima tsona, a nto kgutlela Jerusalema.
Josiya o etsa mokete wa Paseka
(2 Dik. 35:1-19)
21Kgosi Josiya a laela setjhaba sohle, a re: “Etsang mokete wa Paseka ya Morena Modimo wa lona, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ena ya Selekane.” 22Ruri ho ne ho eso ka ho etswa mokete wa Paseka o jwalo, ho tloha mehleng ya Baahlodi ba neng ba ahlolela Baiseraele; esita le mehleng ya dikgosi tsa Iseraele, kapa mehleng ya dikgosi tsa Juda. 23Empa ka selemo sa leshome le metso e robedi, sa puso ya kgosi Josiya, Morena a etsetswa Paseka e jwalo, Jerusalema.
Diphetoho tse ding tseo Josiya a ileng a di etsa
24Kahodima mona, dinohe, le baloi, le medingwana ya malapa, le medingwana ya bohata, le dintho tsohle tse nyonyehang, tse neng di le teng naheng ya Juda le Jerusalema, Josiya a di fedisa, e le hore a phethahatse mantswe a Molao, a neng a ngotswe bukeng eo Hilekiya a ileng a e fumana ka Tempeleng ya Morena. 25Pele ho yena ho ne ho eso ka ho eba le kgosi e kileng ya sebeletsa Morena jwaloka yena. A sebeletsa Morena ka pelo ya hae yohle, le ka moya wa hae wohle, le ka matla a hae wohle, ho ya ka Molao wohle wa Moshe. Le ho bahlahlami ba hae ha ho a ka ha eba le ya kang yena.
26Leha ho le jwalo, Morena ha a a ka a kgutla kgalefong ya hae e tshabehang, eo a neng a halefetse Juda ka yona, ka baka la mekgwa yohle eo Manase a ileng a mo phephetsa ka yona. 27Morena a re: “Ke tla hleka Juda kapele ho sefahleho sa ka, jwalokaha ke ile ka hleka Iseraele, le motse ona wa Jerusalema, oo ke o kgethileng, ka re: ‘Ke tla kgumamellwa ho wona,’ le wona ke tla o lahla.”
Qetello ya puso ya Josiya
(2 Dik. 35:20 — 36:1)
28Diketso tse ding tsa Josiya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.
29Mehleng ya Josiya, Faro Neko, kgosi ya Egepeta, a nyolohela nokeng ya Euferatese ho ya thusa kgosi ya Asiria. Yaba kgosi Josiya o a mo kgaoletsa. Ba kopana Megido, mme Josiya a bolaelwa hona moo. 30Bahlanka ba hae ba nka setopo sa hae Megido, ka kariki ya ntwa, ba se isa Jerusalema, ba se epela lebitleng la hae. Setjhaba sa naha eo sa tlotsa Jehowakase, mora wa hae, sa mmea hore e be kgosi, a hlahlame ntatae.
Puso ya Jehowakase, kgosi ya Juda
(2 Dik. 36:2-4)
31Jehowakase o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro, ha a qala ho busa. A busa ka dikgwedi tse tharo, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Hamutale, moradi wa Jeremia, ya tswang motseng wa Lebena. 32Jehowakase a etsa bobe mahlong a Morena, ka ho etsa tsohle tseo bo-ntataemoholo ba neng ba di etse. 33Empa Faro Neko a mo kenya tjhankaneng Ribela, naheng ya Hamate, e le hore a se ke a busa Jerusalema. A ntshisa naha eo lekgetho la silefera e boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le kgauta e boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene. 34Faro Neko a bea Eliakime, mora wa Josiya, hore a hlahlame ntatae. A mo rea lebitso la Jehoyakime. A isa Jehowakase naheng ya Egepeta, moo a ileng a shwela teng.
Puso ya Jehoyakime, kgosi ya Juda
(2 Dik. 36:5-8)
35Jehoyakime a thella Faro ka silefera le ka kgauta, mme a kgethisa setjhaba ho ya kamoo Faro a neng a laetse hore se ntshe lekgetho kateng. A pepeta setjhaba sa naha eo silefera le kgauta, ho ya kamoo motho ka mong a lekanyeditsweng kateng, hore e tle e newe Faro Neko. 36Jehoyakime o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Sebuda, moradi wa Pedaya, ya tswang motseng wa Ruma. 37Jehoyakime a etsa bobe mahlong a Morena, ka ho etsa tsohle tseo bo-ntataemoholo ba neng ba di etse.

Currently Selected:

2 DIKGOSI 23: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy