YouVersion Logo
Search Icon

2 BAKORINTHE 8

8
Ho fana ka matsoho a mabedi
1Bana beso, re le tsebisa mohau wa Modimo o neilweng dikereke tsa Masedonia. 2Di bile hara teko e matla ya matshwenyeho, empa ka baka la thabo ya tsona e kgaphatsehang, di ile tsa fana ka matsoho a mabedi, leha di futsanehile hakaalo. 3Ke paka hore di ile tsa fana ho ya kamoo di nang le hona kateng; e, le ho feta kamoo di nang le hona kateng, mme e le ka boithaopo. 4Di re qopheletse hore di dumellwe ho kenya letsoho thusong ya badumedi. 5Ka thato ya Modimo, di ile tsa ikabela Modimo pele, tsa nto ikabela le rona, le ho feta kamoo re neng re lebeletse kateng. 6Re bile ra rapela Tite, ya qadileng mosebetsi ona wa mohau, hore a o phethe ho lona. 7Jwalokaha le atetswe ke tsohle: tumelo, bokgeleke, tsebo, mafolofolo wohle, le lerato la lona ho rona, le ke le atlehe haholo le ketsong ena ya mohau.
8Ha ke rialo ka ho le laela, empa e le ho leka ho fumana bonnete ba lerato la lona ka mafolofolo a ba bang. 9Le tseba kamoo Morena wa rona Jesu Kreste a bileng mohau kateng; leha e ne e le morui, o ile a iketsa mofutsana ka baka la lona, hore ka bofutsana ba hae le tle le be barui.
10Jwale ke le nea maikutlo a ka tabeng ena: Ho molemo ho lona hore seo le se qadileng ngwahola, ka ho rata, le se qetele. 11Tswelang pele jwale, le phethe mosebetsi; le thahaselle ho o phetha ka tseo le nang le tsona, jwalokaha le thahaseletse ho o rera. 12Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.
13Taba hase hore le thuse ba bang ka ho ipea tsietsing, empa ke hore ho lekanwe. 14Nakong ya jwale nala ya lona e ba thusa bohloking ba bona, hore le nala ya bona e tle e le thuse bohloking ba lona. Ka tsela ena ho tla lekanwa, 15jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:
“Ya bokeletseng haholo
ha a a ka a sallwa ke letho,
mme ya bokeletseng hanyenyane
ha a a ka a haellwa ke letho.”
Tite le balekane ba hae
16A re leboheng Modimo ya kentseng mafolofolo a jwalo pelong ya Tite, ka baka la lona, 17hobane o amohetse kopo ya rona, o bile o ithaopile ka mafolofolo a maholo ho tla ho lona. 18Re mo romile le ngwanabo rona eo botumo ba hae tabeng tsa molaetsa o molemo bo tsejwang ke dikereke tsohle. 19Ho feta moo, o bile o kgethilwe ke dikereke hore a tsamaye le rona mosebetsing ona wa mohau oo re o etsetsang tlotliso ya Morena, ho bontsha thahasello ya rona. 20Re ntse re leka ho phema hore ho se be ya ka nyatsang tshebediso ya rona ya dithusohadi tsena, 21hobane re pheella tse molemo, e seng pela Morena feela, empa le pela batho.
22Re romile baromuwa mmoho le ngwanabo rona, eo hangata re fumaneng a le mafolofolo nthong tse ngata; eo jwale a leng mafolofolo haholo, kaha a le tshepa haholo. 23Tite ke molekane wa ka eo re le sebeletsang mmoho le yena; ha e le bana babo rona ke baromuwa ba dikereke, ho tlotlisa Kreste. 24Ka baka leo, ba bontsheng lerato la lona, le hore re ithorisa ka lona ka nepo, dikerekeng tsohle.

Currently Selected:

2 BAKORINTHE 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy