YouVersion Logo
Search Icon

2 BAKORINTHE 6

6
1Jwale rona, re le ba sebetsang mmoho le Modimo, re a le rapela hore mohau wa Modimo le se ke la o amohella lefeela. 2Modimo o re:
“Ka nako ya mohau
ke ile ka o araba,
ka letsatsi la ho pholoswa
ke ile ka o thusa.”
Ke eo jwale nako ya mohau; ke leo he letsatsi la pholoho.
3Hore mosebetsi wa rona o se ke wa nyediswa, ha re ke be re kgopise motho ka letho. 4Empa dinthong tsohle re itshupa hore re basebeletsi ba Modimo, ka ho ba le tiisetso e kgolo matshwenyehong, ditsietsing, ditlallong, 5ditjhapong, ditjhankaneng, meferefereng, mesebetsing e boima, ho hloka boroko, tlaleng, 6ka bohlweki, ka tsebo, ka mamello, ka mosa, ka Moya o Halalelang, ka lerato le se nang boikaketsi, 7ka dipolelo tsa nnete, ka matla a Modimo, ka dihlomo tsa ho loka ka letsohong le letona le ka ho le letshehadi, 8leha re tlotliswa kapa re tlontlollwa, leha re buuwa hampe kapa re buuwa hantle. Re nkwa re le bathetsi, empa re bua nnete; 9re le ba sa tsejweng, empa re tsejwa hantle; re le ba shwang, empa bonang re a phela; re le ba kgalemelwang ka ho shapuwa, empa re sa bolawe; 10re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle.
11Bakorinthe, re buile le lona phatlalatsa, re le buletse dipelo tsa rona. 12Rona re le rata ka pelo yohle, athe dipelong tsa lona lerato ha le yo. 13Ke re: Re buleleng dipelo tsa lona, kgalapa di buseletsane. Ke bua jwaloka ntata ha a bua le bana ba hae.
Re tempele ya Modimo ya phelang
14Le se ke la kgema le ba sa dumeleng. Ho loka le ho se loke di ka kgotsana jwang? Lesedi le ka kopana jwang le lefifi? 15Na Kreste a ka dumellana le Beleare? Kapa ke eng eo modumedi a ka e kopanelang le ya sa dumeleng? 16Ana tempele ya Modimo e ka dumellana ka eng le medimo ya bohata? Rona re tempele ya Modimo ya phelang, jwalokaha Modimo a itse:
“Ke tla aha,
mme ke phele hara bona,
ke be Modimo wa bona,
bona e be setjhaba sa ka.
17Ka baka leo, tswang hara bona,
le ikarohanye le bona,
le se ke la ama
letho le silafetseng,
mme ke tla le amohela.
18Ke tla ba ntata lona,
mme le tla ba bara le baradi ba ka,”
ho rialo Morena ya matla wohle.

Currently Selected:

2 BAKORINTHE 6: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy