YouVersion Logo
Search Icon

2 BAKORINTHE 13

13
Dikeletso tsa ho qetela le ditumediso
1Lena e tla ba lekgetlo la boraro ke le etela. Taba efe kapa efe e tla tiiswa ka bopaki ba batho ba babedi kapa ba bararo. 2Ba entseng sebe ka nako e fetileng, le ba bang bohle, ke ne ke ba bolelle mohla ketelo ya ka ya bobedi, mme le kajeno ke sa ba bolella hape ke eso tle, hore mohla ke tlang hape, ha ke na ho qenehela motho, 3kaha le batla bopaki ba hore Kreste o bua ka nna. Yena ha a le fokolle, empa o matla hara lona. 4Ke nnete, bofokoding ba hae, o ile a thakgiswa, empa, ka matla a Modimo, o a phela. Le rona re fokola jwaloka Kreste, empa, ka matla a Modimo, re tla phela le yena, ho le sebeletsa.
5Itekoleng, mme le itlhahlobe, le tle le fumane hore na le phela ka tumelo. Ha ke re, le a tseba hore Kreste Jesu o teng ho lona, haese haeba le le ba sa amoheleheng? 6Ke a tshepa, le a tseba hore rona re amohelehile. 7Jwale re le rapella ho Modimo hore le sesefe bobe bohle, e se hore rona re bonahale re le ba amohelehileng, empa e le hore lona le etse botle, leha e ka rona ha re a amoheleha. 8Re sitwa ho lwantsha nnete, empa seo re nang le sona feela ke matla a ho e sebeletsa. 9Re thabile ha rona re fokola, empa lona le le matla. Hape, seo re se rapellang ke hore le phethehe. 10Ka baka leo, ke le ngolla tsena ke eso tle, e le hore ha ke se ke tlile, ke se ke ka le hlekefetsa, ho ya ka matla ao Morena a mphileng wona, e leng a ho haha, e seng a ho heletsa.
11Jwale, bana beso, ke qetela ka ho re: Thabang, phethahalang, kgothalang, ebang le maikutlo a le mang, le phele ka kgotso, mme Modimo wa lerato, le wa kgotso, o tla ba le lona.
12Dumedisanang ka kako e halalelang. Badumedi bohle ba a le dumedisa.
13Mohau wa Morena Jesu Kreste, le lerato la Modimo, le phedisano le Moya o Halalelang di ke di be le lona bohle.

Currently Selected:

2 BAKORINTHE 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy