YouVersion Logo
Search Icon

2 BAKORINTHE 12

12
Tse hlollang tse bonweng ke Paulosi
1Ke tlameha ho ithorisa, leha ho sa thuse letho, mme ke fetela diponong le ho tseo Morena a ntshenoletseng tsona. 2Ke tseba motho wa Mokreste, eo ho seng ho fetile dilemo tse leshome le metso e mene a kile a nkelwa lehodimong la boraro. Le haeba e ne e le ka mmele kapa e se ka mmele, ha ke tsebe; ho tseba Modimo. 3Ke tseba hore motho eo, le haeba e ne e le ka mmele, kapa e se ka mmele, ha ke tsebe, ho tseba Modimo, 4o kile a nkelwa paradeising, a utlwa mantswe a ke keng a buuwa, ao motho a sa dumellwang ho a bolela. 5Ke tla ithorisa ka motho eo, empa nke ke ka ithorisa ka bonna, haese ka bofokodi ba ka. 6Leha nka rata ho ithorisa, ke tla be ke se sethoto, hobane ke tla be ke bua nnete. Empa ha ke etse jwalo, esere e mong a nkuka ke feta seo a se bonang ho nna, kapa a se utlwang ka nna.
7Hore ke se tshohe ke ikgantsha ka baka la boholo ba tseo ke di senolotsweng, ke hlabilwe ka moutlwa mmeleng, e leng moromuwa wa Satane, hore a nne a ntjabele, esere ka ikgantsha. 8Ke rapetse Morena hararo hore ntho ena e tlohe ho nna, 9empa a re ho nna: “Mohau wa ka o o lekane, hobane matla a ka a phethahala ka ba fokolang.” Ha ho le jwalo, ke tla ithorisa ka bofokodi ba ka ka thabo e kgolo, hore matla a Kreste a tle a be ho nna. 10Ka baka leo, ke thabela bofokodi, mahlapa, ditsietsi, ditlhoriso, le mahlomola, ka baka la Kreste, hobane ha ke fokola, eba ke hona ha ke le matla.
Ngongoreho ya Paulosi ka Kereke ya Korinthe
11Ke fetohile sethoto, hobane ke lona ba ntlamileng ho ba jwalo. Ke ne ke lokela ho pakwa ke lona, etswe leha ke se letho, baapostolahadi bao ha ba mphete ka letho. 12Tse bonahatsang hore ke moapostola wa nnete di entswe hara lona ka mamello yohle: ke mehlolo, dimakatso, le diketso tse matla. 13Ebe dikereke tse ding di le fetile kang, haese feela hore nna ha ke a ka ka le kgoka? Ntshwareleng phoso eo. 14Bonang, lena ke kgetlo la boraro leo ka lona ke itokisetsang ho tla ho lona, mme ha ke na ho le kgoka, hobane ha ke batle tsa lona, ke batla lona. Hase bana ba fepang batswadi, ke batswadi ba fepang bana. 15Ke tla thabela ho sebedisa tsa ka le ho sebediswa ka baka la lona. Na ha ke le rata haholo, le tla nthata hanyenyane? 16Leha ho ka ba jwalo, ha ke a le imetsa ka letho. Empa motho a ka re, kaha ke le masene, ke le qhekeletse ka mano. 17Na nkile ka le qhekanyetsa ka e mong wa bao ke ba romileng ho lona? 18Ke kopile Tite, mme ka mo roma le ngwanabo rona e mong. Na Tite o le qhekanyeditse? Na ha re a ka ra sebetsa ka moya o le mong, ra tsamaya mohlaleng o le mong?
19Na haesale le ntse le nahana hore re batla ho itshireletsa mahlong a lona? Re bua pela Modimo re le ba Kreste, mme, baratuwa, tsohle di etsetswa ho le matlafatsa. 20Ke a tshaba, esere ha ke fihla, ka le fumana le se kamoo ke lakatsang kateng, le lona la mphumana ke se kamoo le lakatsang kateng, mme mohlomong ho ena le diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diketseletso, ditshebo, boikgohomoso, le meferefere. 21Hape, esere ha ke fihla, Modimo wa ka a nkokobetsa hara lona, ka tla ka llela ba bangata ba ileng ba etsa sebe ka nako e fetileng, empa ba eso bakele ditshila, le bohlola, le diketso tse manyala tseo ba di entseng.

Currently Selected:

2 BAKORINTHE 12: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy