YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKETSAHALO 9

9
Mofumahadi wa Sheba o etela Solomone
(1 Dikg. 10:1-13)
1Ha mofumahadi wa Sheba a utlwa botumo ba Solomone, a tla Jerusalema ho nonya Solomone ka dipotso tse thata. O ne a ena le phiphitha ya balatedi; ho ena le dikamele tse belesitsweng dinoko, le kgauta e ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha a fihla ho Solomone a mmotsa dipotso tsohle tseo a neng a ena le tsona. 2Solomone a araba dipotso tsohle tsa hae, ha se ke ha eba letho le mo thatafallang. 3Ha mofumahadi wa Sheba a se a bone bohlale ba Solomone, a bone le ntlo eo a e hahileng, 4le dijo tseo a di jang, le moo matona a hae a dulang teng, le moo basebeletsi ba hae ba emang teng, le diaparo tsa bona, le baqhatsetsi ba hae, le diaparo tsa bona, le dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena, a kgathala matla.
5Yaba mofumahadi wa Sheba o re: “Ruri seo ke ileng ka se utlwa ha ke le naheng ya ka, malebana le diketso tsa hao, le bohlale ba hao, ke nnete! 6Ke ne ke sa kgolwe, ho fihlela ke etla mona, ke ipontsha ka mahlo a ka. Ruri ba mpoleletse dinyane feela tsa boholo ba bohlale ba hao, hobane wena o feta botumo boo ke bo boleletsweng. 7Batho ba hao ba a ithaba; bahlanka bana ba hao, ba o sebeletsang kamehla, ba utlwang bohlale ba hao, le bona ba a ithaba. 8Ho bokwe Morena Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena, mme a o bea teroneng, hore o buse ka lebitso la Morena Modimo wa hao. Kahobane Modimo wa hao o ratile Baiseraele, mme o ratile hore ba tsitse kamehla yohle, o o entse kgosi ya bona, hore o ba ahlolele hantle, ka toka.”
9Yaba o nea kgosi kgauta eo boima ba yona bo fetang dikilo tse dikete tse nne, le dinoko tse ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha ho a ka ha hlola ho eba le dinoko tse kang tseo mofumahadi wa Sheba a neng a di fe Solomone.
10Bahlanka ba Hurame le bahlanka ba Solomone ba neng ba ile ba tlisa kgauta e tswang Ofire, ba tlisa le thepa e ngata ya difate tsa alemaka le mahakwe a bohlokwa. 11Ka difate tsena tsa alemaka kgosi ya etsa mehato e nyolohelang ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi; ya etsa le diharepa le dikatara tsa dibini. Naheng yohle ya Juda ho ne ho eso ka ho bonwa tse jwalo.
12Kgosi Solomone a fa mofumahadi wa Sheba tsohle tseo a neng a di lakatsa, le tsohle tseo a ileng a di kopa. A mo fa dimpho tse fetang tseo mofumahadi a ileng a mo tlisetsa tsona. Yaba mofumahadi wa Sheba o kgutlela naheng ya hae, a ena le bahlanka ba hae.
Matlotlo a kgosi Solomone
(1 Dikg. 10:14-25)
13Ka selemo se seng le se seng kgosi Solomone a fumana kgauta e ka etsang dikilo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro, 14ntle ho eo a neng a e fumana ka lekgetho le lefiswang bahwebi le barekisi. Dikgosi tsohle tsa Arabia, le babusi ba ditereke, le bona ba tlisetsa Solomone kgauta le silefera.
15Kgosi Solomone a etsa dithebe tse makgolo a mabedi ka kgauta e thutsweng, mme thebe e nngwe le e nngwe ya etswa ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse supileng. 16A boela a etsa dithejana tse makgolo a mararo ka kgauta e thutsweng, mme thejana e nngwe le e nngwe ya etswa ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse tharo. Yaba kgosi e di bea ka tlung e bitswang Moru wa Lebanone.
17Hape kgosi ya etsa terone e kgolo, e entsweng ka manaka a tlou, mme ya e maneha kgauta e hlwekisitsweng. 18Terone ena e ne e ena le mehato e tsheletseng, e bile e ena le sedulwana sa maoto se entsweng ka kgauta; tsena di ne di bopeletswe teroneng. Ka lehlakoreng le leng le le leng la sedulwana ho ne ho ena le letsoho la ho itshetleha, mme pela matsoho ao ho ena le ditshwantsho tsa ditau tse pedi. 19Ka lehlakoreng le leng le le leng la mehato ena e tsheletseng, ho ne ho ena le setshwantsho sa tau, kaofela e le ditshwantsho tsa ditau tse leshome le metso e mmedi. Ho ne ho eso be mmuso le o mong o kileng wa eba le terone e tjena.
20Dinwelo tsohle tsa kgosi di ne di entswe ka kgauta, le thepa yohle ya ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e entswe ka kgauta e hlwekisitsweng. Ho ne ho se tse entsweng ka silefera, hobane mehleng ya Solomone silefera e ne e sa tadingwe e le letho. 21Dikepe tsa kgosi di ne di eya Tarashishe, di kgannwa ke bahlanka ba Hurame. Hanngwe kamora dilemo tse tharo, sehlopha sa dikepe tsena tsa Tarashishe, se ne se ye se tle, se tlise kgauta, le silefera, le manaka a ditlou, le dikgabo, le dipikoko. 22Ka mokgwa ona, kgosi Solomone a feta dikgosi tsohle tsa lefatshe ka matlotlo le ka bohlale.
23Dikgosi tsohle tsa lefatshe tsa tla ho Solomone, ho tla utlwa bohlale ba hae, boo Modimo a mo fileng bona. 24Motho ka mong a mo tlisetsa dimpho tsa hae, dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le dimmeile. Hona ho ne ho etsahala ka selemo le selemo.
Solomone o hweba ka dipere le ka dikariki
(1 Dikg. 10:26-29)
25Solomone o ne a ena le ditala tse dikete tse nne tsa dipere le tsa dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba palamang ba dikete tse leshome le metso e mmedi, bao a ileng a ba bea metseng ya dikariki tsa ntwa, le Jerusalema, ho kgosi. 26A busa dikgosi tsohle, ho tloha nokeng ya Euferatese ho ya fihla naheng ya Bafilesita le meeding ya Egepeta. 27Kgosi ya etsa hore motseng wa Jerusalema silefera e be ngata jwaloka majwe, le difate tsa dikedare di be ngata jwaloka difate tsa monokotshwai tse diphuleng. 28Ba tlisetsa Solomone dipere tse tswang Egepeta le dinaheng tsohle.
Lefu la Solomone
(1 Dikg. 11:41-43)
29Diketso tsohle tsa Solomone, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Nathane, le Bukeng ya Moprofeta Ahiya ya tswang Shilo, le Bukeng ya Dipono tsa Moporofeta Ido e buang ka Jeroboame, mora wa Nebate. 30Solomone a busa naha yohle ya Iseraele ka dilemo tse mashome a mane, a le Jerusalema. 31Solomone a shwa, a epelwa Motseng wa Davida, ntatae, mme Rehoboame, mora wa hae, a mo hlahlama.

Currently Selected:

2 DIKETSAHALO 9: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy