YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKETSAHALO 22

22
Puso ya Akasiya, kgosi ya Juda
(2 Dikg. 8:25-29; 9:21-28)
1Baahi ba Jerusalema ba bea Akasiya, mora wa Jehorame wa lethopo, hore e be kgosi, a hlahlame ntatae. Lebothwana le hlaselang, le neng le tlile le Maarabia, le ne le ile la bolaya bara bohle ba baholo ba Jehorame. Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a busa.
2Akasiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, ha a qala ho busa, mme a busa ka selemo se le seng feela, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Ataleya, setloholo sa Omeri.
3Le yena a tsamaya mehlaleng ya lelapa la Akabe, hobane mmae o ne a mo kgothaletsa ho etsa bokgopo. 4A etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa, hobane kamora lefu la ntatae, ba lelapa la Akabe ba ile ba mo kgothaletsa ho etsa bobe bo ileng ba mo isa timelong.
5A latela dikeletso tsa bona. Bo-kgosi Akasiya, le kgosi Jorame, mora wa Akabe, kgosi ya Iseraele, ba ya lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame, a le Rama e Gileade, mme Baarame ba ntsha Jorame kotsi. 6Kgosi Jorame a kgutlela Jesereele, ho ya okwa maqeba ao a a ntshitsweng ha a le Rama, ha a ne a lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame.
Jwale Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a theohela Jesereele ho ya hlwela Jorame, mora wa Akabe, hobane o ne a kula.
7Ke ka thato ya Modimo hore leeto lena la Akasiya, la ho tjhakela Jorame, e be sesosa sa ho wa ha Akasiya. Yare a sa le moo, ba tsamaya le Jorame ho ya bona Jehu, mora wa Nimeshi, eo Morena a neng a mo tlotseditse ho timetsa lelapa la Akabe. 8Ha Jehu a ntse a phethahatsa kahlolo ho ba lelapa la Akabe, a fumana mahosana a setjhaba sa Juda, le bara ba bana babo Akasiya, ba neng ba sebeletsa Akasiya, mme a ba bolaya. 9Jwale ba tsoma Akasiya ya neng a ipatile Samaria. Ba mo tshwara, ba mo isa ho Jehu. Hoba ba mmolaye, ba mo epela, hobane ba ne ba re: “Ke mora wa Jehoshafate ya neng a sebeletsa Morena ka pelo ya hae yohle.” Ka baka leo, ha se ke ha hlola ho eba le ya mong wa lelapa la Akasiya ya neng a ka busa.
Ataleya o bolaya ba lelapa la kgosi ya Juda
(2 Dikg. 11:1-3)
10Ha Ataleya, mma Akasiya, a bona hore mora wa hae o shwele, a tsamaya, a ya bolaya bana bohle ba lelapa la kgosi ya setjhaba sa Juda. 11Empa Jehosabada, moradi wa kgosi Jehorame, a nka Jowashe, mora wa Akasiya, a mo ntsha hara bara ba kgosi ba neng ba lokela ho bolawa. A mo pata hammoho le mohodisi wa hae kamoo ho bolokwang diphate kateng. Kahoo Jehosabada, moradi wa kgosi Jehorame, kgaitsedi ya Akasiya, mohatsa moprista Jehoyada, a mo patela Ataleya, mme Ataleya a se ke a mmolaya. 12Ka dilemo tse tsheletseng, ha Ataleya a ntse a busa naha eo, Jehosabada a pata Jowashe ka Tempeleng ya Modimo.

Currently Selected:

2 DIKETSAHALO 22: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy