YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKETSAHALO 21

21
1Jehoshafate a shwa, mme a epelwa ho bo-ntatae, Motseng wa Davida. Jehorame, mora wa hae, a mo hlahlama.
Puso ya Jehorame, kgosi ya Juda
(2 Dikg. 8:17-24)
2Bana babo Jehorame, e leng bara ba Jehoshafate, e ne e le Asariya, le Jeiele, le Sekariya, le Asariyahu, le Mikaele, le Shefatiya. Bana kaofela e ne e le bara ba Jehoshafate, kgosi ya Iseraele. 3Ntata bona a ba fa dimpho tse ngata tsa silefera, le tsa kgauta, le tse ding tsa bohlokwa; a ba fa le metse e haheleditsweng e naheng ya Juda, empa mmuso wona a o nea Jehorame, hobane e ne e le yena letsibolo la hae.
4Ha Jehorame a se a entswe kgosi, ho hlahlama ntatae, a imatlafatsa, a bolaya bana babo kaofela ka sabole, le mahosana a mang a Iseraele.
5Jehorame o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse robedi a le Jerusalema. 6A tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa, hobane o ne a nyetse moradi wa Akabe. A etsa bobe mahlong a Morena. 7Leha ho le jwalo, Morena a se ke a timetsa ba lelapa la Davida, hobane o ne a ile a etsa selekane le yena, a mo tshepisa hore yena le ditloholo tsa hae ba tla busa kamehla.
8Ka nako eo Jehorame a neng a busa ka yona, Baedomo ba mo fetohela, ba itokolla pusong ya Juda, ba ikgethela kgosi. 9Yaba bo-Jehorame le mahosana ba ba futuhela ka dikariki tsa hae tsa ntwa. A tsoha hara bosiu, a ena le balaodi ba dikariki tsa ntwa, a phunyeletsa theko ya Baedomo. 10Haesale Baedomo ba itokolla pusong ya setjhaba sa Juda, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.
Ka yona nako eo, motse wa Lebena le wona wa fetohela Juda, hobane Jehorame a ne a ile a furalla Morena Modimo wa bo-ntatae. 11Jehorame a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona dithabeng tsa Juda, a ba a etsa hore baahi ba Jerusalema ba sebeletse medimo ya bohata, a kgelosa setjhaba sa Juda.
12Jwale Jehorame a amohela lengolo le tswang ho moporofeta Elia, le reng: “Morena Modimo wa Davida, ntataomoholo, o bua tjena: ‘Ha o a ka wa tsamaya mehlaleng ya Jehoshafate, ntatao, le mehlaleng ya Asa, kgosi ya Juda. 13O tsamaile mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele, mme o entse hore setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema ba sebeletse medimo ya bohata, jwaloka ba lelapa la Akabe. O bile o bolaile bana beno, ba lelapa la ntatao, ba neng ba lokile ho o feta. 14Ka baka leo, Morena o tla otla setjhaba sa hao, le bana ba hao, le basadi ba hao, le dintho tsohle tsa hao ka lefu la sewa se seholo. 15Wena o tla tshwarwa ke lefu le bohloko la letshollo, ho fihlela mala a hao a horometseha, ka baka la ho tsholla ka letsatsi le leng le le leng.’ ”
16Hape Morena a etsa hore Bafilesita, le Maarabia a neng a ahelane le Bakushe, ba hloye Jehorame. 17Ba futuhela naha ya Juda, ba e hlola. Ba hapa thepa yohle e neng e le ka tlung ya kgosi, ba thopa le bara ba kgosi, le basadi ba yona, hoo Jehorame a sa kang a sallwa ke mora leha a le mong, ha e se Jehowakase, mora wa hae wa lethopo.
18Kamora tsena, Morena a etsa hore Jehorame a jewe ke mala a sa phekoleheng. 19Ha nako e ntse e eya, kamora lemo tse pedi, mala a hae a horometseha, mme a shwa habohloko. Setjhaba sa hae sa se ke sa mmesetsa mollo wa bofifi, jwalokaha se ne se etsetse bo-ntatae.
20Jehorame o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse robedi a le Jerusalema. A shwa setjhaba se se se sa mo rate. Leha ho le jwalo, sa mo epela Motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a dikgosi.

Currently Selected:

2 DIKETSAHALO 21: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy