YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKETSAHALO 17

17
Puso ya Jehoshafate, kgosi ya Juda
1Jehoshafate, mora wa Asa, a hlahlama ntatae, mme a imatlafatsa, hore a se ke a futuhelwa ke Iseraele. 2A bea mabotho a hae metseng yohle e haheleditsweng e naheng ya Juda. A hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Juda le metseng ya naha ya ba morabe wa Efraime, eo Asa, ntatae, a neng a ile a e hapa.
3Morena a ba le Jehoshafate, hobane a ne a ile a tsamaya mehlaleng ya pele ya Davida, ntatae-moholo, a se ke a sebeletsa bo-Baale, 4a mpa a sebeletsa Modimo wa ntatae, a boloka ditaelo tsa hae, a se ke a etsisa Baiseraele. 5Ka baka leo, Morena a tsitsisa mmuso wa hae. Bohle ba setjhaba sa Juda ba tlisetsa Jehoshafate dimpho, mme a rua haholo, a tlotleha. 6A ba motlotlo ho sebeletsa Morena. A ba a fedisa le dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a tlosa le ditshwantsho tsa Ashera naheng ya Juda.
7Ka selemo sa boraro sa puso ya hae, a romela mahosana a hae, e leng Bene-Haile, le Obadiya, le Sekariya, le Netanele, le Mmikiya, ho ya ruta metseng ya Juda. 8A ba romela ba ena le Balevi bana: Shemaya, le Netaniya, le Sebadiya, le Asaele, le Shemiramote, le Jehonathane, le Adoniya, le Tobiya, le Tobe-Adoniya, le baprista Eleshama le Jehorame. 9Ba ruta hohle naheng ya Juda, ba nkile Buka ya Molao wa Morena. Ba ya metseng yohle ya Juda ba ntse ba ruta setjhaba.
Botumo ba Jehoshafate
10Morena a kenya mebuso yohle e potapotileng naha ya Juda letswalo, hoo e sa kang ya lwantsha Jehoshafate. 11Ba bang ba Bafilesita ba tlisetsa Jehoshafate dimpho, ba mo thella ka silefera. Maarabia a mo thella ka mehlape ya dipheleu tse dikete tse supileng le makgolo a supileng, le diphooko tse dikete tse supileng le makgolo a supileng.
12Jehoshafate a nna a matlafala haholo. A haha diqhobosheane le metse eo ho bolokwang dijo le dihlomo ho yona, naheng ya Juda. 13A ba le dibaka tse ngata tsa polokelo metseng ya Juda. Jerusalema teng o ne a ena le bahlabani ba bahale. 14Palo ya bahlabani bana, ho ya ka malapa abo bona, ke ena: Ho ba morabe wa Juda, Adena e ne e le mookamedi wa balaodi ba ba sekete; a okametse bahale ba dikete tse makgolo a mararo. 15E mong e ne e le Jehohanane, eo e neng e le molaodi wa bahale ba dikete tse makgolo a mabedi le mashome a robedi; 16e mong e le Amasiya, mora wa Sikeri, ya ileng a ithaopela ho sebeletsa Morena. E ne e le molaodi wa bahale ba dikete tse makgolo a mabedi. 17Ho ba morabe wa Benjamine e ne e le Eleada wa mohale, ya neng a laola bahlabani ba dikete tse makgolo a mabedi, ba hlomelang ka dithebe le ka diqha. 18E mong e ne e le Jehosabada, ya neng a laola bahlabani ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi, ba malala-a-laotswe. 19Banna bana bohle ba ne ba sebeletsa kgosi, ntle ho bao kgosi e neng e ba beile metseng e haheleditsweng e neng e le naheng yohle ya Juda.

Currently Selected:

2 DIKETSAHALO 17: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy