YouVersion Logo
Search Icon

2 DIKETSAHALO 14

14
1Abiya a shwa mme a epelwa Motseng wa Davida. Asa, mora wa hae, a mo hlahlama. Mehleng ya hae naha ya eba le kgotso ka dilemo tse leshome.
Puso ya Asa kgosi ya Juda
2Asa a etsa tse molemo le tse lokileng mahlong a Morena Modimo wa hae. 3A heletsa dialetare tsa medimo ya bohata, a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla le difika tseo ba di kgumamelang, a thua le ditshwantsho tsa Ashera. 4A laela setjhaba sa Juda hore se sebeletse Morena Modimo wa bo-ntata sona, le hore se boloke melao ya hae le ditaelo tsa hae. 5Metseng yohle ya Juda a fedisa dibaka tsohle tseo ho neng ho rapellwa medimo ya bohata ho tsona, a fedisa le dialetare tseo ho neng ho tjhesetswa mokubetso ho tsona, mme mmuso wa eba le kgotso.
6A haha metse naheng ya Juda, mme a e haheletsa. Naha e ne e ena le kgotso, dilemong tseo ho se na dintwa, hobane Morena o ne a mo neile boiketlo.
7Yaba Asa o re ho setjhaba sa Juda: “A re haheng metse ena, re e haheletse ka marako, re e etsetse ditora, le dikgoro, le mekwallo, naha ena e sa ntsane e buswa ke rona. Re sebeleditse Morena Modimo wa rona; re mo sebeleditse, mme yena o re neile kgotso kahohle.” Ba haha metse eo, mme ba atleha.
8Asa o ne a ena le lebotho la bahlabani ba dikete tse makgolo a mararo, ba tswang naheng ya Juda, ba neng ba hlometse ka dithebe le marumo, le ba dikete tse makgolo a robedi, ba tswang naheng ya Benjamine, ba neng ba hlometse ka dithebe le diqha. Bahlabani bana kaofela e ne e le bahale.
9Sera wa Mokushe a ba futuhela ka lebotho la bahlabani ba mileone, le ka dikariki tsa ntwa tse makgolo a mararo, a ba a ya fihla Maresha. 10Asa a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, ditheko tsa tadimana di le ka kgohlong ya Sefata, haufi le Maresha.
11Yaba Asa o ipiletsa ho Morena Modimo wa hae, o re: “Morena, ke ntho e nyenyane ho wena ho thusetsa ya fokolang ho ya matla. Re thuse Morena Modimo wa rona, hobane re o tshepile. Re futuhela lebothohadi lena ka lebitso la hao. Oho, Morena, o Modimo wa rona, ho se be motho ya ka o hlolang.”
12Jwale Morena a etsa hore Bakushe ba hlolwe ke bo-Asa le bahlabani ba Juda. Bakushe ba baleha. 13Asa le bahlabani ba hae ba ba phaladisa ho ya fihla Gerare, mme Bakushe ba hlolwa hoo ba ileng ba sitwa le ho boya sekwele. Ba hlolwa ke Morena le lebotho la hae. Bahlabani ba Juda ba hapa haholo. 14Ba timetsa metse yohle e potapotileng Gerare, hobane Morena o ne a ile a kenya baahi ba yona letswalo. Ba hapa dintho tsohle metseng eo, etswe metse eo e ne e ena le dintho tse ngata. 15Ba futuhela badisana ba mehlape ya dikgomo. Ba futuhela le metebo, ba hapa dikgutshwane, le dikamele tse ngata, yaba ba kgutlela Jerusalema.

Currently Selected:

2 DIKETSAHALO 14: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy