YouVersion Logo
Search Icon

1 TIMOTHEA 5

5
Ditshwanelo ho ba bang
1O se ke wa kgarumela motho e moholo ho wena, empa o ipiletse ho yena jwaloka hoja ke ntatao. Tadima ba batjha e le baena ba hao, 2basadi ba hodileng o ba tadime e le bo-mmao, basadi ba batjha e le dikgaitsedi tsa hao, ka bohlweki bohle.
3Hlompha bahlolohadi ba se nang le moneketsela. 4Empa ha mohlolohadi a ena le bana kapa ditloholo, e be bona ba qalang ho ithuta ho phetha ditshwanelo lapeng labo bona, le ho buseletsa batswadi dithuso tsa bona. Hona ho kgahlisa Modimo. 5Athe mohlolohadi ya se nang le moneketsela, ya setseng a nnotsi, o tshepile Modimo feela, o tiisetsa ho mo kopa le ho mo rapela bosiu le motsheare. 6Empa mohlolohadi ya iphelelang menyakeng, o shwele a ntse a tsamaya. 7Ba laele tsena, e le hore ba tle ba hloke kodi. 8Haeba motho a sa baballe ba habo, haholoholo ba phelang lapeng la hae, o lahlile tumelo, mme o mobe le ho feta eo e seng modumedi.
9Lenaneng la bahlolohadi ho se ngolwe ya katlasa dilemo tse mashome a tsheletseng, le hona e be ya ileng a nyalwa hanngwe feela. 10Hape e be ya pakwang ke mesebetsi ya hae e metle, e kang ho hodisa bana hantle, ho amohela baeti, ho hlatswa badumedi maoto, ho thusa ba tsietsing, esita le ho nna a etsa mesebetsi yohle e molemo.
11Bahlolohadi ba sa leng batjha bona o ba hane, hobane ha ditakatso tsa bona di ba furallisa Kreste, ba tla rata ho nyalwa hape. 12Ha ba ka etsa jwalo, ba tla lokelwa ke kahlolo, kaha ba lahlile boitlamo ba bona ba pele. 13Hape ba ka itlwaetsa ho se sebetse letho le ho tjhalaka le malapa; e seng feela ho se sebetse letho, empa ho shwahla le ho itshunyaka hohle ditabeng tsa ba bang, le ho bua tse sa lokelang. 14Ka hona nka rata ha bahlolohadi ba sa leng batjha, ba ka nyalwa hape, e le hore ba be le bana, ba tsamaise malapa a bona hantle, ba tle ba se ke ba fa mohanyetsi monyetla wa ho bua hampe. 15Bahlolohadi ba bang ba se ba ile ba lahleha ka ho sala Satane morao.
16Ha ho ena le modumedi wa mosadi ya amanang le bahlolohadi, a ba thuse, kereke e tle e se ke ya imetswa, mme e tsebe ho thusa bahlolohadi ba se nang le moneketsela.
17Baholo ba busang kereke hantle ba lokela ho fuwa moputso wa hlompho e kgolo, haholoholo ba sebetsang ka thata ho phatlalatsa lentswe le ho ruta. 18Mangolo a re: “E polang ha e tlangwe molomo.” Hape a re: “Ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae.” 19Se amohele qoso e qosang moholo, haese ka bopaki ba batho ba babedi kapa ba bararo. 20Ba entseng sebe o ba kgalemele mahlong a bohle, e le hore ba bang bohle ba tle ba tshabe.
21Ka Modimo, le ka Kreste Jesu, le ka mangeloi a kgethilweng, ke ipiletsa ho wena, ke re: Tsena o di boloke o se na leeme, o sa ye ka tshobotsi.
22O se ke wa potlakela ho bea mang kapa mang matsoho; o se ke wa ba le kabelo dibeng tsa ba bang, mme o ipoloke o hlwekile.
23Kgaotsa ho nwa metsi feela, o mpe o nwe le veinenyana ka baka la mala a hao, le ka baka la ho kula hangata.
24Dibe tsa batho ba bang di pepeneneng, di ba etella pele ho ya kahlolong; athe tsa ba bang di hlahela hamorao. 25Ka mokgwa o jwalo le mesebetsi e metle e pepeneneng; athe le e seng jwalo e ke ke ya nna ya pateha.

Currently Selected:

1 TIMOTHEA 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy