YouVersion Logo
Search Icon

1 BATHESALONIKA 1

1
Tumediso
1Nna Paulosi, le Silefanose, le Timothea, re dumedisa kereke ya Bathesalonika, eo e leng ya Modimo Ntate le ya Morena Jesu Kreste, re re: Mohau le kgotso di ke di be le lona.
Tumelo le mohlala wa Bathesalonika
2Kamehla re leboha Modimo ka baka la lona bohle, mme ha re phetse ho le hopola dithapelong tsa rona. 3Pela Modimo, Ntata rona, re hopola mesebetsi ya tumelo ya lona, le boiteko ba lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena wa rona Jesu Kreste.
4Re tseba le hore, lona bana babo rona, ba ratwang ke Modimo, le kgethilwe ke yena, 5hobane molaetsa o molemo wa rona ha o a ka wa tla ho lona ka dipolelo feela, empa o tlile le ka matla le ka Moya o Halalelang, le ka ho kgodiseha haholo. Ke seo re bileng sona hara lona ho le thusa, jwalokaha le tseba. 6Lona le ile la fetoha baetsisi ba rona le ba Morena, mme hara matshwenyeho a mangata la amohela lentswe la hae ka thabo e tswang ho Moya o Halalelang. 7Kahoo le fetohile mohlala ho badumedi bohle ba Masedonia le ba Akaya. 8Ho tloha ha habo lona, lentswe la Morena ha le a ka la tuma Masedonia le Akaya feela, empa botumo ba tumelo ya lona ho Modimo bo ile ba fihla dibakeng tsohle, hoo re seng re sa hloke ho bua ka taba eo. 9Bohle ba boledisa kamoo lona le re amohetseng hantle kateng, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo kateng. Le ile la lahla medimo ya bohata, e le hore le tle le sebeletse Modimo ya phelang, wa nnete, 10mme le lebelle Mora wa hae ya tla tswa lehodimong, Jesu eo a mo tsositeseng bafung, yena ya tla re phemisa kgalefo e tlang.

Currently Selected:

1 BATHESALONIKA 1: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy