YouVersion Logo
Search Icon

1 SAMUELE 8

8
Setjhaba se kopa ho ba le kgosi
1Ha Samuele a se a tsofetse, a bea bara ba hae hore e be baahlodi ba Baiseraele. 2Lebitso la mora wa hae wa matsibolo e ne e le Joele, lebitso la mora wa hae wa bobedi e le Abiya. E ne e le baahlodi ba Beeresheba. 3Bara ba hae ba se ke ba latela mehlala ya hae, ba kgeloha, ba batla maruo ka bolotsana; ba amohela tjotjo, ba sokamisa toka.
4Jwale baholo bohle ba Baiseraele ba bokana, ba tla ho Samuele a le Rama. 5Ba re ho yena: “Bona, o tsofetse, mme bara ba hao ha ba latele mehlala ya hao. Jwale he, re kgethele kgosi e tla re busa jwaloka ditjhaba tsohle.”
Modimo o ananela kopo ya setjhaba
6Empa ntho ena ya se ke ya thabisa Samuele, ha ba re: “Re nee kgosi e tla re busa.” Yaba Samuele o rapela Morena. 7Morena a re ho Samuele: “O mamele tsohle tseo setjhaba se di buang ho wena, hobane hase wena eo se mo lahlang; se mpa se lahla nna, hore ke se ke ka se busa. 8Ho ya ka diketso tsohle tsa sona, tseo se di entseng ho tloha mohla ke se ntshang Egepeta, ho fihlela kajeno, se ntahlile, sa sebeletsa medimo e meng; jwale le wena se o etsa jwalo. 9Ka baka leo, mamela tseo se di buang. Empa o se eletse o se o tiile, e sa le pele, o se bolelle mokgwa oo kgosi e tla se busa ka wona.”
Mokgwa oo kgosi e tla busa ka wona
10Samuele a phetela setjhaba se mo kopileng kgosi mantswe wohle a Morena. 11A re ho sona: “Ona e tla ba mokgwa oo kgosi e tla le busa ka wona: Kgosi e tla nka bara ba lona, e ba kgethele ho ba bahlabani ba yona ba dikariki tsa ntwa le ba dipere, mme ba tla matha kapele ho dikariki tsa yona tsa ntwa. 12E tla ikgethela bona hore e be balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba mashome a mahlano; le ho lema masimo a yona, le ho a kotula; le ho e etsetsa dihlomo tsa ntwa, le dihlomo tsa dikariki tsa yona tsa ntwa. 13E tla nka baradi ba lona hore ba e etsetse sente e monko o monate, ba e phehele, ba e bakele bohobe. 14E tla nka masimo a lona a matle ka ho fetisisa a morara, le a mohlwaare, e a nee bahlanka ba yona. 15E tla nka karolo e le nngwe ho tse leshome tsa koro ya lona le tsa morara wa lona, e e nee balaodi ba yona le bahlanka ba yona. 16E tla nka bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le ditonki tsa lona tse ntle ka ho fetisisa, mme tsena tsohle e di sebedise. 17Kgosi e tla nka karolo e le nngwe ho tse leshome tsa mehlape ya lona ya dikgutshwane, mme lona le tla ba bahlanka ba yona. 18Mohla letsatsi leo le fihlang, le tla ipelaetsa haholo ka baka la kgosi ya lona, eo le e kgethileng, empa mohla letsatsi leo Morena ha a na ho le araba.”
19Setjhaba sa hana ho mamela lentswe la Samuele, sa re: “Tjhe, re batla ho ba le kgosi e re busang, 20e le hore le rona re be jwaloka ditjhaba tsohle, kgosi ya rona e re buse, e re etelle pele, e re lwanele dintweng tsa rona.”
21Samuele a mamela dipuo tsohle tsa setjhaba, mme a di bolella Morena. 22Morena a re ho Samuele: “Mamela dipolelo tsa sona, o se kgethele kgosi.”
Samuele a re ho banna ba Iseraele: “Monna e mong le e mong a tsamaye, a kgutlele motseng wa habo.”

Currently Selected:

1 SAMUELE 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy