YouVersion Logo
Search Icon

1 SAMUELE 26

26
Davida o hauhela Saule hape
1Basife ba fihla Gibea, ho Saule, ba re: “Davida o ipatile leralleng la Hakila, le pela lehwatata.”
2Saule a tsamaya, a theohela lehwatateng la Sife, a ena le banna ba dikete tse tharo ba mokgetho wa Baiseraele, ho ya batla Davida lehwatateng la Sife. 3Saule a hloma hodima leralla la Hakila, le pela tsela, lehwatateng. Davida o ne a ntse a le lehwatateng, mme a bona hore Saule o ntse a mo setse morao ho ya fihla lehwatateng leo. 4Davida a romela dihlwela, mme tsa mmolella hore ke nnete, Saule o teng.
5Davida a tsamaya, a ya fihla moo Saule a hlommeng teng. Davida a bona moo bo-Saule, le Abinere mora wa Nere, eo e neng e le molaodi wa mabotho a Saule, ba robetseng teng. Dikariki tsa ntwa di ne di entse sakanalankope, Saule a robetse kahara lona, mme bahlabani ba hlomme ho potapota Saule.
6Jwale Davida a botsa Ahimeleke wa Mohete, le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe, a re: “Ke mang ya tla theohela le nna diahelong tsa Saule?”
Yaba Abishai o re: “Ke tla theohela le wena.”
7Jwale bo-Davida le Abishai ba fihla ho bahlabani ba Saule bosiu, mme ba bona Saule a robetse kahara sakanalankope le entsweng ka dikariki tsa ntwa, lerumo la hae le hlonngwe fatshe pela hlooho ya hae, bo-Abinere le bahlabani ba robetse ba mo potapotile.
8Yaba Abishai o re ho Davida: “Kajeno Modimo o neelane ka sera sa hao matsohong a hao; ka baka lena, ke a o rapela: Ntumelle ke mo hlabelle fatshe ka lerumo hanngwe feela, mme a ke ke a hlola a kunya.”
9Empa Davida a re ho Abishai: “O se ke wa mmolaya! Ke mang ya ka phahamisetsang motlotsuwa wa Morena letsoho, yaba ha a fumanwe a le molato?” 10Davida a boela a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o se ke wa leka! Ke Morena ya tla mmolaya. Nako ya ho shwa ha hae e tla fihla, kapa o tla bolaelwa ntweng. 11Morena a mpe a nthibele, ke se ke ka phahamisetsa motlotsuwa wa hae letsoho. Jwale ke a o rapela: Nka lerumo le pela hlooho ya hae, le lekuka la metsi, re tsamaye.”
12Ka mokgwa o jwalo Davida a nka lerumo le lekuka la metsi le pela hlooho ya Saule, yaba ba a tsamaya. Ha se ke ha eba le motho le ya mong ya ileng a bona, kapa a tseba se etsahetseng, kapa ya kileng a phaphama. Bohle ba ne ba kgalehile, hobane Morena o ne a ba isitse le sephume sa boroko.
Davida o soma Abinere
13Jwale Davida a tshelela ka nqane, a hlwella hodima leralla le hojana, ho ena le sebaka se seholo pakeng tsa hae le Saule. 14Davida a howeletsa bahlabani ba Saule, le Abinere, mora wa Nere, a re: “Ha o arabele keng, Abinere?”
Abinere a arabela, a re: “O mang wena, o howeletsang kgosi?”
15Davida a re ho Abinere: “Na o mohale? Ke mang ya kang wena moo naheng ee ya Iseraele? Jwale ke ka baka lang o sa sireletsang monga hao, e leng kgosi? Motho o sa tswa tloha mono diahelong tsa lona, a ilo bolaya kgosi, e leng monga hao. 16Ntho ena eo o e entseng e mpe! Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le lokelwa ke lefu, hobane ha le a ka la sireletsa monga lona, e leng motlotsuwa wa Morena. Bona mona! Lerumo la kgosi le kae? Kuka la hae lona le kae?”
Saule o ipona molato
17Saule a tseba lentswe la Davida, yaba o re: “Davida, mora wa ka, na leo ke lentswe la hao?”
Davida a re: “Ke lentswe la ka, monga ka, kgosi ya ka.” 18Davida a boela a re: “Ke ka baka lang, monga ka, ha o ntso phaladisa mohlanka wa hao? Ke entseng? Kapa ke na le morero ofe o mobe? 19Ka baka leo, ke a o rapela, monga ka, kgosi ya ka, ako mamele mantswe a mohlanka wa hao. Haebe ke Morena ya o susumeditseng hore o ntwantshe, ha a mpe a amohele nyehelo. Empa haeba ke batho, ba ke ba rohakehe mahlong a Morena, hobane kajeno ba ntelekile naheng eo e leng ya Morena, ba re: ‘Tsamaya, o yo sebeletsa medimo e meng.’ 20Ka baka lena, o se ke wa etsa hore madi a ka a tsholohele naheng esele, hole le Morena, hobane kgosi ya Iseraele e tlilo batla letsetse jwalokaha motho a tsoma kgwale hara dithaba.”
21Yaba Saule o re: “Ke entse sebe; kgutla Davida, mora wa ka; ha ke sa tla hlola ke o etsa letho, hobane ka letsatsi lena bophelo ba ka e bile ntho ya bohlokwa mahlong a hao. Ke a bona hore ke sebeditse ka bothoto, mme ke entse phoso e kgolo.”
22Davida a araba, a re: “Bona lerumo la kgosi! Romela e mong wa bahlankana a tlo le lata. 23Morena o putsa bohle ba lokileng, ba tshepahalang. Kajeno lena Morena o ne a neelane ka wena matsohong a ka, empa ha ke a ka ka phahamisetsa motlotsuwa wa Morena letsoho. 24Jwalokaha kajeno ke ile ka o qenehela, le nna Morena a ke a nqenehele, a nnamolele matshwenyehong ana wohle.”
25Yaba Saule o re ho Davida: “Davida, mora wa ka, o ke o hlohonolofale! Ke hona o sa tla etsa dikgolo, mme o tla atleha.”
Davida a ikela ka tsela ya hae, le Saule a kgutlela ha hae.

Currently Selected:

1 SAMUELE 26: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy