YouVersion Logo
Search Icon

1 SAMUELE 25

25
Ho shwa ha Samuele
1Samuele a shwa. Baiseraele bohle ba phutheha, ba mo llela, ba mo epela motseng wa habo wa Rama. Kamora moo Davida a tsamaya, a theohela lehwatateng la Parane.
Ditaba tsa Nabale le Abikaele
2Ho ne ho ena le monna e mong Maone, eo motebo wa hae o neng o le Karamele. Monna eo o ne a ruile haholo, a ena le dinku tse dikete tse tharo, le dipodi tse sekete. O ne a le teng Karamele, ha ho ntse ho kutwa dinku tsa hae. 3Lebitso la monna eo e ne e le Nabale, la mosadi wa hae e le Abikaele. Mosadi eo o ne a le bohlale, a bile a le motle, empa monna wa hae o ne a le lekgonatha, le diketso tsa hae di le mpe. E ne e le wa ntlo ya Kalebe.
4Ha Davida a le lehwatateng, a utlwa hore Nabale o ntse a kuta dinku tsa hae. 5Yaba Davida o roma bahlankana ba leshome, mme a re ho bahlankana bao: “Nyolohelang Karamele, le ye ho Nabale, le ntumedisetse yena. 6Le tle le re ho yena: ‘Helele! Kgotso e be le wena, kgotso e be le ba ntlo ya hao, mme kgotso e be le tsohle tseo o nang le tsona!
7“ ‘Ke utlwile hore o na le bakuti; jwale badisa bao, bao o nang le bona, re ne re emela le bona. Ha re a ka ra ba etsa hampe, ebile le ka nako yohle, ha ba ntse ba le Karamele, ha ba a ka ba utswetswa letho. 8Botsa bahlankana bao ba hao, mme ba tla o bolella. Ka baka lena, ako hauhele bahlankana bana, hobane re tlile ka letsatsi la mokete. Ke a o rapela: Ako ba fe eng kapa eng eo o nang le yona, o be o fe le mora wa hao Davida.’ ”
9Bahlankana ba Davida ba fela ba fihla, ba bua le Nabale ba le lebitsong la Davida, ba mmolella tsohle tseo a di buileng, yaba ba a kgutsa.
10Nabale a araba bahlanka ba Davida, a re: “Davida ke mang? Mora wa Jese yena ke mang? Mehleng ena ho na le bahlanka ba bangata, ba thobelang beng ba bona. 11Jwale le re ke nke bohobe ba ka, le metsi a ka, le nama ya ka, eo ke e hlabetseng bakuti ba ka, ke di nee batho bao ke sa tsebeng le moo ba tswang teng?”
12Yaba bahlankana ba Davida ba kgutlela hae, ba fihla ba mmolella tsohle tseo Nabale a di buileng. 13Davida a re ho banna ba hae: “Hlomelang ka disabole tsa lona!” Yaba monna ka mong o hlomela ka sabole ya hae; Davida le yena a hlomela ka sabole ya hae. Banna ba makgolo a mane ba nyoloha ba latetse Davida; ba makgolo a mabedi bona ba sala ba lebetse thoto.
14Empa e mong wa bahlankana a bolella Abikaele, mohatsa Nabele, a re: “Hela! Davida o ne a romme maqosa a tswang lehwatateng, ho tlisa ditumediso ho monga rona, empa monga rona a a kgobola. 15Banna bao ba ne ba le molemo haholo ho rona, mme ha ba a ka ba re etsa hampe; esita le ka nako yohle ha re ntse re emela le bona, ha ho letho leo re kileng ra le utswetswa. 16Ka nako yohle ha re ntse re emela le bona, ba ne ba re sireletsa motsheare le bosiu. 17Ka baka leo, imamelle hore na o tla etsa jwang hobane monga rona, le bohle ba lelapa la hae, ba reretswe bobe. Monga rona ke motho ya kgopo hoo ho seng motho eo a ka mo mamelang.”
18Yaba Abikaele o a potlaka, o nka dinkgwa tse makgolo a mabedi, le makuka a mabedi a veine, le nama e phehilweng ya dinku tse hlano, le dikilo tse leshome le metso e supileng tsa koro e hadikilweng, le masihla a lekgolo a morara wa mangangajane, le maqebekwane a makgolo a mabedi a mangangajane a feiye, o di bofa ditonking. 19A re ho bahlanka ba hae: “Tswelang pele, nna ke tla le sala morao.” Empa a se ke a bolella Nabale, monna wa hae.
20Ha a ntse a palame tonki, a theosa kgohlo ya thaba, a bona Davida le banna ba hae ba theohela ho yena, mme a kopana le bona. 21Davida o ne a qeta ho re: “Ruri ke sebeleditse ntata selala ka ho baballa tsohle tseo monna enwa a neng a ena le tsona kwana lehwatateng, hoo a sa kang a lahlehelwa ke letho la tsohle tsa maruo a hae. Jwale o mputsitse ka bobe. 22Haeba letsatsi le ka tjhaba ke siile monna leha a le mong wa banna bohle ba hae, Modimo a nkotle jwaloka dira tsa Davida, le ho feta.”
23Eitse ha Abikaele a bona Davida, a potlaka, a tholoha tonki ya hae, a itihela kapele ho Davida ka sefahleho, a isa hlompho ho yena. 24A itihela maotong a Davida, a re: “Monga ka, molato ona e mpe e be wa ka. Ke a o rapela: Ere lekgabunyane la hao le ke le bue le wena, mme o ke o le mamele. 25Ke a o rapela, monga ka, o se ke wa tsotella Nabale eno ya kgopo, hobane bitsolebe ke seromo. Lebitso la hae ke Nabale, mme le yena o kgopo. Empa nna, lekgabunyane la hao, ha ke a ka ka bona bahlankana bao monga ka a neng a ba romme.
26“Jwale he, monga ka, Morena o o thibetse ho tsholla madi, le ho hlatsa bohale ba hao, ka ho iphetetsa ka letsoho la hao. Ka baka leo, ke hlapanya ka Modimo ya phelang, le ka wena, hore dira tsa hao, le ba o lakaletsang bobe ba tla ba jwaloka Nabale. 27Jwale mpho ena, eo lekgabunyane la hao le o tliseditseng yona, e ke e newe bahlankana ba tsamayang le wena, monga ka. 28Ke a o rapela: Ako tshwarele lekgabunyane la hao ditshito tsa lona, hobane ruri Morena o tla hlomamisa lelapa la hao le tiye, ka baka la dintwa tsa Morena tseo o mo lwanetseng tsona. Ka matsatsi wohle a ho phela ha hao e se eka o ke ke wa hlahelwa ke bobe. 29Ha motho a o sokela, a batla ho o bolaya, bophelo ba hao bo tla sireletswa ke Morena Modimo wa hao. Empa bophelo ba dira tsa hao bo tla lahlelwa hole, jwalokaha eka bo betswa ka letjeketjane. 30Ha Morena a se a phethile tsohle tse molemo, tseo a o tshepisitseng tsona, a se a bile a o entse mmusi wa Iseraele, 31o ke ke wa itshwabela, kapa wa tshwenyeha pelong, ka ho re o ile wa tsholla madi ntle ho lebaka, kapa wa iphetetsa ka bowena. Ha Morena a se a o atlehisitse, o tle o mpe o hopole lekgabunyane la hao.”
32Davida a re ho Abikaele: “Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya ileng a o romela ho nna letsatsing lena. 33Ho bokwe keletso ya hao, le wena o bokwe ka ho nthibela tsatsing lena hore ke se ke ka tsholla madi, le hore ke se ke ka iphetetsa ka letsoho la ka. 34Ke hlapanya ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, ya nthibetseng hore ke se ke ka o ntsha kotsi, hore hoja wa se ke wa potlaka wa nkgahlanyetsa, ruri e ne etlare pele le tjhaba ho be ho se na monna le ya mong wa ba Nabale ya ntseng a phela.”
35Davida a amohela tseo Abikaele a neng a mo tliseditse tsona, a re ho yena: “Kgutlela ha hao ka kgotso; bona, ke mametse dipolelo tsa hao, mme ke amohetse kopo ya hao.”
Lefu la Nabale
36Ha Abikaele a fihla ho Nabale, a fumane ho nowa, e le mokete o kang wa kgosi. Nabale o ne a nyakaletse, hobane o ne a tahilwe haholo. Ka baka leo, Abikaele a se ke a mmolella letho ho fihlela ka le hlahlamang. 37Ka le hlahlamang, ha Nabale a hlaphohetswe, mosadi wa hae a mo phetela tsohle. Nabale a taboha letswalo, a ya le maidiidi. 38Kamora matsatsi a leshome, Morena a otla Nabale, mme Nabale a shwa.
39Ha Davida a utlwa hore Nabale o shwele, a re: “A ho bokwe Morena, ya pheteditseng tlhapa eo Nabale a ntlhapaotseng ka yona, ya ileng a thibela mohlanka wa hae hore a se ke a etsa bobe, ya entseng le hore Nabale a jewe ke bokgopo ba hae.”
Yaba Davida o bua le Abikaele ka tsa ho mo nyala.
Davida o nyala Abikaele
40Bahlanka ba Davida ba fihla ho Abikaele a le Karamele, ba re ho yena: “Davida o re rometse ho wena, hore re tlo o lata, o yo ba mosadi wa hae.”
41Abikaele a ema, a sheba fatshe, a re: “Bonang, nna ke lekgabunyane la hae, mme nka hlatswa le maoto a bahlanka ba hae.” 42Abikaele a ema ka potlako, a palama tonki, makgabunyane a hae a mahlano a tsamaya le yena; yaba ba latela baromuwa ba Davida, mme Abikaele ya eba mosadi wa Davida. 43Davida a nka le Ahinoame wa Jesereele, bobedi ba bona ya eba basadi ba hae. 44Saule o ne a ile a nka moradi wa hae Mikale, mohatsa Davida, a mo nea Paleti, mora wa Laishe, ya neng a ahile Galeme.

Currently Selected:

1 SAMUELE 25: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy