YouVersion Logo
Search Icon

1 SAMUELE 2

2
Sefela sa Anna
1Anna a rapela, mme a re:
“Pelo ya ka
e nyakalletse Morena,
ke tsoha molota ka ba ka la Morena;
molomo wa ka
o tseba ho soma dira tsa ka,
hobane ke nyakaladitswe
ke topollo ya hao.
2“Ha ho ya halalelang
jwaloka Morena,
hobane ha ho e mong
kantle ho wena,
ha ho mosireletsi
ya kang Modimo wa rona.
3“Kgaotsang dipuo
tsa boikgohomoso,
boikalatiso bo se tswe
melomong ya lona,
hobane Morena
ke Modimo ya tsebang tsohle,
diketso tsohle di ahlolwa ke yena.
4“Diqha tsa bahale ba dinatla
di robehile,
ba kgothometsehileng
ba boetse ba matlafaditswe.
5Ba neng ba kgora,
ba sebeletsa bohobe,
ba neng ba lapa ba a kgora;
e, nyopa e tswetse bana ba supile,
ya belehileng haholo
o setse a itlhophere.
6“Morena o a bolaya,
o bile o a phedisa;
o theolela Nqalong ya bafu,
a ba nyolle teng hape.
7Morena o a futsanehisa,
o bile o a ruisa,
o a kokobetsa,
o bile o a phahamisa,
8Mafutsana o a nyolla a le leroleng,
bahloki o ba nyolla ba le moraheng,
o ba dudisa mmoho le mahosana,
terone ya tlotla e be lefa la bona;
hoba tshiya tsa lefatshe
ke tsa Morena,
o theile lefatshe hodima tsona.
9O tataisa maoto a bahalaledi ba hae,
athe ba kgopo ba tla timella lefifing,
hobane motho
ha a hlole ka matla a hae.
10Dira tsa Morena
di tla tamukanngwa,
ha Radiphahama
a thwathwaretsa a le lehodimong;
Morena o tla ahlola batho bohle,
a matlafatse kgosi ya hae,
a tsose Motlotsuwa wa hae,
a mo tsose molota!”
11Elekana a kgutlela Rama, tlung ya hae, mme moshanyana a sala a sebeletsa Morena, kapele ho moprista Eli.
Bokgopo ba bara ba Eli
12Bara ba Eli e ne e le banna ba kgopo, ba sa tsotelleng Morena, 13kapa moetlo o laolang tshebedisano ya baprista le setjhaba. Ha motho ofe kapa ofe a nyehela ka sehlabelo, mohlanka wa moprista o ne a ye a tle a nkile fereko e meno a mararo, ha nama e ntse e phehilwe. 14Mohlanka eo a hlabe ka yona ka paneng, kapa ka ketleleng, kapa ka sejaneng, kapa ka pitseng. Nama yohle eo fereko e tlang e e hlabile e ne e ye e nkwe ke moprista. Ba ne ba ye ba etse jwalo ho Baiseraele bohle ba neng ba etla moo Shilo. 15E, le pele ba tjhesa mafura, mohlanka wa moprista o ne a ye a tle, a re ho monna ya etsang sehlabelo: “Fana ka nama e tla besetswa moprista, hobane ho wena a ke ke a nka nama e phehilweng, haese e tala feela.”
16Haeba monna eo a ka re ho mohlanka: “Ako ba tlohele ba tjhese mafura pele, ebe jwale wena o nka kamoo o ratang kateng,” mohlanka wa moprista o ne a ye a re: “Tjhe, mphe yona hona jwale, ho seng jwalo ke tla inkela yona ka dikgoka.”
17Sebe sa bahlankana bana se ne se le seholo haholo mahlong a Morena, hobane bara bao ba Eli ba ne ba hlompholla dinyehelo tsa Morena.
18Empa Samuele a sebeletsa Morena, ho tloha boshanyaneng ba hae. O ne a itlama ka setipe se entsweng ka lesela la lene. 19Ka selemo se seng le se seng mmae o ne a ye a mo etsetse kojwana, a mo tlisetse yona ha a nyoloha le monna wa hae ho tla nyehela ka sehlabelo sa selemo se seng le se seng. 20Eli o ne a ye a hlohonolofatse Elekana le mosadi wa hae, mme a re: “Morena a fe mosadi enwa bana ka baka la mpho eo a e etseditseng Morena.” Ebe ba ya lapeng ha bona. 21Ruri Morena a hopola Anna, a emola, a beleha bara ba bararo le baradi ba babedi. Moshanyana Samuele yena a holela kapele ho Morena.
22Eli o ne a se a tsofetse haholo. A utlwa tsohle tseo bara ba hae ba neng ba ye ba di etse ho Baiseraele bohle, le kamoo ba neng ba ye ba robale le basadi ba sebeletsang monyakong wa Tente ya Morena kateng. 23Eli a re ho bona: “Ke hobaneng ha le etsa dintho tse tjee? Setjhaba sena sohle se mpolella diketso tsa lona tse mpe. 24Wee, bana ba ka, ditaba tseo ke utlwang setjhaba sa Morena se di phatlalatsa hohle, ha di ntle ho hang. 25Ha motho a sitelwa motho e mong, Modimo o tla mo ahlola, empa haeba motho a ka sitelwa Morena, ke mang ya tla mmuella?” Leha ho le jwalo ba se ke ba mamela ntata bona, hobane Morena o ne a rerile ho ba bolaya.
26Moshanyana Samuele a nna a hola, mme a nna a rateha ho Morena le ho batho.
27Moporofeta wa Modimo a tla ho Eli, mme a re ho yena: “Morena o bua tjena: ‘Na ha ke a ka ka iponahatsa lapeng leno, ha bo-ntatao ba sa le Egepeta, le le makgoba tlung ya Faro? 28Na ha ke a ka ka kgetha ntatao hara merabe yohle ya Iseraele hore e be moprista wa ka, a nyolohele aletareng ya ka ho ya tjhesa mokubetso, le ho apara setipe kapele ho nna? Na ha ke a ka ka abela lelapa leno dinyehelo tsohle tsa setjheso tsa bana ba Iseraele? 29Jwale ke ka baka lang ha o hlompholla sehlabelo sa ka, le nyehelo ya ka, eo ke laetseng hore e etswe ka leahong la ka; ebe o tlotla bara ba hao ho mpheta, hore o inontshe ka tse monatenate tsa dinyehelo tsohle tsa Baiseraele, e leng setjhaba sa ka?’
30“Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle.’ Empa jwale Morena o re: ‘Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa. 31Bona, matsatsi a a tla ao ka wona ke tla kgaola letsoho la hao, le letsoho la ntlo ya ntatao, hoo ho ke keng ha hlola ho eba le leqheku lapeng la hao. 32Ka leahong la ka o tla bona moprista e motjha, e moholo; o bone le tsohle tse molemo, tseo a tla di etsetsa Iseraele, empa ho ke ke ha hlola ho eba le leqheku lapeng la hao kamehla yohle. 33Feela hase banna bohle ba lelapa la hao bao ke tla ba tlosa aletareng ya ka, ho o llisa, le ho o utlwisa bohloko, empa ditloholo tsohle tsa hao di tla shwa e sa le bahlankana.
34“ ‘Se tla etsahala ho bara ba hao ba babedi, e leng Hofeni le Finease, e tla ba pontsho ho wena: Bobedi ba bona ba tla shwa ka letsatsi le le leng. 35Ke tla ikgethela moprista ya tshepahalang, ya tla etsa se ka pelong ya ka le ka moyeng wa ka. Ke tla tiisa lelapa la hae, mme le tla sebeletsa kapele ho motlotsuwa wa ka kamehla yohle. 36E mong le e mong wa lelapa la hao ya tla sala, o tla kgumama kapele ho yena, a kope tjheletana kapa sengwathwana sa bohobe, a re: “Ke a o rapela: Ako nkgethe ke be e mong wa baprista, ke tle ke fumane thathana ya bohobe, ke je.” ’ ”

Currently Selected:

1 SAMUELE 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy