YouVersion Logo
Search Icon

1 SAMUELE 10

10
Saule o tlotswa hore e be kgosi
1Samuele a nka lenaka la ole, a e tshela hloohong ya Saule, a mo aka, a re: “Morena o o tlotsa ka ole hore o be kgosi ya setjhaba sa hae. O tla busa setjhaba sa hae, e leng Baiseraele, mme o se namolele ho dira tsa sona tse se potapotileng. Hona e tla ba pontsho ya hore Morena o o tlotsitse ho ba kgosi ya setjhaba sa hae. 2Kajeno, ha o tloha mona ho nna, o tla fumana banna ba babedi pela lebitla la Ragele, naheng ya Benjamine, mane Selesa. Banna bao ba tla re ho wena: ‘Ditonki tseo o neng o ilo di batla di fumanwe. Ntatao ha a sa tsoteletse ditonki tseo, o se a tshwenyehile ka baka la hao, mme o re: “Mora wa ka ke tla mo fumana jwang?” ’
3“Ha o tloha moo o tswele pele, mme o tla fihla sefateng sa eike se Tabore. Teng o tla kopana le banna ba bararo, ba nyolohelang Bethele, ho ya kgumamela Modimo. E mong o tla be a nkile dipotsanyane tse tharo, e mong a nkile dinkgwa tse tharo, e mong a nkile lekuka la veine. 4Ba tla o dumedisa, ba o nee dinkgwa tse pedi, tseo o tla di nka matsohong a bona.
5“Kamora moo o tla fihla Leralleng la Modimo, moo ho nang le lebotho la Bafilesita. Etlare ha o se o fihlile motseng o kopane le sehlopha sa baporofeta ba theohang aletareng e leralleng, ba eteletswe pele ke dikatara, le meropa, le makodilo, le diharepa, mme ba tla be ba ntse ba porofeta. 6Moya wa Morena o tla theohela hodima hao ka matla, mme le wena o tla porofeta jwaloka bona, o fetohe motho e mong osele. 7Ha dipontsho tsena di phethahala, o etse seo o bonang se lokela, hobane Morena o na le wena.
8“O tla theohela Gilegale o nketeletse pele; le nna ke tla theohela ho wena, ho tla etsa dinyehelo tsa setjheso, le ho etsa mahlabelo a dinyehelo tsa teboho. O tla nkemela ka matsatsi a supileng, ho fihlela ke fihla ho wena, mme ke tla o tsebisa seo o tla se etsa.”
Dipontsho di a phethahatswa
9Ha Saule a furalla Samuele, a tsamaya, Modimo a nea Saule botho bo botjha. Ka lona letsatsi leo, dipontsho tseo tsohle tsa phethahala. 10Ha ba fihla leralleng, ba bona sehlopha sa baporofeta se etla ho yena. Moya wa Morena wa theohela hodima Saule ka matla, mme le yena a porofeta a le hara bona. 11Ha bohle ba mo tsebileng pele ba mmona a porofeta le baporofeta, batho ba botsana, ba re: “Ke eng ee e etsahalang ho mora wa Kishe? Na Saule le yena ke moporofeta?”
12Monna e mong wa hona moo a re: “Ntata bona ke mang?” Ka baka leo, ha eba le maele a reng: “Na Saule le yena ke moporofeta?” 13Ha Saule a qetile ho porofeta, a ya aletareng e leralleng.
14Rangwana Saule a re ho yena le ho mohlanka wa hae: “Le ne le ile kae?”
Saule a re ho yena: “Re ne re ilo batla ditonki, mme ha re bona re sa di fumane ra ya ho Samuele.”
15Rangwana Saule a re: “Ke a o kopa: Ako mpolelle seo Samuele a ileng a se bua ho wena.”
16Saule a re ho rangwanae: “O ile a re bolella hantle hore ditonki di fumanwe.” Empa ha a a ka a mmolella letho ka taba ya mmuso, eo Samuele a e buileng ho yena.
Saule o kgethwa ho ba kgosi
17Samuele a memela Morena setjhaba, mane Misepa. 18A re ho bana ba Iseraele: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke nyolotse Baiseraele Egepeta, ka ba namolela, matsohong a Baegepeta, le matsohong a mebuso yohle e neng e le hateletse.’ 19Empa kajeno lona le furaletse Modimo wa lona, e leng yena ya ileng a le pholosa bomadimabeng bohle ba lona, le matshwenyehong wohle a lona. Le itse ho yena: ‘Tjhe, re kgethele kgosi.’ Ka baka leo, itlhahiseng kapele ho Morena, ka merabe yohle ya lona, le ka malapa abo lona.”
20Yaba Samuele o atametsa merabe yohle ya Iseraele, mme ha kgethwa morabe wa Benjamine. 21Morabe wa Benjamine wa atametswa ka malapa a wona, mme ha kgethwa lelapa la morabe wa Matiri. Jwale ha atametswa banna ba lelapa la Matiri ka bomong, mme ha kgethwa Saule, mora wa Kishe. Ba mmatla, empa ba se ke ba mo fumana. 22Ka baka leo, ba boela ba botsa Morena: “Na ho na le monna e mong ya tlileng moo?”
Morena a araba, a re: “Ke enwa, o ipatile hara thoto.”
23Ba matha, ba mo lata hona moo. A ema hara setjhaba, a le molelele, a phahametse batho bohle ka mahetla. 24Samuele a re ho setjhaba sohle: “Na le mmone ya kgethilweng ke Morena? Le hore ha ho le ya mong ya tshwanang le yena hara setjhaba sohle?”
Setjhaba sohle sa howeletsa, sa re: “Kgosi e ke e re phelele!”
25Samuele a hlalosetsa setjhaba ditokelo tsa kgosi, le mesebetsi ya yona, mme tsena tsohle a di ngola bukeng, a e bea kapele ho Morena. Samuele a qhala setjhaba sohle, motho e mong le e mong a ikela ha hae.
26Saule le yena a ya ha hae, Gibea, mme bahlabani bao Morena a neng a ba kentse moyeng ba tsamaya le yena. 27Empa banna ba bang ba kgopo ba re: “Motho eo o tla re namolela jwang?” Ba mo nyedisa, mme ba se ke ba mo nea dimpho. Empa Saule a ikgaohanela.

Currently Selected:

1 SAMUELE 10: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy