YouVersion Logo
Search Icon

1 PETROSE 5

5
Ho alosa mohlape wa Modimo
1Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, nna ke le e mong wa bona, ke bile ke le paki ya mahloko a Kreste, ke ena le kabelo tlotleng ya hae e tlang ho bonahatswa. 2Alosang mohlape wa Modimo o bodiseng ba lona. Le o hlokomele ka boithaopo, ka mokgwa o ratwang ke Modimo, e seng ka ho qobellwa; e be ka lerato, e seng ka ho ipatlela maruo ka mano. 3Ba beilweng tlhokomelong ya lona, le se ke la ba busa ka thata, le mpe le be mohlala ho mohlape wa lona. 4Etlare mohla Modisa wa badisa a iponahatsang, le tla amohela mofapahlooho wa tlotla, o sa senyeheng.
5Ka mokgwa o jwalo, lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. Lona bohle, ebang le maikutlo a boikokobetso, le ikokobetse e mong ho e mong, hobane:
“Modimo o lwantsha
ba ikgohomosang,
athe baikobobetsi
o a ba hauhela.”
6Jwale le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, e le hore a tle a le phahamise ka nako e lokelang. 7Ditsietsi tsohle tsa lona le di rolele ho yena, hobane ke yena ya le baballang.
8Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang. 9Itwaneleng le tiile tumelong; tsebang hore mahloko a tshwanang le a lona a ntse a hlahela bana babo lona bohle, lefatsheng lohle.
10Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha. 11Ho yena e ke e be matla kamehla yohle. A ho be jwalo!
Ditumediso tsa ho qetela
12Ke le ngoletse hakgutshwanyane ka thuso ya Silefanose, eo ke mo tadimang e le ngwanabo rona ya tshepahalang, ho le kgothatsa le ho paka hore mohau ona ke wona wa nnete, wa Modimo. Tiisetsang ho wona.
13Kereke e Babilona, e kgethilweng jwaloka lona, e a le dumedisa; le yena Mareka, ngwana ka, o a dumedisa. 14Dumedisanang ka kako e halalelang.
Kgotso e ke e be le lona bohle ba leng ho Kreste.

Currently Selected:

1 PETROSE 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy