YouVersion Logo
Search Icon

1 PETROSE 4

4
Baabi ba kgabane ba mohau wa Modimo
1Erekaha Kreste a ile a mamella mahloko mmeleng, le lona imatlafatseng ka maikutlo a tshwanang le a hae, hobane ya mameletseng mahloko mmeleng o kgaohane le sebe, 2e le hore ditshiung tse mo saletseng lefatsheng a se hlole a phelela ditakatso tsa botho, empa a phelele thato ya Modimo. 3Le bile le nako e lekaneng le ntse le phetha tse ratwang ke bahedene, ka ho phela ka bokgopo, ditakatso tse mpe, botahwa, botlofa dijong le dinong, le ka ditshebeletso tsa medimo ya bohata, tse sa dumeleheng. 4Ba a makala, ebile ba a le nyefola, ha le se le sa kgeme le bona bophelong boo bo hlaha ka ho fetisisa. 5Ba tla ikarabella ho ya seng a loketse ho ahlola ba phelang le ba shweleng. 6Ke kahoo le bona bafu ba ileng ba phatlalletswa molaetsa o molemo, e le hore, leha ka nqeng ya botho ba se ba ahlotswe jwaloka batho bohle, ka nqeng ya moya ba tle ba phelele Modimo.
7Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela. 8Ho feta tsohle le ratane ka lerato le mofuthu, hobane lerato le tlosa dibe tse ngata. 9E mong le e mong a amohele baeti a sa kganane. 10Ka ho ya ka neo eo a e filweng ke Modimo, motho ka mong a ke a sebeletse ba bang jwaloka moabi ya kgabane wa mohau wa Modimo, o iponahatsang ka mekgwa e mengata. 11Ya buang a bue tsa Modimo; ya sebeletsang a sebeletse ka matla ao a a filweng ke Modimo; e le hore Modimo a tle a tlotliswe dinthong tsohle ka Jesu Kreste, eo tlotla le matla e leng tsa hae kamehla le mehla. A ho be jwalo!
Ho hlokofatswa jwaloka Kreste
12Baratuwa, le se ke la makala ha le le hara mollo wa teko, jwalokaha eka ke mohlolo. 13Thabo ya lona e ke e lekane le kabelo eo le nang le yona mahlokong a Kreste, e le hore le tle le thabe, le nyakalle, mohla tlotla ya hae e bonahatswang. 14Ha le hlapaolwa ka baka la lebitso la Kreste, le lehlohonolo, hobane Moya o tlotlehang, Moya wa Modimo, o ho lona. 15Ho se be teng hara lona ya hlokofatswang kahobane e le mmolai, kapa leshodu, kapa sesenyi, kapa ya itshunyakang ditabeng tsa ba bang. 16Empa ya hlokofatswang kahobane e le Mokreste, a se ke a ba dihlong, a mpe a tlotlise Modimo ka baka la lebitso leo. 17E se e le nako ya hore kahlolo e qale, mme e qale ka ba ntlo ya Modimo. Jwale ha e le moo e qala ka rona, qetello ya ba sa dumeleng molaetsa o molemo wa Modimo yona e tla ba jwang?
18“Haesita le ya lokileng
a pholoha ka thata,
monyefodi le moetsadibe
ba tla fella kae?”
19Ha ho le jwalo he, ba hlokofatswang ho ya ka thato ya Modimo ba ipee paballong ya Mmopi ya tshepahalang, ka ho etsa tse ntle.

Currently Selected:

1 PETROSE 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy