YouVersion Logo
Search Icon

1 PETROSE 3

3
Banna le basadi ba bona
1Le lona basadi, le ikokobeletse banna ba lona, e le hore ha ho le teng ba bang ba banna ba lona ba sa dumeleng lentswe la Modimo, ba tle ba sokolohe ka baka la metsamao ya lona feela, le ntse le itholetse, 2ka ho hlokomela metsamao ya lona e hlwekileng, e hlomphehang. 3Mokgabo wa lona e se ke ya eba o bonwang, jwaloka meriri e lohilweng, mekgabiso ya kgauta le diaparo tse ntlehadi. 4Mokgabo wa lona o sa senyeheng o tswe botebong ba dipelo tsa lona, e leng moya wa mosa le kgutso, oo e leng ntho ya bohlokwa ho Modimo. 5Mehleng ya kgale basadi ba halalelang, ba neng ba tshepile Modimo, ba ne ba ikgabisa ka ho ikokobeletsa banna ba bona. 6Mohlala ke Sara ya neng a mamela Aborahama, mme a mmitsa “Monga ka”. Lona le fetohile baradi ba hae ka ho etsa tse ntle, le se na tshabo efe kapa efe.
7Le lona banna, le phedisane le basadi ba lona, le ntse le tseba hore ba fokola ho le feta. Le ba hlomphe hobane le bona, hammoho le lona, ke majalefa a bophelo boo Modimo a le neang bona. Etsang hona e le hore dithapelo tsa lona di tle di se ke tsa sitiswa.
Ho hlokofaletswa ho loka
8Ke qetella ka ho re lona bohle le be pelonngwe, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be mosa, le ikokobetse. 9Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe:
10“Ya ratang ho phela,
le ho bona matsatsi a thabo,
a tshware leleme la hae
ho bua tse mpe,
le molomo wa hae
ho bua thetso.
11A furalle bobe, a etse botle,
a batle kgotso, a e pheelle,
12hobane mahlo a Morena
a tadima ba lokileng,
le ditsebe tsa hae
di mamela thapelo tsa bona;
sefahleho sa hae se sosobane
se sosobanetse ba etsang bobe.”
13Haeba le thahasella nnete, ke mang ya ka le etsang hampe? 14Empa haeba batho ba le hlokofaletsa ho loka ha lona, le lehlohonolo. Le se ke la ba tshaba, mme le se ke la ferekana, 15empa dipelong tsa lona le hlomphe Kreste, eo e leng Morena. Kamehla le itokisetse ho ikarabella ho bohle ba le botsang tsa tshepo eo le nang le yona. 16Empa etsang hona ka mosa le ka hlompho, matswalo a lona a kgutsitse, e le hore ba buang hampe ka metsamao ya lona e metle, ya Bokreste, ba tle ba hlajwe ke dihlong ke diketseletso tseo tsa bona. 17Ho molemo ho hlokofaletswa ho etsa tse ntle, haeba e le thato ya Modimo, ho ena le ho hlokofaletswa ho etsa tse mpe. 18Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya; 19a ba a ya phatlalletsa meya e tjhankaneng molaetsa o molemo. 20Ke meya e neng e sa ka ya mamela Modimo, ha yena a ne a e mameletse halelele mehleng eo Nowe a neng a haha areka ka yona. Ka areka, ba seng bakae feela, e leng ba robedi, ba ile ba pholoswa metsing. 21Metsi ana ke setshwantsho sa kolobetso e re pholosang jwale. Kolobetso hase ho hlatsuwa ditshila tsa mmele, empa ke ho itlama ho Modimo ka letswalo le kgutsitseng. E le pholosa ka tsoho ya Jesu Kreste, 22ya nyolohetseng lehodimong, ya leng ka letsohong le letona la Modimo, mme ya busang mangeloi, le bookamedi bohle, le matla wohle.

Currently Selected:

1 PETROSE 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy