YouVersion Logo
Search Icon

1 PETROSE 2

2
Lejwe le phelang, le setjhaba se halalelang
1Ka baka leo, lahlang bobe bohle, le mano wohle, le boikaketsi, le mohono, le diketseletso tsohle. 2Jwaloka masea a sa tswa hlaha, lakatsang lebese le hlwekileng la lentswe la Modimo, e le hore ka lona le tle le hodisetswe pholohong, 3ha feela le latswitse molemo wa Morena.
4Tloong ho eo e leng lejwe le phelang, le lahlilweng ke batho, empa le kgethilweng ke Modimo, e le la bohlokwa. 5Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste; 6etswe Mangolo a re:
“Sione ke bea lejwe la mantlha,
le kgethehileng, la bohlokwa,
mme ya dumelang ho lona
ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”
7Ka baka leo, ho lona ba dumelang ke la bohlokwa, empa ho ba sa dumelang, ho thwe:
“Lejwe le lahlilweng ke dihahi,
le fetohileng lejwe la mantlha,
8ke lejwe le tla ba kgopa,
lefika le tla ba thula.”
Ba sa dumeleng lentswe la Modimo ba a kgoptjwa: hona ke kabelo ya bona.
9Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang. 10Pele le ne le se setjhaba, empa jwale le setjhaba sa Modimo; le ne le sa hauhelwa, empa jwale le hauhetswe.
Phelang le le bahlanka ba Modimo
11Baratuwa, le le baeti le bajaki, ke le kgothaletsa hore le lahle ditakatso tsa botho, tse lwantshanang le moya. 12Le be le metsamao e metle hara bahedene, e tle ere ha ba bona mesebetsi ya lona e metle, ba tlotlise Modimo mohla letsatsi la kahlolo, le hoja jwale ba ntse ba le bua hampe, ba re le etsa tse mpe.
13Ka baka la Morena, ikokobeletseng ditaelo tsohle tsa batho: e ka ba tsa kgosi e phahametseng bohle, 14kapa tsa babusisi ba beilweng ke kgosi ho otla ba etsang tse mpe, le ho rorisa ba etsang tse ntle. 15Ke thato ya Modimo hore, ka ho etsa tse ntle, le fedise dipuo tsa bowatla, tsa dithoto. 16Le phele ka bolokolohi; feela le se ke la bo sebedisa e le lesira le patang bobe, le mpe le phele le le bahlanka ba Modimo. 17Hlomphang batho bohle, ratang badumedi, tshabang Modimo, hlomphang kgosi.
Ho hlokofatswa ha Kreste ke mohlala
18Lona bahlanka, ikokobeletseng beng ba lona ka tshabo yohle; e seng ba lokileng le ba mosa feela, empa le bona ba kgopo. 19Ke ntho e ntle ha motho, ka baka la ho tshaba Modimo, a ka mamella mahlomola, a se na molato. 20Le ka ithorisa jwang ha le mamella dikotlo hobane le entse dibe? Empa ha le mamella mahloko, leha le ntse le etsa tse ntle, hona ho hotle mahlong a Modimo. 21Ke seo le se bitseditsweng, hobane Kreste le yena o ile a hlokofatswa ka baka la lona, mme a le siela mohlala, hore le tle le hate mehatong ya hae.
22Ha a a ka a etsa sebe,
le thetso ha e a ka ya tswa
molomong wa hae.
23Ha a hlapaolwa, ha a a ka a busetsa; ha a hlokofatswa, ha a a ka a sokela motho, empa o ile a ipea matsohong a Moahlodi ya lokileng. 24Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae. 25Le ne le lahlehile jwaloka dinku, empa jwale le kgutletse ho Modisa le Mookamedi wa meya ya lona.

Currently Selected:

1 PETROSE 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy