YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKGOSI 15

15
Puso ya Abiya, kgosi ya Juda
(2 Dik. 13:1 — 14:1)
1Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya kgosi Jeroboame, mora wa Nebate, Abiya a qala ho busa ba morabe wa Juda. 2O ile a busa ka dilemo tse tharo Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Maaka, moradi wa Abishalome.
3Abiya a etsa dibe tsohle tseo ntatae a ileng a di etsa. A se ke a tshepahala ho Morena Modimo wa hae, jwalokaha ntataemoholo Davida, yena a ne a tshepahala. 4Leha ho le jwalo, ka baka la Davida, Morena Modimo wa hae, o ile a mo sitsa ka mora ya tla mo hlahlama, hore Jerusalema e nne e tiye; 5kahobane ka matsatsi wohle a bophelo ba hae Davida o ile a etsa ho lokileng mahlong a Morena, a se ke a kgeloha letho la ditaelo tseo Morena a mo laetseng tsona, haese feela tabeng ya Uriya wa Mohete.
6Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Rehoboame le Jeroboame ka matsatsi wohle a ho phela ha bona. 7Diketso tse ding tsa Abiya, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Abiya le Jeroboame. 8Abiya a shwa, mme a epelwa Motseng wa Davida. Asa, mora wa hae, a mo hlahlama.
Puso ya Asa, kgosi ya Juda
(2 Dik. 15:16 — 16:6)
9Ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Jeroboame, kgosi ya Iseraele, Asa a qala ho busa ba morabe wa Juda. 10A busa a le Jerusalema ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong. Lebitso la nkgonwae e ne e le Maaka, setloholo sa Abishalome.
11Asa a etsa ho lokileng mahlong a Morena, jwaloka Davida, ntataemoholo. 12Naheng ya hae yohle a leleka banna bohle ba kgethetsweng ho etsetsa bohlola ka dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a fedisa medingwana yohle ya bohata, e neng e entswe ke bo-ntatae. 13A tlosa le nkgonwae Maaka setulong sa bofumahadi, hobane o ne a entse setshwantsho se nyonyehang sa Ashera. Asa a pshatla modimo oo wa bohata, a o tjhesetsa ka molatswaneng wa Kiderone. 14Empa dibaka tsa borapedi tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a se ke a di fedisa. Leha ho le jwalo, bophelong bohle ba hae Asa o ne a tshepahala ho Morena. 15Ka Tempeleng ya Morena a tlisa tsohle tseo yena le ntatae, ba neng ba di abetse Morena. E ne e le silefera, le kgauta, le dintho tse ding.
16Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Asa le Basha, kgosi ya Iseraele, ka matsatsi wohle a ho phela ha bona. 17Basha, kgosi ya Iseraele, a futuhela naha ya Juda, mme a haheletsa motse wa Rama, hore a thibele bohle ba yang kapa ba tswang ho Asa, kgosi ya Juda.
18Asa a nka silefera yohle le kgauta yohle e neng e bolokilwe ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka letloleng la ntlo ya kgosi. Tsena a di romela ka bahlanka ba hae ho Bene-Hadade, mora wa Taberimone, setloholo sa Heseone, kgosi ya Arame e neng e ahile Damaseka. A re ho Bene-Hadade: 19“Rona le wena re na le selekane, jwalokaha bo-ntata rona ba ne ba ena le sona. Jwale ke o rometse mpho ya silefera le kgauta; tsamaya he, o yo senya selekane sa lona le Basha, kgosi ya Iseraele, hore a tle a ntlhokomolohe.”
20Bene-Hadade a ananela mantswe ao a kgosi Asa, a romela balaodi ba mabotho a hae ho futuhela metse ya Iseraele; a ripitla motse wa Ione, le wa Dane, le wa Abele-Bete-Maaka, le naha yohle ya Kinerete, le Nafthali yohle. 21Eitse ha Basha a utlwela taba ena, a kgaotsa ho haheletsa motse wa Rama, a ya aha Tiresa. 22Kgosi Asa a etsa kgoweletso e akaretsang bohle ba naheng ya Juda, hore ba thothe majwe le dithupa tseo Basha a neng a haheleditse Rama ka tsona; yaba ka tsona o haheletsa Geba e Benjamine, le Misepa.
23Ditaba tse ding tsa Asa, le bohlabani ba hae, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le metse eo a e hahileng, tsena di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. Leha ho le jwalo, botsofading ba hae o ile a holofala maoto. 24Asa a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida. Jehoshafate, mora wa hae, a mo hlahlama.
Puso ya Nadabe, kgosi ya Iseraele
25Ka selemo sa bobedi Asa e le kgosi ya Juda, Nadabe, mora wa Jeroboame, a qala ho busa setjhaba sa Iseraele, mme a se busa ka dilemo tse pedi. 26A etsa bobe mahlong a Morena, a tsamaya mehlaleng ya ntatae, a etsa sebe se kang sa ntatae, seo ka sona a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.
27Empa Basha, mora wa Ahiya, wa ntlo ya Isakare, a mo rera, mme a mmolaela motseng wa Bafilesita o bitswang Gibetone, ha bo-Nadabe le Baiseraele bohle ba ne ba etseditse motse oo thibella. 28Basha a bolaya Nadabe ka selemo sa boraro sa puso ya Asa, kgosi ya Juda, mme Basha a busa sebakeng sa hae.
29Hoba Basha a nke puso, a bolaya bohle ba lelapa la Jeroboame; a se ke a siya le ya mong wa lelapa leo la Jeroboame a ntse a phela, ho fihlela lelapa leo le timella ruri. Ha phethehala polelo ya Morena, eo a neng a e bolele ka mohlanka wa hae Ahiya wa Shilo. 30Polao ena e ile ya bakwa ke dibe tseo Jeroboame a ileng a di etsa, a ba a dihela Baiseraele ho tsona; kahoo a phephetsa Morena Modimo wa Iseraele, mme Morena a ba a mo halefela.
31Ditaba tse ding tsa Nadabe, le tsohle tseo e ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele. 32Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Asa le Basha, kgosi ya Iseraele, ka matsatsi wohle a ho phela ha bona.
Puso ya Basha, kgosi ya Iseraele
33Ka selemo sa boraro Asa e le kgosi ya Juda, Basha, mora wa Ahiya, a qala ho busa Baiseraele bohle, a le Tiresa, mme a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mene. 34A etsa bobe mahlong a Morena, a tsamaya mehlaleng ya Jeroboame, a etsa sebe se kang sa Jeroboame, seo ka sona a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.

Currently Selected:

1 DIKGOSI 15: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy