YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKGOSI 12

12
Merabe e ka leboya e fetohela kgosi
(2 Dik. 10:1-19)
1Rehoboame a ya Shekeme, moo Baiseraele bohle ba neng ba ile teng, ho ya mmea hore e be kgosi. 2Ha Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a ntse a le Egepeta, a utlwa tsena, a nna a dula moo Egepeta. O ne a ile a baleha kgosi Solomone, a ya phela Egepeta. 3Yaba jwale Jeroboame o a latwa, mme yena le setjhaba sohle sa Baiseraele, ba fihla ho Rehoboame, ba re: 4“Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi. Ka baka lena, ako re imolle mosebetsi ona oo ntatao a ileng a re imetsa ka wona, mme re tla o sebeletsa.”
5Rehoboame a re ho bona: “Ako mpheng sebaka sa matsatsi a mararo, le nto tla ho nna hape.” Yaba setjhaba se a qhalana.
6Jwale a eletsana le bannabaholo bao e neng e le baeletsi ba Solomone, ntatae, ha a sa phela, a re ho bona: “Le nkeletsa hore ke arabe setjhaba see jwang?”
7Ba re ho yena: “Haeba ho tloha kajeno o ka ba mohlanka wa setjhaba sena, wa se sebeletsa, wa bua le sona hantle ha o se araba, e tla ba bahlanka ba hao.”
8Rehoboame a se ke a mamela keletso ya bannabaholo, a eletsana le bahlankana bao a hotseng le bona, ba neng ba mo sebeletsa. 9A re ho bona: “Le nkeletsa hore setjhaba see ke se arabe jwang, se itseng ho nna: ‘Ako re imolle mosebetsi oo ntatao a ileng a re imetsa ka wona’?”
10Bahlankana bana bao a hotseng le bona ba mo araba, ba re: “Setjhaba sena se itseng ho wena: ‘Ntatao o ne a re imeditse ka mosebetsi; wena ako re imolle,’ o tle o se arabe tjena, o re: ‘Monwana wa ka o monyenyane o motenya ho feta letheka la ntate. 11Ntate o ile a le imetsa ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.’ ”
12Ka letsatsi la boraro bo-Jeroboame le setjhaba sohle ba fihla ho Rehoboame, jwalokaha kgosi e ne e itse: “Ka letsatsi la boraro le tle le tle ho nna hape.” 13Kgosi Rehoboame a araba setjhaba ka ho se kgarumela; a lahla keletso eo bannabaholo ba neng ba mo eleditse ka yona. 14A bua le sona ho latela keletso ya bahlankana, a re: “Ntate o ne a le imeditse ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.” 15Ka baka leo, kgosi ya se ke ya mamela setjhaba, hobane hona ho ne ho entswe ke Morena, e le hore polelo ya hae e tle e phethahale, eo a ileng a e bolela ka molomo wa Ahiya, wa Shilo, a e bua ho Jeroboame, mora wa Nebate.
16Ha setjhaba sohle sa Iseraele se bona hore kgosi ha e se mamele, sa e araba, sa re:
“Re amana ka dife le Davida?
Mora wa Jese hase letho ho rona!
Ha re ka ke ra fumana letho
ho yena!
Baiseraele, motho le motho
lapeng la hae!
Davida, sala le morabe wa heno!”
Yaba Baiseraele ba kgutlela malapeng a bona. 17Empa Rehoboame a busa bana ba Iseraele ba neng ba ahile metseng ya Juda.
18Jwale kgosi Rehoboame a roma Adorame, eo e neng e le mookamedi wa makgoba, hore a ye ho Baiseraele, empa Baiseraele bohle ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa. Ka baka lena, kgosi Rehoboame a palama kariki ya hae ya ntwa ka potlako, a balehela Jerusalema. 19Ho tloha mohlang oo, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, yaba Baiseraele ba fetohetse lelapa la Davida.
20Ha setjhaba sohle se utlwa hore Jeroboame o boetse o kgutlile, sa mmitsetsa pitsong, sa mmea hore e be kgosi ya Baiseraele bohle. Ha se ke ha eba le ya mong ya ileng a latela lelapa la Davida, haese ba morabe wa Juda feela.
Boporofeta ba Shemaya
(2 Dik. 11:1-4)
21Ha Rehoboame a fihla Jerusalema, a kgobokanya banna bohle ba morabe wa Juda le ba morabe wa Benjamine; e le mokgetho wa bahlabani ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi. Ba ne ba ilo lwantsha Baiseraele, hore ba hape mmuso, ba o kgutlisetse ho yena, e leng yena mora wa Solomone.
22Empa lentswe la Modimo la fihla ho Shemaya, moporofeta wa Modimo, la re: 23“Bolella Rehoboame, mora wa Solomone, kgosi ya Juda le bohle ba morabe wa Juda, le bohle ba morabe wa Benjamine, le setjhaba sohle, o re: 24‘Morena o bua tjena: Le se ke la nyoloha ho ya lwantsha bana babo lona, e leng bana ba Iseraele. Monna e mong le e mong a kgutlele lapeng ha hae, hobane hona ho entswe ke nna.’ ” yaba ba mamela lentswe la Morena, mme ba kgutlela malapeng a bona, ho latela polelo ya Morena.
Jeroboame o furalla Morena
25Jeroboame a haheletsa motse wa Shekeme, o naheng e maralla ya Efraime, mme a aha teng. A tloha moo, a ya haheletsa motse wa Penuele.
26Yaba Jeroboame o re ka pelo: “Mmuso o tla tloha o kgutlela tlung ya Davida. 27Haeba setjhaba sena se ka nna sa nyolohela Jerusalema ho ya nyehella Morena ka mahlabelo teng, ka Tempeleng ya Morena, dipelo tsa sona di tla boela di sokolohela ho monga sona, e leng Rehoboame, kgosi ya Juda. Se tla mpolaya, se kgutlele ho Rehoboame, kgosi ya Juda.”
28Hoba kgosi Jeroboame a ikeletse, a bopa manamane a mabedi ka kgauta, mme a re ho setjhaba: “Baiseraele, tsela ya Jerusalema le e kutlile, ho lekane! Medimo ya lona ke ena, e le ntshitseng naheng ya Egepeta!” 29A bea modimo o mong Bethele, o mong a o bea Dane. 30Ntho ena ya eba sebe, hobane setjhaba se ile sa ya Bethele le Dane ho ya rapela.
31Jeroboame a haha ditempele moo ho rapellwang medimo ya bohata teng, mme hara setjhaba a ikgethela bao e seng bara ba Levi, hore e be baprista.
Jeroboame o etsa mokete Bethele
32Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya borobedi, Jeroboame a etsa mokete o tshwanang le o neng o etswa naheng ya Juda, a nyehela ka mahlabelo hodima aletare. Hona a ho etsa Bethele, a etsetsa manamane ao a a bopileng mahlabelo. Hona moo Bethele a bea baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo a neng a di hahile. 33Ka lona letsatsi leo la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya borobedi, e leng kgwedi eo a neng a ikgethetse yona ka ho rata, a nyehella hodima aletare eo a e hahileng Bethele. A etsetsa bana ba Iseraele mokete; a nyehella hodima aletare, a tjhesa mokubetso.

Currently Selected:

1 DIKGOSI 12: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy