YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKGOSI 11

11
Solomone o furalla Modimo
1Kgosi Solomone o ne a rata basadi ba bangata ba baditjhaba. Kantle ho moradi wa Faro, o ne a nyetse basadi ba Moabe, le ba Baamone, le ba Baedomo, le ba Basidone, le ba Bahete. 2A ba nyala le hoja Morena a ne a itse ho bana ba Iseraele: “Le se ke la nyallana le bona, hobane ruri ba tla le kgelosetsa ho medimo ya bona.” Empa Solomone a ba rata haholo. 3O ne a ena le basadi ba makgolo a supileng, bao e neng e le dikgosatsana, a ena le basadi ba mafielo ba makgolo a mararo. Basadi bana ba hae ba mo kgelosa.
4Ha Solomone a se a tsofetse, basadi bana ba hae ba mo kgelosa hore a sebeletse medimo e meng. Pelo ya hae ya se ke ya hlola e tshepahala ka ho tlala ho Morena Modimo wa hae, jwalokaha pelo ya Davida, ntatae, yona e ne e tshepahala. 5Solomone a kgumamela Asetarote, modimo wa Basidone, le Milekome, e leng manyala a Baamone. 6Solomone a etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a hlola a latela Morena ka ho tlala, jwalokaha Davida, ntatae, a ne a ile a latela Morena.
7Hodima leralla le ka botjhabela ho Jerusalema, Solomone a hahela Kemoshe, e leng manyala a Moabe, le Milekome, e leng manyala a Baamone, aletare ya mahlabelo. 8Le basadi ba hae, ba baditjhaba, a ba etsetsa jwalo, mme ba tjhesa mokubetso, ba nyehella medimo ya bona ka mahlabelo.
9Morena a halefela Solomone, hobane pelo ya hae e ne e furaletse Morena Modimo wa Iseraele, ya neng a ile a itlhahisa ho yena ka makgetlo a mabedi, 10mme a mo laela hore a se ke a latela medimo e meng, empa Solomone a se ke a phetha seo Morena a mo laetseng sona. 11Ka baka leo, Morena a re ho Solomone: “Kaha o entse hona, mme o sa boloka selekane sa ka, le ditaelo tseo ke o laetseng tsona, ruri ke tla o amoha mmuso, ke o nee mohlanka wa hao. 12Feela ka baka la Davida, ntatao, nke ke ka etsa ntho ena ha o ntse o phela, empa ke tla e etsa ha ho busa mora wa hao. 13Leha ho le jwalo, ha ke na ho amoha mora wa hao mmuso wohle. Ka baka la mohlanka wa ka Davida, le ka baka la Jerusalema eo ke ikgethetseng yona, ke tla siela mora wa hao morabe o le mong.”
Dira tsa Solomone
14Morena a hlahisetsa Solomone sera se mo lwantshang, e leng Hadade wa Moedomo, wa lelapa la kgosi ya Edomo. 15Hoba Davida a hlole Baedomo, Joabe, molaodi wa lebotho, a nyoloha ho ya epela babolauwa. Joabe o ne a ile a bolaya banna bohle ba ahileng Edomo, 16mme a qeta kgwedi tse tsheletseng a le moo le Baiseraele bohle, ho fihlela a fietse banna bohle ba Edomo. 17Empa Hadade le Baedomo ba bang, bao e neng e le bahlanka ba ntatae, ba balehela Egepeta. Hadade e ne e sa le moshanyana. 18Ba tloha Midiane, mme ha ba fihla Parane, ba nka banna ba Parane ba ya le bona Egepeta, ho Faro, kgosi ya Egepeta. Kgosi ya Egepeta ya nea Hadade ntlo, ya mo fepa, ya mo abela naha.
19Faro o ne a rata Hadade haholo, hoo a bileng a mo nea moena wa mosadi wa hae, e leng ngwanabo mofumahadi Tahepenese. 20Ngwana eo wabo Tahepenese a tswalla Hadade mora ya bitswang Genubate. Ha ngwana eo a ekgwa, Tahepenese a mo hodisetsa tlung ya Faro, mme Genubate a ba lapeng la Faro, hara bana ba Faro.
21Yare ha Hadade a tsebiswa hore Davida o orohetse ho bo-ntatae, le hore Joabe, molaodi wa mabotho, o shwele, a re ho Faro: “Ntumelle ke tsamaye, ke kgutlele naheng ya heso.”
22Faro a re ho yena: “Ke eng eo o e hlokang, ha e le moo o batla ho kgutlela naheng ya heno?”
Hadade a mo araba, a re: “Le letho! Feela, leha ho le jwalo, ntumelle ke tsamaye.”
23Modimo a boela a hlahisetsa Solomone sera se seng, e leng Resone, mora wa Eleada, ya neng a balehe monga hae Hadade-Esere, kgosi ya Soba. 24E ne e ile yare ha Davida a hlola Hadade-Esere, Resone a bokella banna, mme ya eba yena molaodi wa sehlopha sena. Bo-Resone ba ikela Damaseka, ba haha teng, mme Resone ya eba kgosi ya Damaseka. 25Resone ya eba sera sa Solomone ka nako yohle ya bophelo ba Solomone, mme a eketsa dikgathatso hodima tse bakilweng ke Hadade. Yena Resone eo, ya neng a nyonya Baiseraele, ya eba kgosi ya Arame.
Tshepiso ya Modimo ho Jeroboame
26Jeroboame, mora wa Nebate, Moefraime wa Sereda, mohlanka wa Solomone, le yena a fetohela kgosi Solomone. Lebitso la mmae e ne e le Serua, mosadi wa mohlolohadi.
27Sesosa se neng se etse hore Jeroboame a fetohele kgosi ke sena: Solomone o ne a ntse a haha lerako la Milo, a thiba dikgeo lerakong la Motse wa Davida, ntatae. 28Jeroboame e ne e le monna ya matla. Ha Solomone a bona hore mohlankana enwa o mafolofolo, a mmea hore e be mookamedi wa makgoba wohle a sebetsang seterekeng sa morabe wa Josefa.
29Ka tsatsi le leng ha Jeroboame a etswa Jerusalema, a kgahlana le moporofeta Ahiya, wa Shilo. Ahiya o ne a apere seaparo se setjha, mme e le bona ba babedi feela naheng moo. 30Ahiya a hlobola seaparo se setjha, seo a neng a se apere, a se nka, a se tabola ditsekana tse leshome le metso e mmedi. 31Yaba o re ho Jeroboame: “Nka ditsekana tse leshome, hobane Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ke tla amoha Solomone mmuso, ebe wena ke o nea merabe e leshome. 32Empa yena o tla sallwa ke morabe o le mong feela, ka baka la mohlanka wa ka Davida, le ka baka la Jerusalema, e leng motse oo ke ikgethetseng wona hara merabe yohle ya Iseraele. 33Ke kahobane Solomone o mphuraletse. O kgumametse Asetarote, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milekome, modimo wa Baamone. Ha a ya tsamaya ka ditsela tsa ka, ha a ya etsa ho lokileng mahlong a ka, mme ha a ya boloka ditaelo tsa ka le dikahlolo tsa ka, jwalokaha Davida, ntatae, yena a ile a di boloka.
34“ ‘Leha ho le jwalo, ha ke na ho mo amoha mmuso wohle, empa ke tla mo etsa kgosana ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, ka baka la Davida, mohlanka wa ka, eo ke ileng ka mo kgetha, hobane a ile a boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka. 35Empa ke tla amoha mora wa hae mmuso, ebe wena ke o nea merabe e leshome. 36Mora wa hae yena ke tla mo nea morabe o le mong, e le hore Davida, mohlanka wa ka, a nne a buse kamehla motseng wa Jerusalema, e leng motse oo ke o kgethetseng hore ke be ho wona. 37Ke tla o nka, mme o buse kahohle kamoo o lakatsang kateng, o be kgosi ya Iseraele. 38Haeba o ka mamela tsohle tseo ke o laelang tsona, wa tsamaya ka ditsela tsa ka, wa etsa ho lokileng mahlong a ka, ka ho boloka ditaelo tsa ka le melao ya ka, jwalokaha Davida, mohlanka wa ka, a ile a etsa, ke tla ba le wena. Ke tla tiisa lelapa la hao, jwalokaha ke ile ka tiisa la Davida, mme ke o nee setjhaba sa Iseraele. 39Ka hona ke tla hlokofatsa ditloholo tsa Davida, empa e seng kamehla yohle.’ ”
40Ka lebaka lena Solomone a batla ho bolaya Jeroboame, empa Jeroboame a balehela Egepeta, ho Shishake, kgosi ya Epepeta. A dula Egepeta ho fihlela Solomone a eshwa.
Lefu la Solomone
(2 Dik. 9:29-31)
41Diketso tse ding tsa Solomone, le tsohle tseo a di entseng, le bohlale ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketso tsa Solomone. 42Solomone a busa Iseraele yohle, a le Jerusalema, ka dilemo tse mashome a mane. 43Solomone a shwa, a epelwa Motseng wa Davida, ntatae, moo ho epetsweng bo-ntatae, mme Rehoboame, mora wa hae, a mo hlahlama.

Currently Selected:

1 DIKGOSI 11: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy