YouVersion Logo
Search Icon

1 BAKORINTHE 8

8
Dijo tse nyehellwang medimo ya bohata
1Jwale ke kena tabeng ya tse hlabetsweng medimo ya bohata. Ke nnete hore rona re na le tsebo tabeng ena. Tsebo eo e ye e bake boikgohomoso, empa lerato le a hodisa. 2Haeba motho a lekanya hore o na le tsebo, ha a eso ka a tseba ho ya kamoo a tshwanetseng ho tseba kateng. 3Empa haeba ho ena le ya ratang Modimo, yena o tsejwa ke yena.
4Ha ho le jwalo, tabeng ya ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore modimo wa bohata hase ntho e teng ho hang, le hore Modimo o mong feela. 5Leha bahedene ba bitsa tse ding tse lehodimong kapa lefatsheng medimo, jwalokaha ba ena le medimo e mengata le marena a mangata, 6rona re na le Modimo a le mong e leng Ntate. Ke yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, eo re mo phelelang. Hape re na le Morena a le mong, e leng Jesu Kreste. Ke yena eo dintho tsohle di entsweng ka yena, eo re phelang ka yena.
7Empa hase bohle ba nang le tsebo ena. Ba bang, ka baka la ho tlwaela medimo ya bohata, le kajeno-ya-bokajeno ba ntse ba eja tse hlabetsweng medimo ena, ka ho dumela hore ke dijo tsa mahlabelo. Ka ho tshaba ha matswalo a bona, ba ikutlwa ba silafetse; 8athe dijo hase ntho e ka re atametsang ho Modimo. Ha re sa di je, re ke ke ra lahlehelwa ke letho; leha re ka di ja, re ke ke ra fumana letho.
9Leha ho le jwalo, le hlokomele esere bolokolohi ba lona ba dihela ba tumelo e fokolang sebeng. 10Ha ya tumelo e fokolang a bona wena, ya nang le tsebo, o le dijong ka tempeleng ya modimo wa bohata, na hoo ho ke ke ha mo kgothaletsa ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata na? 11Ka tsela ena ngwaneno ya fokolang eo Kreste a mo shwetseng, o tla timela ka baka la tsebo eo ya hao. 12Ka ho sitelwa bana babo lona jwalo, le bolaya matswalo a ba fokolang, le sitelwa Kreste. 13Ka baka leo, haeba dijo di dihela ngwaneso sebeng, nke ke ka ja nama le ka mohla, hore ke se ke ka dihela ngwaneso sebeng.

Currently Selected:

1 BAKORINTHE 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy