YouVersion Logo
Search Icon

1 BAKORINTHE 7

7
Ho arajwa dipotso tse amanang le lenyalo
1Jwale ke kena ditabeng tseo le ileng la nngolla ka tsona. Ke re: Ho molemo hore monna a se ke a ama mosadi. 2Empa ka baka la ho tshaba bohlola, monna ka mong a be le mosadi eo e leng wa hae, le mosadi ka mong a be le monna eo e leng wa hae. 3Monna a phethe tshwanelo ya hae ho mosadi wa hae, mme le mosadi a etse jwalo ho monna wa hae. 4Mosadi ha a na matla hodima mmele wa hae; ya nang le matla hodima wona ke monna wa hae. Ka mokgwa o jwalo, le monna ha a na matla hodima mmele wa hae; ya nang le matla hodima wona ke mosadi wa hae. 5Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nakwana, e le hore le iphe nako ya ho rapela. Kamora moo le boele le kopane, esere Satane a le leka ka baka la ho hloka boitshwaro ha lona. 6Ke bua tjena ka ho le hauhela e seng ka ho le laela. 7Ke ne nka rata ha batho bohle ba eba jwaloka nna, empa motho e mong le e mong o na le neo ya hae e tswang ho Modimo, e mong ka mokgwa ona, e mong ka mokgwa wane.
8Ho masoha le basadi ba bahlolohadi, ke re: Ho molemo ha ba ka itulela jwaloka nna. 9Empa haeba ba sitwa ho itshwara, ba mpe ba nyale, hobane ho molemo ho nyala ho ena le ho tjheswa ke takatso.
10Ha e le ba seng ba nyalane, ke ba nea taelo ena. Ha e tswe ho nna, empa e tswa ho Morena. Ke re: Mosadi a se ke a hlala monna wa hae. 11Haeba a etsa jwalo a dule a sa nyalwe, kapa a kgutlele ho monna wa hae. Monna le yena a se ke a hlala mosadi wa hae.
12Ha e le ho ba bang, nna, e seng Morena, ke re: Ha modumedi a ena le mosadi eo e seng modumedi, a se ke a mo hlala, haeba mosadi a kgotsofalla ho nna a phela le yena. 13Le mosadi ha a ena le monna eo e seng modumedi, mme a kgotsofalla ho nna a phela le yena, a se ke a hlala monna eo. 14Monna eo e seng modumedi o halaletswa ka mosadi wa hae, le mosadi eo e seng modumedi o halaletswa ka monna wa hae. Hoja ha ho jwalo bana ba bona ba ka be ba sa hlweka, athe jwale ba a halalela.
15Haeba eo e seng modumedi a rata ho hlala mohatsa hae wa modumedi, a mo hlale. Modumedi wa monna kapa wa mosadi ha a ya tlangwa ke letho tabeng tse jwalo. Modimo o le bitseditse hore le phedisane ka kgotso. 16Wena mosadi, o ka tseba jwang haeba o tla pholosa monna wa hao na? Le wena monna, o ka tseba jwang haeba o tla pholosa mosadi wa hao na?
Bophelo boo Morena a bo abetseng batho
17E mong le e mong a phele ho ya kamoo Morena a mo abetseng kateng, kamoo a neng a le kateng ha Modimo a mmitsa. Sena ke seo ke se laelang dikereke tsohle. 18Ha motho a bitswa a se a bolotse, a se ke a iketsa leqai; ha a bitswa e le leqai, a se ke a bolla. 19Ho bolla kapa ho se bolle hase letho, empa hoo e leng taba ke ho boloka melao ya Modimo. 20E mong le e mong a nne a be kamoo a neng a le kateng mohla a neng a bitswa. 21Ha o bitsitswe o le lekgoba, o se ke wa itshwenya. Empa leha o ka lokoloha bokgobeng, thabela tokoloho eo. 22Etswe ya bitsitsweng ke Morena e le lekgoba, ho Morena o lokolohile. Ka mokgwa o jwalo, ya bitsitsweng ke Kreste a lokolohile, ke lekgoba la Kreste. 23Le rekilwe ka theko e boima, ka hona se iketseng makgoba a batho. 24Bana beso, e mong le e mong a nne a phele pela Modimo ho ya kamoo a neng a le kateng mohla a bitswang.
Masoha le bahlolohadi
25Tabeng ya barwetsana, ha ke na taelo ya Morena, ke mpa ke fana ka keletso, ke le ya tshepahalang ka mohau wa Morena. 26Ka baka la ditsietsi tsa matsatsi ana, ke lekanya hore ho ka ba molemo ha motho a itulela a le jwalo. 27Ha o tlamahantswe le mosadi ka lenyalo, o se ke wa itokolla. Ha o sa tlamahanngwa le mosadi ka lenyalo, o se ke wa ipatlela mosadi. 28Haeba o nyala, ha o etse sebe; le morwetsana ha a nyalwa, ha a etse sebe. Empa ba nyalanang ba tla ba le matshwenyeho bophelong bona, mme lona ke a le qenehela.
29Bana beso, seo ke se bolelang ke sena: Nako e se e kgutsufetse. Ho tloha jwale, ba nyetseng e ke ha ba a nyala; 30ba llang e ke ha ba lle; ba thabileng e ke ha ba a thaba; ba rekang e ke ha ba na letho; 31ba phelang ka tsa lefatshe lena e ke ha ba di phelele, hobane mekgwa ya lefatshe lena e a feta.
32Ha ke lakatse ha le ka tshwenyeha. Ya sa nyalang o hlokomela tsa Morena, hore na a ka kgahlisa Morena jwang. 33Empa ya nyetseng o hlokomela tsa lefatshe, hore na a ka kgahlisa mosadi wa hae jwang, 34mme kahoo o pelo di pedi. Mosadi ya sa nyalwang, kapa morwetsana, o hlokomela tsa Morena, hore a tle a halalele mmeleng le moyeng. Empa mosadi ya nyetsweng o hlokomela tsa lefatshe, hore na a ka kgahlisa monna wa hae jwang. 35Ke le bolella tsena ho le thusa, e seng ho le kgina, empa e le hore le batle ho lokelang, le ikakgele mosebetsing wa Modimo ka setotswana.
36Ha motho a lekanya hore e ka ba ntho e dihlong, ha moradi wa hae e le lefetwa, mme a hopola hore eka kgona taba eo e lokiswe, a etse kamoo a ratang kateng. Ha a etse sebe ha a ka mo nyadisa. 37Empa haeba motho a sa tlangwe ke letho e le ka boikgethelo ba hae, a tiile morerong wa hae, mme haeba a se a qetile ka pelong ya hae hore moradi wa hae e nne e be morwetsana, o tla be a etsa hantle. 38Kahoo ya nyadisang moradi wa hae o etsa hantle, empa ya sa mo nyadiseng o etsa hantle ka ho fetisisa.
39Mosadi ya nyetsweng o tlamahantswe le monna wa hae, ha monna a sa phela. Ha monna a se a shwele, mosadi o lokolohile, a ka nyalana le eo a mo ratang, empa e be lenyalo la Sekreste. 40Feela, ho ya ka nna, a ka ba lehlohonolo haholo ha a ka itulela a sa nyalwa. Ke a kgolwa hore le nna ke na le Moya wa Modimo.

Currently Selected:

1 BAKORINTHE 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy