YouVersion Logo
Search Icon

1 BAKORINTHE 11

11
1Latelang mohlala wa ka, jwalokaha le nna ke latela wa Kreste.
Ho rwala kapa ho se rwale ka kerekeng
2Ke a le rorisa hobane kamehla le a nkgopola, mme le boloka tsohle kamoo ke di fetiseditseng ho lona kateng.
3Empa ke rata hore le utlwisise hore Kreste ke hlooho ya monna e mong le e mong, monna ke hlooho ya mosadi, athe Modimo ke hlooho ya Kreste. 4Monna e mong le e mong ha a rapela kapa a porofeta a rwetse ho hong hloohong, o tlontlolla Kreste. 5Mosadi e mong le e mong ha a rapela kapa a porofeta, a sa rwala letho hloohong, o tlontlolla monna wa hae; ha ho phapano mahareng a hae le mosadi ya kutileng lekorana. 6Ha mosadi a sa rwala letho, ho molemo hore a kute. Haeba e le ntho e tlontlollang hore mosadi a kute kapa a beole moriri, eka kgona a rwale ho hong hloohong. 7Ha ho hlokahale hore monna a rwale letho hloohong, hobane ke setshwantsho sa Modimo, mme o bontsha tlotla ya hae. Empa mosadi yena o bontsha tlotla ya monna wa hae. 8Etswe mosadi o tswile ho monna, athe monna ha a ya tswa ho mosadi. 9Ebile mosadi o bopilwe ka baka la monna, athe monna ha ya bopjwa ka baka la mosadi. 10Ka baka la mangeloi, mosadi o tshwanetse ho rwala ho hong hloohong, e leng pontsho ya hore o tlasa taolo ya monna wa hae.
11Athe mahlong a Morena, monna ke wa bohlokwa ho mosadi, le mosadi ke wa bohlokwa ho monna, 12hobane jwalokaha mosadi a tswile ho monna, le yena monna o tswalwa ke mosadi, mme tsohle di tswa ho Modimo. 13Ikahloleleng e le lona. Na ho a lokela hore mosadi a rapele Modimo a sa rwala letho hloohong? 14Ka tlhaho ho a tlontlolla hore monna a hodise moriri wa hae. 15Empa ha mosadi a hodisa moriri wa hae e ba tlotla ho yena, hobane o neilwe moriri o molelele, hore e tle e be lesira ho yena. 16Haeba e mong a rata ho phea kgang ka hona, rona, esita le dikereke tsa Modimo, ha re na moetlo o jwalo wa ho rapela.
Hlomphollo ya Selallo sa Morena
17Jwale, ka tseo ke tla di bolela, ha ke le rorise, hobane diphutheho tsa lona ha di na thuso. 18Taba ya pele, ke utlwa hore dikarohano di teng hara lona, diphuthehong tsa lona tsa kereke, mme ke batla ke dumela jwalo. 19E, eka kgona dikarohano di be teng hara lona, e le hore bao e leng ba nnete ba tle ba bonahale. 20Ka baka leo, ha le phutheha mmoho, ha le phuthehele ho ja Selallo sa Morena, 21hobane ha le le dijong, e mong le e mong o potlakela ho itjella tsa hae, e mong a lape, e mong a tahwe. 22Na ha le na mahalona moo le ka itjellang, kapa la inwella teng? Kapa le nyedisa kereke ya Modimo, mme le hlabisa ba se nang letho dihlong? Le re ke reng ho lona? Ke le rorise? Tjhe, tabeng ena nke ke ka le rorisa.
Ho thewa ha Selallo sa Morena
(Mat. 26:26-29; Mar. 14:22-25; Luka 22:14-20)
23Nna ke amohetse ho Morena seo ke le neileng sona, e leng hore, ka bosiu boo Morena Jesu a ileng a ekwa ka bona, o ile a nka bohobe, 24a leboha, a bo ngwatha, a re: “Hona ke mmele wa ka, o fanwang ka baka la lona. Etsang hona ho nkgopola.” 25Ka mokgwa o jwalo, ha ho se ho laletswe, a nka senwelo, a re: “Senwelo sena ke selekane se setjha se tiiswang ka madi a ka. Kamehla ha le enwa, le etse jwalo ho nkgopola.” 26Kamehla ha le eja bohobe bona, mme le nwela senwelong sena, le phatlalatsa lefu la Morena ho fihlela a kgutla.
Ho ja Selallo ka mokgwa o sa lokelang
27Ka baka leo, mang kapa mang ya jang bohobe ba Morena, kapa ya nwelang senwelong sa Morena ka mokgwa o sa lokelang, o tla be a sitelwa mmele le madi a Morena. 28Kahoo, motho ka mong a ke a itekole pele, e be hona a jang bohobe boo, mme a nwelang senwelong seo. 29Ya jang le ya nwang a sa kgetholle hore ke mmele wa Morena, o ipitsetsa kahlolo. 30Ke ka baka leo ho nang le ba bangata hara lona, ba kulang le ba fokolang, mme ba bangata ba se ba shwele. 31Hoja re ye re itlhahlobe pele, Modimo o ne a ke ke a re ahlola. 32Empa re a tsuwa, mme re otlwa ke Morena, e le hore re tle re se ke ra ahlolwa mmoho le lefatshe.
33Ha ho le jwalo, bana beso, ha le phuthehela ho ja, fanang sebaka. 34Haeba e mong a lapile, a no ja ha hae, e le hore ho phutheha ha lona ho se ke ha le tlisetsa kahlolo. Ha e le ka tse ding, ke tla di lokisa mohla ke fihlang.

Currently Selected:

1 BAKORINTHE 11: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy