YouVersion Logo
Search Icon

1 BAKORINTHE 10

10
Ho furallwe medimo ya bohata
1Bana beso, ke rata ha le tseba hore baholoholo bohle ba rona ba ne ba tsamaiswa ke leru, mme bohle ba tshela lewatle. 2Bohle ba kolobetswa lerung le lewatleng, hore e be balatedi ba Moshe. 3Bohle ba ja sejo sa moya se tshwanang. 4Hape ba nwa seno sa moya se tshwanang, hobane ba ile ba enwa Lefikeng la moya le neng le ba latetse. Lefika leo ke Kreste. 5Empa Modimo ha a a ka a kgahlwa ke ba bangata ba bona, mme ba ile ba shwela lehwatateng ka bongata.
6Tsena di etsahetse hore e be mohlala ho rona, hore re se ke ra lakatsa tse kgopo, jwalokaha ba ne ba di lakatsa. 7Le se ke la sebeletsa medimo ya bohata, jwaloka ba bang ba bona, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Setjhaba sa dulela ho ja le ho nwa, sa nto ema sa bapala.” 8Re se ke ra etsa bohlola, jwalokaha ba bang ba bona ba ile ba bo etsa, mme ka letsatsi le le leng ha ketoha ba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro. 9Re se ke ra leka Morena, jwalokaha ba bang ba bona ba ile ba mo leka, mme ba bolawa ke dinoha. 10Hape le se ke la dumaduma, jwalokaha le ba bang ba bona ba ile ba dumaduma, mme ba timetswa ke Motimetsi.
11Jwale tsena di ile tsa etsahala ho bona, hore e be mohlala, mme tsa ngollwa rona ho re hlokomedisa, rona bao mehla ya bofelo e re fihletseng. 12Ka baka leo, ya lekanyang hore o tsitsitse, a ele hloko, esere a wa. 13Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola.
14Ka baka leo, baratuwa ba ka, furallang tshebeletso ya medimo ya bohata. 15Ke bua le lona le le ba bohlale; ke re le ikahlolele hore na ke reng. 16Na senwelo se hlohonolofaditsweng, seo re se lebohang, hase se re abelang madi a Kreste na? Le bohobe boo re bo ngwathang, na hase mokgwa wa ho abelwa mmele wa Kreste na? 17Le hoja re le bangata, re mmele o le mong, hobane bohobe bo bong, mme bohle re ja bohobe boo bo le bong.
18Bonang Baiseraele ba tswalo! Na ba jang nama ya mahlabelo, ha ba be le kabelo tshebeletsong e etswang aletareng? 19Ebe ke bolelang? Hore seo bahedene ba se hlabelang medimo ya bohata ke letho? Kapa hore modimo wa bohata ke letho? 20Tjhe, ke bolela hore tseo ba di hlabelang medimo ya bohata ba di hlabela bademona, e seng Modimo. Ha ke lakatse ha le ka ikopanya le bademona. 21Ha le ka ke la nwela senwelong sa Morena le senwelong sa bademona. Ha le ka ke la jela tafoleng ya Morena le tafoleng ya bademona. 22Kapa na re ka phephetsa Morena? Na re mo feta ka matla?
Etsang tsohle ho tlotlisa Modimo
23Le re: “Tsohle di dumeletswe,” empa hase ho re tsohle di na le molemo. E, tsohle di dumeletswe, empa hase ho re tsohle di na le thuso. 24Ho se be ya ipatlelang tse molemo, empa e mong a batlele e mong tse molemo.
25Le ka ja dijo dife le dife tse rekiswang tlung ya dijo, ka matswalo a kgutsitseng, le sa botse letho, 26hobane “lefatshe ke la Morena, le tsohle tse ho lona.”
27Ha e mong wa bao e seng badumedi a le memela dijong, mme le rata ho ya, le je tsohle tseo a le fang tsona, ka matswalo a kgutsitseng, le sa botse letho. 28Empa ha e mong a ka re ho lona: “Sena ke se hlabetsweng medimo ya bohata,” le se ke la se ja ka baka la eo ya le boleleletseng, le ka baka la letswalo. 29Ha ke bolele letswalo la hao, ke bolela la eo ya o boleletseng. Empa ke hobaneng ha bolokolohi ba ka bo laolwa ke letswalo la e mong? 30Ha ke leboha Modimo ka seo ke se jang, ho ya kang ha ke nyefolelwa ho leboha hoo?
31Ka baka leo, ebang le a ja, kapa le a nwa, kapa le etsa eng kapa eng, tsohle le di etsetse ho tlotlisa Modimo. 32Le se kgopise motho, e ka ba Mojuda, kapa moditjhaba, kapa le kereke ya Modimo, 33jwalokaha le nna ke leka ho thabisa bohle, dinthong tsohle. Ha ke ipatlele se molemo ke le mong, ke se batlela le ba bangata, hore ba tle ba pholoswe.

Currently Selected:

1 BAKORINTHE 10: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy