YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 9

9
Batho ba ileng ba kgutla bothopuweng
(Neh. 11:1-24)
1Baiseraele bohle ba balwa ho ya ka meloko ya bona, mme ba ngolwa Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele, le tsa Juda. Ka baka la ditshito tsa bona, ba thopuwa, ba iswa Babilona.
2Ba pele ba ileng ba kgutla ho ya aha naheng ya bona le metseng ya bona e bile Baiseraele, le baprista, le Balevi, le bahlanka ba sebeletsang ka Tempeleng.
3Ba morabe wa Juda, le ba morabe wa Benjamine, le ba morabe wa Efraime, le ba morabe wa Manase ba ileng ba aha Jerusalema ke bana: 4Utai, mora wa Amihude, setloholo sa Omeri, setloholwana sa Imeri, setlohotloholwana sa Bani ya tswetsweng ke Perese, mora wa Juda. 5Ho bara ba Shilo ya eba letsibolo la hae Asaya le bara ba hae; 6ho bara ba Sera ya eba Jeuele le bana babo, ba le makgolo a tsheletseng le mashome a robong; 7ho bara ba Benjamine ya eba Salo, mora wa Meshulame, setloholo sa Hodafiya, setloholwana sa Hasenuwa, 8le Jibeneya, mora wa Jerohame, le Ela, mora wa Usi, setloholo sa Mikeri, le Meshulame, mora wa Shefatiya, setloholo sa Reuele, setloholwana sa Jibeneya. 9Bana babo bona, ho ya ka meloko ya bona, ba ne ba le makgolo a robong le mashome a mahlano a metso e tsheletseng. Banna bana bohle e ne e le dihlooho tsa malapa abo bona.
Baprista ba neng ba ahile Jerusalema
10Baprista ba neng ba ahile Jerusalema ke bana: Jedaya, le Jehoyaribe, le Jakine, 11le Asariya, mora wa Hilekiya, eo baholoholo ba hae e neng e le bo-Meshulame, le Sadoke, le Meraote, le Ahitube, eo e neng e le mookamedi wa Tempele ya Modimo, 12le Adaya, mora wa Jerohame, eo baholoholo ba hae e neng e le bo-Pashahure, le Malakiya, le Maasai, le Adiele, le Jahesera, le Meshulame, le Meshilemite, le Imere. 13Bana babo bona bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le sekete le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng. E ne e le banna ba tsebang ho sebeletsa ka Tempeleng ya Modimo.
Balevi ba neng ba ahile Jerusalema
14Balevi ba neng ba ahile Jerusalema ke bana: Shemaya, mora wa Hashube, setloholo sa Asarikama, setloholwana sa Hashabiya, e mong wa bara ba Merari, 15le Bakabakare, le Hereshe, le Galale, le Mataneya, mora wa Mmika, setloholo sa Sikeri, setloholwana sa Asafo, 16le Obadiya, mora wa Shemaya, setloholo sa Galale, setloholwana sa Jedutune, le Berekiya, mora wa Asa, setloholo sa Elekana ya neng a ahile metseng ya Banetofa.
Balebedi ba Tempele ba neng ba ahile Jerusalema
17Balebedi ba menyako ya Tempele e ne e le Shalome, le Akube, le Talamone, le Ahimane, le bana babo bona. Mookamedi wa bona e ne e le Shalome. 18Pele ho mona, ba ne ba lebela kgoro ya kgosi e ka botjhabela, e le bona ba lebelang kgoro ya diahelo tsa Balevi. 19Shalome, mora wa Kore, setloholo sa Abiasafo, setloholwana sa Kora, le bana babo, ba lelapa la Kora, e ne e le baokamedi ba mosebetsi oo, e le balebedi ba menyako ya Tente ya Morena, jwalokaha bo-ntata bona ba ne ba okametse lebotho le lebelang menyako ya Tente ya Morena. 20Mehleng ya pele, Finease, mora wa Eleasare, e ne e le mookamedi wa bona, mme Morena a ena le yena. 21Sekariya, mora wa Meshelemiya, e ne e le molebedi wa monyako wa Tente ya Morena.
22Bohle ba ileng ba kgethelwa hore e be balebedi ba menyako ba ne ba le makgolo a mabedi le leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ho ya ka meloko ya bona, metseng ya habo bona. Bo-Davida le moporofeta Samuele ke bona ba neng ba hlomamise banna bana mosebetsing ona wa bona, o nang le boikarabelo. 23Ka baka leo, banna bao le bara ba bona, ba ne ba lebela menyako ya Tempele ya Morena, e leng Tente ya Morena. 24Balebedi ba menyako ba ne ba lebela mahlakore a mane, ke ho re ka botjhabela, le ka bophirimela, le ka leboya, le ka borwa. 25Bana babo bona, ba metseng ya bona, ba ne ba etla ka nako le nako, kamora matsatsi a supileng, ho tla ba phomotsa. 26Balebedi ba menyako ba bane, ba baholo, bao e neng e le Balevi, ba ne ba hlokomela dikamore, le matlole a Tempele ya Modimo. 27Ba ne ba qeta bosiu ba potapotile Tempele ya Modimo, hobane ba ne ba laetswe ho e lebela, le ho e bula hoseng ho hong le ho hong.
Balevi ba bang
28Balevi ba bang ba ne ba hlokomela thepa e sebeletsang, ba e bale ha ba e tlisa ka Tempeleng, leha ba e kgutlisetsa polokelong. 29Ba bang ba ne ba hlokomela dintho tsohle tsa Sehalalelo, le phofo e thumisehileng, le veine, le ole, le mokubetso, le dinoko. 30Ba bang ba bara ba baprista ba ne ba etsa ditlolo ka dinoko.
31Matiteya, e mong wa Balevi, e leng letsibolo la Shalome, wa morabe wa Kora, o ne a hlokomela tsohle tse phehwang ka dipane. 32Bana babo bona ba bang, e leng bara ba Kohate, ba ne ba hlokomela bohobe bo halalelang, ba bo bea tafoleng ka letsatsi le leng le le leng la Sabatha.
33Bao e neng e le dibini le dihlooho tsa malapa a Balevi, ba ne ba dula ka dikamoreng tsa Tempele, ba sa sebetse mesebetsi e meng, hobane bona ba ne ba sebetsa motsheare le bosiu.
34Bana e ne e le dihlooho tsa malapa a Balevi, e le dihlooho tsa meloko yohle ya bona, mme ba ahile Jerusalema.
Leloko la Saule
(1 Dik. 8:29-40)
35Jeiele, mothei wa Gibeone, o ne a ahile Gibeone. Lebitso la mosadi wa hae e ne e le Maaka. 36Mora wa hae wa matsibolo e ne e le Abadone, a hlahlangwa ke Sure, le Kishe, le Baale, le Nere, le Nadabe, 37le Gedore, le Ako, le Sekariya, le Mikelote. 38Mikelote a tswala Shimeame. Le bona ba ne ba ahile Jerusalema, haufi le bana babo bona.
39Nere a tswala Kishe, Kishe a tswala Saule, Saule a tswala Jonathane le Malekishuwa, le Abinadabe, le Eshebaale.
40Mora wa Jonathane e ne e le Meriba-Baale; Meriba-Baale a tswala Mmika. 41Bana ba Mmika e ne e le Pitone, le Meleke, le Taherea, le Akase.
42Akase a tswala Jara, Jara a tswala Alemete, le Asemafete, le Simeri, mme Simeri a tswala Mosa.
43Mosa a tswala Bina, Bina a tswala Refaya, Refaya a tswala Eleasa, Eleasa a tswala Asele. 44Asele o ne a ena le bara ba tsheletseng. Mabitso a bona ke ana: Asarikama, le Bokeru, le Ishemaele, le Sheariya, le Obadiya, le Hanane. Bana e ne e le bara ba Asele.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 9: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy