YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 28

28
Ditaelo tsa Davida mabapi le Tempele
1Davida a kgobokanya mahosana wohle a Iseraele, Jerusalema, le mahosana a merabe, le balaodi ba mabotho a sebeletsang kgosi ka dihlopha tsa wona ka ho suthelana, le balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, le bahlokomedi ba maruo wohle le matlotlo wohle a kgosi, le bahlokomedi ba bara ba kgosi, le bahlanka bohle, le banna ba dinatla, le bahale.
2Jwale kgosi Davida a ema, a re: “Mmameleng, lona bana beso, le setjhaba sa heso. Ke ne ke ena le maikutlo a ho hahela areka ya selekane sa Morena Tempele, eo e tla dula ka ho yona, le moo Modimo wa rona a tla namela teng, mme ke se ke entse ditokiso tsa ho e haha. 3Empa Modimo o ile a re ho nna: ‘O ke ke wa nkgahela Tempele, hobane o bile motho wa dintwa, mme o tsholotse madi.’
4“Leha ho le jwalo, Morena Modimo wa Iseraele, o kgethile nna, ho ba lelapa lohle la ntate, hore ke be kgosi ya Iseraele kamehla yohle. O kgethile Juda ho ba moetapele, mme morabeng wa Juda o kgethile lelapa leso. Hara bana beso o ile a kgahlwa ke nna, mme a mpea kgosi ya Iseraele yohle. 5Morena o mphile bara ba bangata, mme hara bara bohle o kgethile Solomone, mora wa ka, ho dula teroneng ya mmuso wa Morena, a buse Iseraele.
6“Morena o ile a re ho nna: ‘Solomone, mora wa hao, ke yena ya tla nkgahela Tempele, le mabala a yona, hobane ke mo kgethile hore e be mora wa ka, mme nna ke be ntatae. 7Ke tla tiisa mmuso wa hae kamehla yohle, haeba a ka nna a boloka melao ya ka le ditemoso tsa ka, jwalokaha a ntse a etsa.’
8“Ka baka leo, pontsheng ya Baiseraele bohle, e leng setjhaba sa Morena, le moo Modimo wa rona a ntseng a utlwa, batlang, mme le boloke melao yohle ya Morena Modimo wa lona, e le hore le tle le rue naha ena e ntle, le e siele bana ba lona, e be ya bona kamehla yohle.
9“Jwale wena Solomone, mora wa ka, tseba Modimo wa ntatao, o mo sebeletse ka pelo ya hao yohle, le ka maikutlo a hao wohle. Morena o lekola dipelo tsohle, mme o tseba menahano yohle, le mehopolo yohle. Ha o ka mmatla, o tla mo fumana, empa haeba o ka mo furalla, o tla o lahlela ruri! 10Hlokomela he, hobane Morena o o kgethetse hore o mo hahele Tempele eo e leng Sehalalelo sa hae. Eba monna, o etse jwalo.”
Davida o nea Solomone setshwantsho sa Tempele
11Jwale Davida a nea Solomone, mora wa hae, setshwantsho sa lethule la Tempele, le sa matlo a yona, le sa dikamore tsa matlotlo, le sa dikamore tse kahodimo, le sa dikamore tse kahare, le sa sekwahelo sa tefelo ya sebe. 12A mo nea le setshwantsho sa tsohle tse neng di le mohopolong wa hae, e leng mabala a Tempele ya Morena, le dikamore tse a potapotileng, le dikamore tsa matlotlo a Tempele ya Modimo, le dikamore tsa dimpho tse halalelang.
13Davida a laela Solomone kamoo a tla hlopha baprista le Balevi kateng, hore ba etse mosebetsi wohle wa tshebeletso ya Tempele ya Morena; le kamoo thepa yohle e tla sebediswa kateng ha ho sebeletswa ka Tempeleng ya Morena. 14A mo laela le hore na boima ba kgauta le ba silefera e tla etsa thepa yohle, e tla sebediswa, bo be bokae. 15A mmolella le boima ba kgauta e tla etsa didulwana tsa mabone, le e tla etsa mabone, le boima ba silefera e tla etsa didulwana tsa mabone, le e tla etsa mabone, ho ya kamoo sedulwana ka seng se tla sebediswa kateng. 16A mmolella le boima ba kgauta e tla etsa tafole e nngwe le e nngwe e tla bea bohobe bo halalelang, le boima ba silefera e tla etsa ditafole tsa silefera, 17le boima ba kgauta e hlwekisitsweng e tla etsa difereko, le dikotlolwana, le dikomiki, le boima ba kgauta e tla etsa sekotlolo ka seng sa kgauta, le boima ba silefera e tla etsa sekotlolo ka seng sa silefera. 18A ba a mmolella le boima ba kgauta e hlwekisitsweng, e tla etsa aletare ya ho tjhesetsa mokubetso, a mo nea le setshwantsho sa kariki, ke ho re sa dikerubime tsa kgauta, tse tla thathalatsa mapheo, di kgurumetse areka ya selekane sa Morena.
19Yaba Davida o re: “Tsena tsohle ke di ngotse, hobane letsoho la Morena le ile la ntataisa, mme a etsa hore ke utlwisise diqaqiso tsohle tsa setshwantsho sena.”
20Davida a boela a re ho mora wa hae Solomone: “Eba monna, o be sebete, o etse jwalo. O se ke wa tshaba, kapa wa tsieleha, hobane Morena Modimo, e leng Modimo wa ka, o tla ba le wena. Ha a ka ke a o lahla, kapa a o furulla, ho fihlela o qeta mosebetsi wohle wa ho haha Tempele ya Morena. 21Dihlopha tsa baprista le tsa Balevi di tla o thusa mosebetsing wohle wa Tempele ya Modimo. Banna bohle ba ditsebi ba tla o thusa mesebetsing yohle e batlang tsebo; le mahosana le setjhaba sohle se tla mamela taelo ya hao.”

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 28: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy