YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 27

27
Balaodi ba mabotho
1Lena ke lenane la bana ba Iseraele, ho ya ka palo ya bona, e leng dihlooho tsa malapa a bona, le balaodi ba bahlabani ba dikete, le ba bahlabani ba makgolo, le bahlanka ba sebeletsang kgosi ditabeng tsohle tse amanang le mabotho. Ba ne ba sebetsa ka dihlopha tse suthelanang ka kgwedi le kgwedi, selemo sohle. Lebotho ka leng le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
2Jeshobame, mora wa Sabediele, o ne a laola lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya pele. Le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene. 3E ne e le wa leloko la Perese, e le hlooho ya balaodi bohle ba mabotho a sebetsang ka kgwedi ya pele.
4Dodai, wa morabe wa Ahohi, o ne a laola lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bobedi, motlatsi wa hae e ne e le Mikelote. Le yena lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
5Benaya, mora wa Moprista e Moholo Jehoyada, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya boraro. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene. 6Ke yena Benaya yane eo e neng e le e mong wa bahale ba mashome a mararo e bile e le mookamedi wa bona. Amisabade, mora wa hae, e ne e le yena ya laolang lebotho lena.
7Asaele, ngwanabo Joabe, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bone. Sebadiya, mora wa hae, o ne a mo hlahlama. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
8Shameute, wa morabe wa Isera, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bohlano. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
9Ira, mora wa Ikeshe wa Tekowa, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya botshelela. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
10Helese wa Mopelone, wa morabe wa Efraime, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bosupa. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
11Sibekai wa Mohusha, wa morabe wa Sera, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya borobedi. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
12Abiesere wa Moanatote, wa morabe wa Benjamine, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya borobong. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
13Maharai wa Monetofa, wa morabe wa Sera, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya leshome. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
14Benaya wa Mopiratone, wa morabe wa Efraime, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya leshome le motso o mong. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
15Heledai wa Monetofa, wa morabe wa Oteniele, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
Dihlooho tsa merabe ya Iseraele
16Dihlooho tsa merabe ya Iseraele e ne e le tsena: Hlooho ya ba morabe wa Rubene e ne e le Eleesere, mora wa Sikeri; ya ba morabe wa Simeone e le Shefatiya, mora wa Maaka. 17Ho ba morabe wa Levi, hlooho e ne e le Hashabiya, mora wa Kemuele; ho ba morabe wa Arone e le Sadoke. 18Ho ba morabe wa Juda hlooho e ne e le Elehu, e mong wa bana babo Davida; ho ba morabe wa Isakare e le Omeri, mora wa Mikaele. 19Ho ba morabe wa Sebulone hlooho e ne e le Jishemaya, mora wa Obadiya; ho ba morabe wa Nafthali e le Jeremote, mora wa Aseriele. 20Ho ba morabe wa Efraime hlooho e ne e le Hoshea, mora wa Asasiya; ho ba karolo e nngwe ya ba morabe wa Manase e le Joele, mora wa Pedaya. 21Ho ba karolo e nngwe ya ba morabe wa Manase e Gileade, hlooho e ne e le Ido, mora wa Sekariya; ho ba morabe wa Benjamine e le Jaasiele, mora wa Abinere. 22Ho ba morabe wa Dane hlooho e ne e le Asariele, mora wa Jerohame.
Bana e ne e le mahosana a merabe ya Iseraele.
23Empa Davida ha a a ka a bala ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya tlase, hobane Morena o ne a itse o tla ngatafatsa Baiseraele, ba be kaalo ka dinaledi tsa lehodimo. 24Joabe, mora wa Seruya, o ne a ile a qala ho bala batho, empa a se ke a qeta. Ho bala setjhaba hoo ha tlisetsa Baiseraele kotlo; ka baka leo, palo eo ha ya ka ya ngolwa Bukeng ya Diketsahalo tsa kgosi Davida.
Badisa ba maruo a kgosi
25Matlotlo a kgosi a ne a hlokomelwa ke Asemafete, mora wa Adiele; athe disiu tse ka mathoko, le tse metseng, le tse metsaneng, le tse diqhobosheaneng, di ne di hlokomelwa ke Jehonathane, mora wa Usiya. 26Eseri, mora wa Kelobe, o ne a hlokomela balemi. 27Shimei, ya neng a ahile Rama, o ne a hlokomela masimo a morara; Sabedi, ya neng a ahile Shifame, o ne a hlokomela morara o yang ditlhotlelong. 28Baale-Hanane wa Mogedere, o ne a hlokomela difate tsa mohlwaare le tsa monokotshwai tse maralleng a ka bophirimela; Jowashe o ne a hlokomela matlo ao ho bolokwang ole ka ho wona.
29Shiterai wa Mosharone o ne a hlokomela dikgomo tse neng di le metebong e Sharone; Shafate, mora wa Adelai, o ne a hlokomela dikgomo tse neng di le ka dikgohlong. 30Obile wa Moishemaele o ne a hlokomela dikamele; Jehedeya, ya neng a ahile Meronote, o ne a hlokomela ditonki. 31Jasise wa Mohagare o ne a hlokomela dikgutshwane. Bana bohle e ne e le badisa ba maruo wohle a kgosi Davida.
Baeletsi ba Davida
32Jonathane, rangwana Davida, e ne e le moeletsi ya bohlale, e bile e le mongodi, mme Jehiele, mora wa Hakemoni, o ne a hlokomela bara ba kgosi. 33Ahitofele e ne e le moeletsi wa kgosi; Hushai wa Moarake e le motswalle wa kgosi. 34Ahitofele a hlahlangwa ke Jehoyada, mora wa Benaya, le Abiatare.
Molaodi wa mabotho a kgosi e ne e le Joabe.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 27: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy