YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 25

25
Dibini tsa Tempele
1Bo-Davida le balaodi ba mabotho ba kgetha ba bang ba bara ba Asafo, le ba Hemane, le ba Jedutune, hore ha diharepa, le dikatara, le matlheretlhere, di ba kenya moya, ba phatlalatse molaetsa wa Modimo. Lenane la banna ba neng ba sebetsa mosebetsi ona ke lena: 2Hara bara ba Asafo e ne e le Sakure, le Josefa, le Netaniya, le Asarela. Ba ne ba okametswe ke Asafo, ya neng a phatlalatsa molaetsa ho ya ka taelo ya kgosi. 3Hara bara ba Jedutune e ne e le Gedaleya, le Seri, le Jeshaya, le Shimei, le Hashabiya, le Matiteya. Ba ne ba tsheletse, mme ba okametswe ke ntata bona Jedutune, ya neng a letsa harepa ha a phatlalatsa molaetsa wa Modimo, a leboha Morena, a bile a mo rorisa. 4Hara bara ba Hemane teng e ne e le Bukiya, le Mataneya, le Usiele, le Shebuele, le Jerimote, le Hananiya, le Hanani, le Eleata, le Gidaleti, le Romameti-Esere, le Joshebekasha, le Maloti, le Hotire, le Mahasiote. 5Bana bohle e ne e le bara ba Hemane, senohe sa kgosi ditabeng tsa Modimo. Modimo a matlafatsa Hemane ka ho mo fa bara ba leshome le metso e mene, le baradi ba bararo.
6Batho bana bohle ba ne ba okametswe ke ntata bona, ba bina ka Tempeleng ya Morena; ba letsa matlheretlhere, le dikatara, le diharepa, nakong ya ditshebeletso ka Tempeleng ya Modimo, ho latela taelo ya kgosi ho bo-Asafo, le Jedutune, le Hemane. 7Bana bohle, hammoho le bang ka bona, ba ne ba rutilwe, mme ba tseba ho binela Morena. Ba ne ba le makgolo a mabedi, le mashome a robedi a metso e robedi. 8Batjha le maqheku, baruti le barutuwa, ba abelwa mosebetsi ka lotho, ka ho tshwana.
9Lotho la pele, e leng la lelapa la Asafo, la ntsha Josefa. La bobedi la ntsha Gedaleya, le bana babo, le bara ba hae, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 10La boraro la ntsha Sakure, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 11La bone la ntsha Isiri, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 12La bohlano la ntsha Netaniya le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 13La botshelela la ntsha Bukiya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 14La bosupa la ntsha Jesharela, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 15La borobedi la ntsha Jeshaya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 16La borobong la ntsha Mataneya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 17La leshome la ntsha Shimei, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 18La leshome le motso o mong la ntsha Asariele, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 19La leshome le metso e mmedi la ntsha Mashabiya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 20La leshome le metso e meraro la ntsha Shubaele, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 21La leshome le metso e mene la ntsha Matiteya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 22La leshome le metso e mehlano la ntsha Jerimote, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 23La leshome le metso e tsheletseng la ntsha Hananiya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 24La leshome le metso e supileng la ntsha Joshebekasha, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 25La leshome le metso e robedi la ntsha Hanani, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 26La leshome le metso e robong la ntsha Maloti, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 27La mashome a mabedi la ntsha Eleata, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 28La mashome a mabedi a motso o mong la ntsha Hotire, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 29La mashome a mabedi a metso e mmedi la ntsha Gidaleti, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 30La mashome a mabedi a metso e meraro la ntsha Mahasiote, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi. 31La mashome a mabedi a metso e mene la ntsha Romameti-Esere, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 25: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy