YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 19

19
Davida o hlola Baamone le Baarame
(2 Sam. 10:1-19)
1Kamorao ho mona, Nahashe, kgosi ya Baamone, a shwa, mme mora wa hae a mo hlahlama. 2Yaba Davida o re: “Hanune, mora wa Nahashe, ke tla mo etsetsa tse molemo, hobane ntatae le yena o ile a nketsetsa tse molemo.” Ka baka leo, Davida a roma maqosa a hae ho isetsa Hanune matshediso, ka baka la lefu la ntatae.
Bahlanka ba Davida ba fihla naheng ya Baamone ho isetsa Hanune matshediso. 3Empa mahosana a Baamone a re ho Hanune: “O bona eka Davida o tlotla ntatao, ha a rometse maqosa ho tla o tshedisa? Na bahlanka ba hae ha ba a tla ho wena moo ho tla hlahloba naha, le ho e hlwela, hore ba tle ba e hape?”
4Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, o ba beola ditedu, o hahola diaparo tsa bona ka lehare, ho ya fihla dibonong, a nto re ba tsamaye. 5Davida a tsebiswa kamoo banna bao ba entsweng kateng, mme a romela maqosa ho ya ba kgahlanyetsa, hobane banna bao ba ne ba hlabilwe ke dihlong haholo. Yaba kgosi Davida o re ho bona: “Dulang moo Jeriko ho fihlela ditedu tsa lona di hlomela, ebe jwale le a kgutla.”
6Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, Hanune le Baamone ba romela silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene, ho ya hira dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba dipere ba tswang Mesopotamia, le Maaka, le Soba. 7Ba hira dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo a metso e mmedi; ba hira le kgosi ya Maaka le bahlabani ba yona, mme bona ba tla, ba fihla ba hloma diahelo tsa bona haufi le Medeba. Baamone ba phutheha metseng ya bona, ba itokisetsa ho lwana.
8Ha Davida a utlwa taba ena, a romela Joabe le lebotho lohle la bahlabani. 9Baamone ba tswa, ba thea theko ya ntwa kapele ho kgoro ya motse. Dikgosi tse neng di tlile ho tla thusetsa, di ne di le naheng, di le ding.
10Ha Joabe a bona hore ba direng ba mo hlahile kapele le kamorao, a kgetha mokgetho hara bahale bohle ba Baiseraele, a o emisa ka theko, wa thulana le Baarame. 11Bahlabani ba bang bona a ba bea tlasa taolo ya ngwanabo, Abishai, le bona ba thea theko, ba thulana le Baamone. 12Joabe a re: “Haeba Baarame ba ka nkimela, wena o tla nthusetsa; le nna, ke tla o thusetsa haeba Baamone ba ka o imela. 13Tiisa matla, re lwane ka sebete, re lwanele setjhaba sa habo rona, le metse ya Modimo wa rona. Morena a ke a etse seo yena a bonang hore se lokile.”
14Jwale Joabe le bahlabani ba neng ba ena le yena ba atamela thekong ya Baarame, mme ditheko tsa kopana. Baarame ba baleha. 15Ha Baamone ba bona hore Baarame ba balehile, le bona ba baleha Abishai, ba ba ba ya kena motseng. Jwale Joabe a kgutlela Jerusalema.
16Ha Baarame ba bona hore Baiseraele ba ba hlotse, ba roma maqosa hore a late Baarame ba neng ba le kamose wane ho Noka, mme ba tla ba eteletswe pele ke Shofake, molaodi wa mabotho a Hadade-Esere.
17Hoba Davida a tsebiswe hona, a kgobokanya bahlabani bohle ba Baiseraele, a tshela Jorodane, mme a fihla ho Baarame, a thea theko ya ntwa. Ha a se a theile theko ya ntwa kapele ho Baarame, ba mo lwantsha. 18Baarame ba baleha Baiseraele. Davida a bolaya Baarame ba dikete tse supileng ba palamang dikariki tsa ntwa, le banna ba ditaaso ba dikete tse mashome a mane. A bolaya le Shofake, molaodi wa mabotho a bona.
19Ha bahlabani ba Hadade-Esere ba bona hore Baiseraele ba ba hlotse, ba etsa kgotso le Davida, ya eba bahlanka ba hae.
Baarame ba se ke ba hlola ba thusetsa Baamone.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 19: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy