YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 18

18
Kakaretso ya dintwa tsa Davida
(2 Sam. 8:1-18)
1Kamora tsena, Davida a hlola Bafilesita, a ba busa, mme a ba amoha Gate le metsana ya yona.
2Ahlola Bamoabe, mme Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.
3Ha Hadade-Esere, kgosi ya Soba, a ne a ilo hloma puso ya hae pela noka ya Euferatese, Davida a mo hlola Hamate. 4Davida a hapa dikariki tsa Hadade-Esere tsa ntwa tse sekete, le banna ba dipere ba dikete tse supileng, le ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Dipere tsohle tse hulang dikariki tsa ntwa a di kgaola mesifa, a siya feela tse lekaneng ho hula dikariki tsa ntwa tse lekgolo.
5Ha Baarame ba Damaseka ba eya ho ya thusetsa Hadade-Esere, kgosi ya Soba, Davida a bolaya banna ba Baarame ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi. 6Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Baarame e Damaseka, mme Baarame ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang. Ka mokgwa o jwalo, Morena a etsa hore Davida a hlole hohle moo a neng a futuhela teng.
7Davida a nka dithebe tsa bahlabani ba Hadade-Esere tse neng di entswe ka kgauta, a di isa Jerusalema. 8Ka mokgwa o jwalo, le metseng ya Hadade-Esere, e leng Tibehate le Kune, Davida a nka lethose le lengata, leo ka lona Solomone a ileng a etsa tanka ya lethose eo baprista ba tollang ka ho yona, le ditshiya, le dintho tsa lethose.
9Ha Toi, kgosi ya Hamate, a utlwa kamoo Davida a hlotseng lebotho lohle la Hadade-Esere kgosi ya Soba kateng, 10a romela mora wa hae Hadorame ho Davida, ho ya mo dumedisa, le ho mo lebohela ha a lwantshitse Hadade-Esere, mme a mo hlola, hobane Hadade-Esere o ne a ile a lwantsha Toi hangata. Hadorame a isetsa Davida mefuta yohle ya dintho tse entsweng ka kgauta, le ka silefera, le ka lethose.
11Le tsona, kgosi Davida a di kgethela Morena, hammoho le silefera, le kgauta eo a neng a e hapile ditjhabeng tsena tsohle, e leng Baedomo, le Bamoabe, le Baamone, le Bafilesita, le Baamaleke.
12Abishai, mora wa Seruya, le yena a bolaya Baedomo ba dikete tse leshome le metso e robedi, a ba bolaela ka Kgohlong ya Letswai.
13Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Edomo, mme Baedomo bohle ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang. Ka mokgwa o jwalo, Morena a etsa hore Davida a hlole hohle moo a neng a futuhela teng.
Tsamaiso ya puso ya Davida
(2 Sam. 8:15-18; 20:23-26)
14Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete. 15Joabe, mora wa Seruya, ya eba molaodi wa mabotho; Jehoshafate, mora wa Ahilode, yena ya eba mongodi wa diketsahalo. 16Sadoke, mora wa Ahitube, le Abimeleke, mora wa Abiatare, bona ya eba baprista, mme Shafesha yena ya eba mongodi wa puso. 17Benaya, mora wa Jehoyada, o ne a laola Bakerete le Bapelete; bara ba Davida bona e le batlatsi ba kgosi.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 18: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy