YouVersion Logo
Search Icon

1 DIKETSAHALO 10

10
Lefu la Saule le bara ba hae
(1 Sam. 31:1-13)
1Bafilesita ba lwantsha Baiseraele. Banna ba Iseraele ba ba baleha, ba wa mofela hodima thaba ya Gileboa. 2Bafilesita ba bea Saule le bara ba hae merebele, ba bolaya Jonathane, le Abinadabe, le Malekishuwa, bara ba Saule. 3Ntwa ya imela Saule. Banna ba diqha ba fula Saule ka metsu, mme a tswa kotsi e mpe.
4Yaba Saule o re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nka sabole ya hao, o ntlhabe, esere maqai ana a fihla a nqetela, mme ka tlontloloha.”
Empa mojari wa dihlomo tsa hae a hana, hobane o ne a tshohile haholo. Ka baka leo, Saule a nka sabole ya hae, a itihela hodima yona. 5Ha mojari wa dihlomo tsa hae a bona hore Saule o shwele, le yena a itihela hodima sabole ya hae, a shwa. 6Saule a shwa hammoho le bara ba hae ba bararo, le ba lelapa la hae bohle.
7Ha Baiseraele bohle ba neng ba le ka kgohlong ba bona hore bahlabani ba a baleha, le hore Saule le bara ba hae ba se ba bolailwe, ba siya metse ya bona, ba baleha. Yaba Bafilesita ba a tla, ba ikgahela ho yona.
8Ka le hlahlamang, ha Bafilesita ba tlilo hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bolaetswe thabeng ya Gileboa. 9Ha ba se ba hlobodisitse Saule, ba nka hlooho ya hae, le seaparo sa hae sa ntwa, ba romela maqosa hohle naheng ya Bafilesita ho phatlalatsa taba ena e thabisang ho medimo ya bona ya bohata, le ho setjhaba sohle. 10Ba bea seaparo sa Saule sa ntwa ka tempeleng ya medimo ya bona ya bohata, hlooho ya hae yona ba e fanyeha ka tempeleng ya Dagone.
11Ha baahi bohle ba Jabeshe-Gileade ba utlwa seo Bafilesita ba se entseng Saule, 12banna bohle ba bahale ba phalla, ba nka setopo sa Saule, le ditopo tsa bara ba hae, ba di isa Jabeshe. Ba epela masapo a bona tlasa sefate sa eike se Jabeshe, mme ba itima dijo ka matsatsi a supileng.
13Yaba Saule o shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a ileng a sitelwa Morena ka tsona, e leng ho se boloke ditaelo tsa Morena, le ho batla dikeletso ho mathuela. 14O ne a sa ka a botsa Morena, mme ka baka leo, Morena o ile a mmolaya, mmuso wa hae a o nea Davida, mora wa Jese.

Currently Selected:

1 DIKETSAHALO 10: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy