YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 8

8
Mosadi wa mofebi.
1Mme Jesu a ya thabeng ya Mehlwaare.
2Kameso, a boela a ya tempeleng; yaba batho ba tla ho yena kaofela; mme a dula, a ba ruta.
3Yaba bangodi le bafarisi ba mo tlisetsa mosadi ya tshwerweng a boka; mme ha ba mmeile hare, 4ba re ho yena: Moruti, mosadi enwa o tshwerwe a boka. 5Jwale, Moshe o re laetse molaong ho tlepetsa ba jwalo ka majwe; na wena, o re eng? 6Ba bua jwalo ho mo leka, le ho bona seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu o ne a ngola fatshe ka monwana a inamile. 7Mme kahobane ba ne ba phehella ho mmotsa, a inamoloha, a re ho bona: Ya se nang sebe ho lona e be yena ya qalang ho mmetsa ka lejwe. 8A ntoo boela a inama, a nna a ngola fatshe. 9Eitse hobane ba utlwe polelo eo, ba kgalemelwa ke matswalo a bona, mme ba tswa ba salane morao, ho qala ka ba baholo ho qetella ka ba morao; mme Jesu a siuwa a nnotshi, mosadi a ntse a eme hare. 10Yaba Jesu o a inamoloha, mme yare ha a bona ho se motho, e le mosadi feela, a re ho yena: Mosadi, baqosi bale ba hao ba kae na? Na ha ho motho ya o tswileng? 11A re: Ha ho motho, Morena. Jesu a re ho yena: Le nna ha ke o tswe. Eya, mme o se ke wa boela wa etsa sebe.]
Jesu o ruta ka tsa thomo ya hae.
12Yaba Jesu o boela a bua le bona, a re: Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang a ke ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo. 13Empa bafarisi ba re ho yena: O a ipaka e le wena; bopaki ba hao hase ba nnete. 14Jesu a araba, a re ho bona: Leha ke ipaka, bopaki ba ka ke ba nnete; hobane ke tseba moo ke tswang teng le moo ke yang teng; empa lona, ha le tsebe moo ke tswang teng le moo ke yang teng. 15Le ahlola ka nama; nna ha ke ahlole motho. 16Mme leha nka ahlola, kahlolo ya ka ke ya nnete; hobane ha ke nnotshi, ke mpa ke na le Ntate ya nthomileng. 17Esita le molaong wa lona ho ngodilwe hore bopaki ba batho ba babedi ke ba nnete. 18Ke nna ke ipakang, mme Ntate ya nthomileng o a mpaka le yena. 19Yaba ba re ho yena: Ntatao o kae? Jesu a araba, a re: Ha le ntsebe, ha le tsebe le Ntate; hoja le a ntseba, le ka be le tseba le yena Ntate. 20Jesu a bolela taba tseo polokelong ya letlotlo, a ruta tempeleng; mme ha ho a ka ha eba motho ya mo tshwarang, kahobane nako ya hae e ne e eso ho tle.
21Yaba Jesu o boela a re ho bona: Ke a ya, mme le tla mpatla, mme le tla shwa sebeng sa lona; moo nna ke yang teng, lona le sitwa ho tla. 22Jwale, Bajuda ba re: Hleka o tla ipolaya, ha a re: Moo nna ke yang teng, lona le sitwa ho tla? 23A mpa a re ho bona: Lona, le ba tlase, nna, ke wa hodimo; lona, le ba lefatshe lena, nna, ha ke wa lefatshe lena. 24Ke ka baka leo ke le boleletseng, ka re: Le tla shwa dibeng tsa lona. Ekare ha le sa dumele hobane ke nna enwa, le tla shwa dibeng tsa lona. 25Yaba ba re ho yena: O mang, wena? Jesu a re ho bona: Ke hlile ke seo ke le boleletseng sona ho qaleng. 26Ke na le ditaba tse ngata tsa ho le bolela, le tsa ho le ahlola ka tsona; empa ya nthomileng ke wa nnete; mme ditaba tseo ke di utlwileng ho yena ke di bolella lefatshe. 27Ha ba ka ba utlwisisa hore o bua tsa Ntatae ho bona. 28Jwale, Jesu a re ho bona: Etlare hobane le fanyehe Mora motho, ke moo le tla tseba hobane ke nna enwa, le hobane ha ke etse letho ke nnotshi, ke mpa ke bolela ditaba tseo jwalokaha Ntate a nthutile. 29Ya nthomileng o na le nna. Ntate ha a ka a ntlohela ke nnotshi, kahobane ke ntse ke etsa kamehla se mo kgahlisang.
30Ha a ntse a bolela tseo, ba bangata ba dumela ho yena. 31Yaba Jesu o re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: Ekare ha le tiisetsa lentsweng la ka, le tla ba barutuwa ba ka ka nnete; 32le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla. 33Ba mo araba, ba re: Re leloko la Abrahama, ha re eso ho be bahlanka ba motho le ka mohla o le mong; o bolela jwang, ha o re: Le tla lokollwa? 34Jesu a ba araba, a re: Kannetenete ke re ho lona: E mong le e mong ya etsang sebe, ke mohlanka wa sebe. 35Mohlanka a ke ke a nna a dula hae kamehla, empa mora ke yena ya dulang teng kamehla. 36Ka baka leo, ekare ha Mora a le lokolla etlaba le lokolotswe ka sebele. 37Ke a tseba hobane le leloko la Abrahama; empa le rata ho mpolaya, kahobane lentswe la ka ha le na tulo ho lona. 38Nna ke bolela seo ke se boneng ho Ntate; le lona he le etsa seo le se boneng ho ntata lona. 39Ba araba, ba re ho yena: Ntata rona ke Abrahama. Jesu a re ho bona: Holane le bana ba Abrahama, le ka be le etsa mesebetsi ya Abrahama. 40Athe jwale le rata ho mpolaya, nna ke leng motho ya le boleletseng nnete, eo ke e utlwileng ho Modimo; Abrahama ha a ka a etsa hona. 41Lona, le etsa mesebetsi ya ntata lona. Yaba ba re ho yena: Rona ha re a tswalwa bonyatsing; ntata rona o mong feela, ke Modimo. 42Jesu a re ho bona: Holane Modimo ke ntata lona, le ka be le nthata, kahobane ke tswile ho Modimo, mme ke tlile. Ha ke a itlisa, empa ke wona o nthomileng. 43Ha le utlwisise puo ya ka keng? Ke hobane le sitwa ho utlwa lentswe la ka. 44Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano. 45Empa nna, kahobane ke bolela nnete, ha le ntumele. 46Ke mang ho lona ya tla nkgodisa hore ke na le sebe? Ha ke bua nnete, ha le ntumele keng? 47Eo e leng wa Modimo o utlwa mantswe a Modimo; ke ka baka leo le sa utlweng, hobane le se ba Modimo.
48Yaba Bajuda ba araba, ba re ho yena: Na ha re bue hantle, ha re re: O Mosamaria, mme o na le motemona na? 49Jesu a araba, a re: Nna, ha ke na motemona, ke mpa ke hlonepha Ntate, empa lona, le a nthlompolla. 50Ha ke batle thoriso ya ka; o teng ya e batlang, ya ahlolang. 51Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a bona lefu le ka mohla o le mong. 52Yaba Bajuda ba re ho yena: Jwale, re a tseba hobane o na le motemona; Abrahama o shwele, le bona baporofeta; mme wena o re: Ekare ha motho a boloka lentswe la ka, a ke ke a utlwa lefu le ka mohla o le mong. 53Na o moholo ho ntata rona Abrahama na? Yena o shwele, le baporofeta ba shwele; wena, o ipea mang na? 54Jesu a araba, a re: Ekare ha ke ithorisa e le nna, thoriso ya ka hase letho; ya nthorisang ke Ntate, eo le reng ke Modimo wa lona. 55Athe ha le mo tsebe. Nna, ke a mo tseba; ha nka re, ha ke mo tsebe, nka ba leshano jwaloka lona; empa ke a mo tseba, mme lentswe la hae ke a le boloka. 56Abrahama, ntata lona, o nyakalletse ho bona letsatsi la ka, mme o le bone, a ba a thaba. 57Yaba Bajuda ba re ho yena: Dilemo tsa hao ha di eso ho be mashome a mahlano, mme o re o bone Abrahama? 58Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Abrahama ha a eso ho hlahe, ke ntse ke le teng. 59Jwale, ba thola majwe hore ba mmetse; empa Jesu a ipata, a tswa tempeleng, a iphetela hara bona; mme a itsamaela jwalo.

Currently Selected:

JOHANNE 8: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy