TITE 3:4-7
TITE 3:4-7 SSO61-SO
Empa mohla ho bonahatseng mohau wa Modimo, Mmoloki wa rona, le lerato la wona ho batho, o re pholositse; e seng ka mesebetsi e lokileng e entsweng ke rona, empa e bile ka lereko la wona, ka hlatsuo ya ho tswalwa la bobedi, le ka ntjhafatso ya Moya o Halalelang, oo o o tshetseng ka bongata hodima rona ka Jesu Kreste, Mmoloki wa rona; hore, ha re se re beilwe ba lokileng ka mohau wa wona, re tle re be majalefa a bophelo bo sa feleng, jwalokaha re tshepile.






