DIPESALEME 76
76
Ho lebohuwa Modimo bakeng sa dikahlolo tsa wona.
Ho monga baphokodi. Ka tse tidinngwang. Pesaleme ya Asafe. Sefela.
1Modimo o tsejwa Juda, lebitso la wona le leholo hara Iseraele; 2tabernakele ya wona e Saleme, moaho wa wona o Sione. 3Ke moo o robileng metsu e hadimang, le dithebe, le marumo, le dibetsa tsa ntwa. (Sela.)
4O fetisa dithaba tsa mashodu ka kganya le ka bokgabane! 5Bahale ba matla ba hlotswe, ba ithobaletse boroko ba bona; bahale ha ba ka ba tseba ho lwana ka matsoho a bona. 6Ka tshokelo ya hao, Modimo wa Jakobo, makoloi hammoho le dipere tsa tshwarwa ke boroko bo boholo.
7Wena, o a tshabeha. Ke mang ya ka emang pela hao, ha o qala ho halefa? 8O boletse tsuo o le mahodimong; lefatshe la tshoha, la ba la kgutsa, 9ha Modimo o tsoha ho ahlolela le ho boloka bahlomohi bohle ba lefatshe. (Sela.)
10Kgalefo ya motho e tla o fetohela thoriso; ka kgalefo e setseng ho wena o tla itlama letheka. 11Ikaneng ho Jehova, Modimo wa lona, le ntoo mo lefela; ditjhaba tsohle tse kamathoko di ke di tlise dinyehelo ho Modimo o tshabehang. 12O rapalatsa boikgohomoso ba mahosana, a tshabeha ho marena a lefatshe.
Currently Selected:
DIPESALEME 76: SSO61-SO
Highlight
Copy
Compare
Share
Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

: