YouVersion Logo
Search Icon

MIKEA 2

2
1Ho madimabe ba nahanang bolotsana, ba rerang bobe diphateng tsa bona! Ba bo etsa leseding la meso, hobane matsoho a bona ho bona ke modimo. 2Ba lakatsa masimo, ho a hapa, le matlo, ho inkela wona: ba hatakela monna le ntlo ya hae, motho le lefa la hae. 3Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, nna ke rerela moloko ona bobe boo le ke keng la ntsha melala ya lona ho bona, ha le sa tla hlola le tsamaya le sataletse, hobane nako ena ke e mpe. 4Ka tsatsi leo, ho tla etswa pina ya sesomo hodima lona, ho binwe le pina ya mahlomola e reng: Ho fedile! Re sentswe, re sentswe ruri. Jehova o nea ba bang lefa la setjhaba sa heso! O nkamoha lona jwang? O arolela bahedene masimo a rona! 5Ka baka leo, o tla hloka ya akgelang kgwele ya ho lekanya hodima sekoto sa naha, phuthehong ya Jehova.
6 Baporofeta ba bohata ba ntse ba porofeta, ba re: Le se ke la hlola le porofeta; ba se ke ba nna ba porofeta tse jwalo; dikgalemelo tsa bona ha di fele! 7Wena ya bitswang ntlo ya Jakobo, na pelo ya Jehova e kgutshwanyane? Na ke wona mokgwa wa hae? Dipolelo tsa ka na ha di hlahise molemo ho ya tsamayang ka ho loka? 8Athe le moaba, setjhaba sa ka se ipeile sera. Le hlobodisa batho kobo eo ba e aparetseng hodima e nngwe, ha ba iphetela ka kgotso, ba sa hopole ntwa. 9Basadi ba setjhaba sa ka le ba leleka tlung e ratehang ya bona, le bile le amoha bana ba bona kganya ya ka, hore ba e hloke kamehla yohle. 10Tsohang, le tsamaye! hobane mona hase moo le ka phomolang teng ka baka la ditshila tse hlahisang tshenyeho, tshenyeho e tshabehang. 11Hoja motho o teng ya tsamaelang lefeela le bohata, ya thetsang ka ho re: Ke tla o porofetela bakeng sa veine le jwala! ekabeba moporofeta eo ke ya ka lokelang setjhaba sena.
12Ke tla o bokella, ke o bokelle ruri, wena Jakobo kaofela; ke tla phutha le ho phutha masala a Iseraele; ke tla ba bea hammoho jwaloka dinku tse hara lesaka, jwaloka mohlape o hara makgulo; e tla ba boiyane ba batho. 13Mophunyatsela o tla tsamaya kapele ho bona, ba tla phunya, ba tlole ka monyako ba be ba tswe ka wona; morena wa bona o tla ba etella pele, Jehova e be yena sehlooho sa bona.

Currently Selected:

MIKEA 2: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy