YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 9

9
Jesu o fodisa motho ya tswetsweng e le sefofu.
1Eitse Jesu ha a feta, a bona monna esale a tswalwa a foufetse. 2Barutuwa ba hae ba mmotsa, ba re: Rabbi, ke mang ya sitilweng, kapa yena, kapa batswadi ba hae, haele moo a tswetswe a foufetse? 3Jesu a araba, a re: Ha ho a sitwa yena, leha e le batswadi ba hae, empa e le hore mesebetsi ya Modimo e bonahatswe ka yena. 4E ka kgona ke etse mesebetsi ya ya nthomileng, letsatsi le eso ho dikele; bosiu bo a tla, boo motho a sitwang ho sebetsa ka jona. 5Ha ke sa le lefatsheng, ke lesedi la lefatshe.
6Eitse hobane a bue jwalo, a tshwela mathe fatshe, a duba seretse ka mathe ao, mme a neta mahlo a sefofu ka seretse seo, 7a re ho sona: Ya iphotla letsheng la Silowe — ke ho re, ha ho fetolwa: Morongwa. — Mme sa ya, sa iphotla, sa kgutla se bona. 8Ba ahisaneng le yena, le ba neng ba mmone pele hore ke mokopi, ba re: Na enwa hase ya neng a dula a kopa na? 9Ba bang ba ne ba re: Ke yena. Ba bang ba ne ba re: O tshwana le yena. Empa yena a re: Ke nna. 10Yaba ba re ho yena: Mahlo a hao a tutubolohile ka mokgwa o jwang? 11A araba, a re: Motho ya bitswang Jesu o entse seretse, mme o nnetile mahlo ka sona, a ntoo re ho nna: Eya letsheng la Silowe, o iphotle. Ke ile, mme hobane ke iphotle, ka bona. 12Yaba ba re ho yena: Eo o kae? A re: Ha ke tsebe.
13Ba isa ho bafarisi ya neng o foufetse pele. 14Athe e be e le ka Sabatha Jesu a entseng seretse, a tutubolla mahlo a hae. 15Jwale, bafarisi le bona ba mmotsa kamoo a kileng a bona kateng. A re ho bona: O mpeile seretse mahlong, mme ka iphotla, ka ba ka bona. 16Ka baka leo, bafarisi ba bang ba re: Motho eo hase wa Modimo, hobane ha a boloke Sabatha. Ba bang ba re: Motho wa moetsadibe a ka etsa jwang mehlolo e kale ka eo na? Mme phapang e ne e le teng hara bona. 17Ba boela ba re ho sefofu: Wena, o reng ka yena, ha a o tutubolotse mahlo? A re: Ke moporofeta.
18Empa Bajuda ha ba ka ba dumela hobane o ne a foufetse, mme a bile a bona, ho fihlela ha ba bitsa batswadi ba ya neng a boetse a bona. 19Ba ba botsa, ba re: Na enwa ke mora wa lona, eo le reng o ne a tswalwe a foufetse na? O bona jwang jwale? 20Batswadi ba hae ba ba araba, ba re: Re a tseba hobane enwa ke mora wa rona, le hobane o hlahile a foufetse. 21Empa haele mokgwa oo a bonang ka wona jwale, ha re o tsebe; le ya tutubolotseng mahlo a hae, ha re mo tsebe; mmotseng e le yena; o se a na le dilemo, o tla ikarabela. 22Batswadi ba hae ba bua jwalo ke ho tshaba Bajuda; kahobane Bajuda ba ne ba se ba rerile hore, ekare ha motho ofe le ofe a ka bolela hore eo ke Kreste, o tla ntshwa sinagogeng. 23Ke ka baka leo batswadi ba hae ba itseng: O se a na le dilemo, botsang yena.
24Ba boela ba bitsa la bobedi motho ya neng a foufetse, ba re ho yena: Nea Modimo thoriso; rona re a tseba hobane motho eo ke moetsadibe. 25A araba, a re: Ha ekaba ke moetsadibe, teng ha ke tsebe; ke tseba taba e le nngwe, ke hobane ke ne ke foufetse, mme jwale ke a bona. 26Yaba ba boela ba re ho yena: O ile a o etsa eng? O tutubolotse mahlo a hao jwang? 27A ba araba, a re: Ke se ke le boleletse, mme ha le a ka la mamela. Na taba eo le boetse le rata ho e utlwa ka baka lang na? Na le lona le rata ho ba barutuwa ba hae na? 28Jwale, ba mo rohaka, ba re: Ke wena o leng morutuwa wa hae; rona, re barutuwa ba Moshe. 29Rona, re a tseba hobane Modimo o buile le Moshe; haele eo, ha re tsebe moo a tswang teng. 30Motho eo a ba araba, a re: Taba e makatsang ke ena ya hore ha le tsebe moo a tswang teng, athe o ntutuboletse mahlo. 31Re a tseba hobane Modimo ha o utlwe baetsadibe; empa ekare ha e mong a hlonepha Modimo, a etsa thato ya wona, o ye o mo utlwe. 32Ha ho eso ho utlwahale le ka mohla o le mong hobane motho o tutubolotse mahlo a motho ya tswetsweng e le sefofu. 33Hojane eo hase wa Modimo, o ne a ke ke a tseba ho etsa letho. 34Ba mo araba, ba re: O tswaletswe dibeng kahohle, mme o ka hla wa re ruta na! Yaba ba mo lelekela ntle.
35Jesu a utlwa hobane ba mo lelekile; yare ha a mo fumana, a re ho yena: Na o dumela ho Mora wa Modimo na? 36A araba, a re: Ke mang, Morena, ke tle ke dumele ho yena? 37Jesu a re ho yena: O mmone, mme e bile ke yena ya buang le wena. 38Yaba o re: Ke a dumela, Morena. Mme a mo kgumamela.
39Jesu a re: Ke tlile lefatsheng lena ho etsa kahlolo ya hore ba sa boneng ba bone, mme ba bonang ba fetohe difofu. 40Bafarisi ba bang ba nang le yena, yare ha ba utlwa taba tseo, ba re ho yena: Na le rona re difofu na? Jesu a re ho bona: 41Hojane le difofu, le ka be le se na sebe; empa jwale le re: Re a bona; sebe sa lona se sala ke hona.

Currently Selected:

JOHANNE 9: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy