YouVersion Logo
Search Icon

JOHANNE 13

13
Paseka. — Jesu o hlatswa maoto a barutuwa ba hae.
1Mokete wa Paseka ha o se o tla etswa, Jesu, ka ho tseba hobane nako ya hae e tlile ya ho tloha lefatsheng, ho ya ho Ntatae, jwalokaha a ne a ratile ba hae ba lefatsheng, a ba rata le ho isa qetellong. 2Ha ho ntse ho lallwa, Diabolose a se a kentse pelong ya Judase Iskariota, mora Simone, takatso ya ho mo eka, 3Jesu, ka ho tseba hobane Ntatae o mo neile dintho tsohle matsohong, le hobane o tswile ho Modimo, mme o ya ho Modimo, 4a tsoha selallong, a hlobola kobo ya hae, a nka lesela, mme a itlama ka lona. 5A ntoo tshela metsi mokekeng, mme a qala ho hlatswa maoto a barutuwa ba hae, a a hlakola ka lesela leo a itlamileng ka lona. 6A tla le ho Simone Petrose; eo a mpa a re ho yena: Morena, na wena o ka hlatswa maoto a ka na? 7Jesu a mo araba, a re: Seo ke se etsang, ha o se tsebe hona jwale, empa o tla se tseba hamorao. 8Petrose a re ho yena: O ke ke wa ba wa hlatswa maoto a ka le ka mohla o le mong. Jesu a mo araba, a re: Ekare ha ke sa o hlatswe, ha o na kabelo ho nna. 9Simone Petrose a re ho yena: Morena, a e se be maoto a ka feela, e be le wona matsoho le hlooho. 10Jesu a re ho yena: Ya seng a hlatswitswe ha a sa na ho hlatsuwa, haese maoto feela, mme etlaba o se a hlwekile kahohle. Lona le hlwekile, empa e seng bohle. 11Hobane o ne a tseba ya tla mo eka; ke ka baka leo a itseng: Ha le a hlweka bohle.
12Yare hobane a qete ho hlatswa maoto a bona, a nka kobo ya hae, a boela a dula; mme a re ho bona: Hleka le utlwisisa seo ke le entseng sona na? 13Le mpitsa Moruti le Morena, mme le bolela hantle, hobane ke yena. 14Mme jwale, ekare ha nna, ke leng Morena le Moruti, ke hlatswitse maoto a lona, le lona le tshwanetse ho hlatswana maoto. 15Hobane ke le beetse mohlala, hore le etse jwalokaha ke le entse. 16Kannetenete ke re ho lona: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae, le lenqosa ha le leholo ho ya le romileng. 17Ekare ha le tseba taba tseo, le lehlohonolo ha le di etsa.
18Ha ke bue ka lona kaofela; ke tseba bao ke ba kgethileng, empa ke hore Lengolo le tle le etsahale, le reng: Ya jang bohobe le nna o nthahile ka serethe sa hae. 19Ke le bolella taba eo e sa le jwale, e eso ho hlahe, hore mohla e hlahang, le dumele hobane ke nna.
20Kannetenete ke re ho lona: Ya amohelang eo ke mo romang, o amohela nna; mme ya amohelang nna, o amohela ya nthomileng.
Jesu o senola keko ya Judase.
21Eitse ha Jesu a boletse taba tseo, a sisimoha moyeng, a tiisa, a re: Kannetenete ke re ho lona: E mong wa lona o tla nkeka. 22Yaba barutuwa ba tadimana, ba tsielwa hoba o lekanya mang. 23E mong wa barutuwa ba hae, eo Jesu a mo ratang, o ne a itshetlile sefubeng sa Jesu. 24Yaba Simone Petrose o mo nyemotsa, hore a botse hoba o bolela mang. 25Eo, ha a ntse a itshetlehile sefubeng sa Jesu, a mmotsa, a re: Morena, ke mang? 26Jesu a araba, a re: Ke yena eo ke tla mo nea sengwathwana, hobane ke se qopetse. Eitse hobane a se qopetse, a se nea Judase Iskariota, mora Simone. 27Eitse hobane a nke sengwathwana, Satane a kena ho yena. Jwale, Jesu a re ho yena: Seo o se etsang, hlo o se etse kapele. 28Empa ha ho a ka ha eba le a mong ho ba dutseng dijong, ya utlwisisang moo polelo eo e isang teng. 29Erekaha Judase e ne e le yena ya nang le mokotlana wa ditjhelete, ba bang ba ne ba lekanya eka Jesu o mmolella, a re: O reke seo re se hlokelang mokete, leha e le se ka newang bafumanehi. 30Eo a mpa a nka sengwathwana, a phakisa a tswa; e ne e le bosiu.
Dikgothatso tsa Jesu tsa ho qetela. — Dipotso tsa Petrose, Thomase, Filipi le Judase, tseo ka baka la tsona Jesu a buileng tsa ho ratana, tsa ho tla ha Moya, le tsa kgotso ya hae.
31Yare ha Judase a tswile, Jesu a re: Jwale, Mora motho o tlotlisitswe, mme Modimo o tlotlisitswe ka yena. 32Mme ha Modimo o tlotlisitswe ka yena, Modimo o tla mo tlotlisa le yena ho wona, mme o tla phakisa o mo tlotlise.
33Bana ba ka, ke sa dutse le lona ho se hokae; le tla mpatla, mme jwalokaha ke boleletse Bajuda, ka re: Moo ke yang teng, lona le ka sitwa ho tla, jwale ke rialo le ho lona.
34Ke le nea molao o motjha, ke hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, ratanang jwalo le lona. 35Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuwa ba ka ka sona, ke ha le ratana.
36Simone Petrose a re ho yena: Morena, o ya kae? Jesu a mo araba, a re: Moo ke yang teng, o ka sitwa ho ntatela jwale; empa hamorao o tla ntatela teng. 37Petrose a re ho yena: Morena, nka sitwa keng ho o latela jwale? Athe ke tla tela bophelo ba ka ka baka la hao. 38Jesu a mo araba, a re: O re, o tla tela bophelo ba hao ka baka la ka na? Kannetenete ke re ho wena: Mokoko o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.

Currently Selected:

JOHANNE 13: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy