YouVersion Logo
Search Icon

JAKOBO 2

2
Ho se ke ha uwa ka tshobotsi.
1Banabeso, tumelo eo le nang le yona ho Jesu Kreste, Morena wa kganya, le se ke la e kopanya le ho ya ka tshobotsi ya batho. 2Hobane ekare ha monna ya rwetseng lesale la kgauta, ya apereng dikobo tsa bokgabane, a kena phuthehong ya lona, ho kena le mofumanehi ya dikobo di mpe; 3ha le ka babatsa ya apereng dikobo tsa bokgabane, la re ho yena: Dula mona botleng, mme la re ho mofumanehi: Wena, ema mane! kapa: Dula mona tlasa bonamelo ba maoto a ka! 4ana e ke ke yaba le kgethile ka dipelong tsa lona, mme le ahlotse ka mehopolo e mebe na?
5Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang? 6Athe lona le nyedisitse mofumanehi! Na hase barui ba le hlorisang, ba le hulelang kgotla na? 7Na hase bona ba nyefolang lebitso le letle leo le bitswang ka lona?
8Ha le phetha molao oo e leng morena hara melao, kamoo o ngodilweng kateng ka ho re: Rata wa heno jwalokaha o ithata, le etsa hantle. 9Empa ha le ya ka tshobotsi ya batho, le etsa sebe, mme le tsuwa ke molao, ka hore le batlodi ba wona. 10Hobane leha e mong a ka boloka melao yohle, a mpa a tlola o le mong feela, eba o se a ikentse ya molato ho yona yohle. 11Hobane ya itseng: O se ke wa feba, le hona o itse: O se ke wa bolaya. Jwale, leha o sa febe, o mpa o bolaya, o se o le motlodi wa molao.
12Buang, mme le etse ka mokgwa o tshwanelang ba tlang ho ahlolwa ke molao wa tokoloho. 13Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.
Tumelo e se nang mesebetsi.
14Banabeso, ho thusang, leha motho a ka re, o na le tumelo, empa a se na mesebetsi? Na tumelo eo e ka mmoloka na? 15Ha ngwanabo lona, kapa kgaitsedi ya lona, ba hlobotse, mme ba hloka dijo tsa letsatsi le leng le le leng, 16mme e mong ho lona a re ho bona: Eyang ka kgotso, le futhumale, le kgore! athe ha le a ba nea tse batlwang ke mmele ya bona, ho thusang? 17Ka mokgwa o jwalo, le yona tumelo, ha e se na mesebetsi, e itjhweletse ruri. 18Empa e mong o tla re: Wena, o na le tumelo; nna, ke na le mesebetsi; mpontshe he tumelo ya hao ho se mesebetsi, mme nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka. 19O dumela hobane Modimo o mong feela: O etsa hantle; empa le bona batemona ba dumela, mme ba thothomela.
20Motho wa lefeela, na o rata ho tseba hobane tumelo e se nang mesebetsi e shwele na? 21Na Abrahama, ntata rona, ha a ka a bewa ya lokileng ke mesebetsi, mohla a hlahisang mora wa hae, Isaaka, hodima aletare na? 22O a bona hobane tumelo ya hae e sebedisane le mesebetsi ya hae, mme tumelo ya hae e phethilwe ke mesebetsi, 23ha ba ha etsahala lengolo le reng: Abrahama o dumetse Modimo, mme a ballwa hona hoba ke ho loka, mme a newa lebitso la motswalle wa Modimo. 24Ke moo le bonang hobane motho o bewa ya lokileng ke mesebetsi ya hae, e seng ke tumelo e nnotshi. 25Na le yena Rahaba, mosadi wa moetsadibe, ha a ka a bewa ya lokileng ke mesebetsi, mohla a amohelang dihlwela, mme a di kgutlisa ka tsela esele na? 26Hobane, jwalokaha mmele o se nang moya o shwele, le yona tumelo, ha e se na mesebetsi, e shwele.

Currently Selected:

JAKOBO 2: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy