Eitse ha ke tadima, ka bona moya wa sefefo o tswang leboya, ho le leru le leholo le tswakaneng le mollo, le benyang ka nqa tsohle; bohareng ba lona ho le ntho e kang koporo e hlenneng, kahare ho mollo; bohareng ba mollo, ka bona ntho tse kang dibopuwa tse utlwang tse nne; haele tshobotsi ya tsona, di ne di na le tshobotsi ya batho. Se seng le se seng se ne se na le difahleho tse nne, hape se seng le se seng se ne se na le dipheo tse nne. Maoto a tsona e ne e le maoto a tsepameng; haele bohato ba maoto a tsona, e ne e ka bohato ba tlhako tsa namane; a ne a benya jwalokaha ho benya koporo e bentshitsweng. Mahlakoreng a tsona a mane, ho ne ho hlaha matsoho a kang a motho, a tswang tlasa dipheo tsa tsona; haele bone ba tsona, di ne di na le difahleho tsa tsona le dipheo tsa tsona. Dipheo tsa tsona di tshwarane; ho tsamayeng, di ne di sa tswedipane; di ntse di tsamaya di lokile feela.
Read ESEKIELE 1
Share
Compare All Versions: ESEKIELE 1:4-9
Save verses, read offline, watch teaching clips, and more!
YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy
Home
Bible
Plans
Videos