YouVersion Logo
Search Icon

DIKETSO 27

27
Pauluse o tloha ho ya Roma. — O kena sekepeng; se a shwa.
1Eitse hobane ho laelwe hore re ye Italia ka sekepe, ba neela Pauluse le batlamuwa ba bang ho molaodi e mong wa lekgolo, ya bitswang Juliuse, wa lekgotla la Augusto. 2Ra kena sekepeng sa Adramite, se neng se tla leba nqa mabopong a Asia, ra tloha, re ena le Aristarke wa Thesalonika, motse wa Masedonia. 3Hosasane, ra fihla Sidone, mme Juliuse a etsa Pauluse hantle, a mo dumella ho ya bona metswalle ya hae, hore a baballwe ke yona. 4Yare ha re tlohile teng, ra sika le sehlekehleke sa Sipera, kahobane sekepe se ne se hanelwa ke moya. 5Eitse hobane re tshele lewatle la Silisia le la Pamfilia, ra fihla Mira, e leng motse wa Lisia. 6Molaodi wa lekgolo a fihlela teng sekepe sa Aleksandria se yang Italia, mme a re kenya ho sona. 7Hobane re tsamaye ka ho nokoloha ka matsatsi a mangatanyana, ra fihla kathata mabapa le Genida, mme ra pota Kreta ka tlase, ka nqa Salmone, kahobane moya o ne o re thibela. 8Eitse ha re ntse re sika le lebopo kathata, ra fihla moo lebitso la teng e leng Kou-e-ntle, haufi le motse wa Lasea.
9Jwale, kahobane matsatsi a mangata a ne a se a fetile, le ho tsamaya lewatleng ho se ho tshabeha, etswe kgwedi ya ho itima dijo e ne e se e shwele, Pauluse a ba eletsa, 10a re ho bona: Banna, ke a bona hobane leeto lena la sekepe le tla ba le tshenyeho le tahleho e kgolo, e seng ya phahlo le ya sekepe feela, empa e le le ya ho phela ha rona. 11Empa molaodi wa lekgolo a dumela motsamaisi wa sekepe le monga sona ho feta se bolelwang ke Pauluse. 12Mme kahobane sekepe se ne se sa tshwanela ho dula koung eo mariha, ba bangata ba phehella ho tloha teng le ho leka ho ya hlola mariha Fenikse, e leng kou ya Kreta, e lebaneng le moya wa bophirimela ba borwa le wa bophirimela ba leboya.
13Jwale, moya wa borwa ha o qala ho foka butle, ba lekanya hobane ba se ba bone seo ba se pheheletseng, mme ba tloha, ba sika le Kreta. 14Empa ho se hokae, ha tsoha teng moya wa sefefo, o bitswang Euroklidone. 15Mme kahobane sekepe se ne se nkilwe ke moya, se sitwa ho o tadima, ra se lesa sa ya le wona. 16Eitse hoba re kgannelwe tlasa sehlekehleke se seng se bitswang Klauda, ra batla re sitwa ho hulela sekepana ho rona. 17Eitse hobane ba se hule, ba eketsa ka ho thusa ka ho hong, ba tlama sekepe katlase; mme kahobane ba ne ba tshaba ho kgarameletswa Sirte, ba kokobetsa masela, ba ineela moya jwalo. 18Hosasane, ha re ntse re tsokotswa hampe ke sefefo, ba qala ho lahlela diphahlo lewatleng. 19Ka la boraro, ra lahlela mesebetsi ya sekepe lewatleng ka matsoho a rona. 20Mme kahobane letsatsi le se le sa bonahale ka ditshiu tse ngata, leha e le dinaledi, le hobane sefefo le sona se ne se ntse se befile, ra lahlehelwa ke tshepo yohle ya ho pholoha.
21Erekaha e ne e se e le kgale ho sa jewe, Pauluse a ema hara bona, a re: Efela, banna, hoja la ntumela, le se ke la tloha Kreta, tshenyeho le tahleho ena e ka be e sa ka ya hlaha. 22Empa jwale, ke a le kgothatsa hore le bete dipelo; hobane ha ho e mong hara lona ya tla lahlehelwa ke bophelo ba hae, ke sekepe feela se tla timela. 23Hobane lengeloi la Modimo, oo ke leng wa wona, oo ke o sebeletsang, le itlhahisitse ho nna bosiung bona, 24la re: Pauluse, o se ke wa tshaba; e ka kgona o hlahe pela Sesare, mme bona, Modimo o o neile bohle ba etang le wena sekepeng sena. 25Banna, betang dipelo ke hona; hobane ke fela ke kgolwa hoba Modimo o tla etsa kamoo o mpoleletseng kateng. 26Empa e ka kgona re lahlelwe sehlekehlekeng se seng.
27Eitse ka bosiu ba leshome le metso e mene, ha re iswa mane le mane lewatleng la Adria, bohareng ba bosiu, beng ba sekepe ba lekanya hoba ba atametse lefatshe le leng. 28Ha ba hlohlotsa bodiba ba metsi, ba fihlela ditekanyo tsa boahlamo ba matsoho tse mashome a mabedi; kapejana, ba boela ba hlohlotsa, mme ba fihlela ditekanyo tsa boahlamo ba matsoho tse leshome le metso e mehlano. 29Mme kahobane ba ne ba tshaba hoba mohlomong re ka hohlomela mafikeng, ba dihela diankora tse nne ka maraong a sekepe, se tle se eme, mme ba lebella bosiu ho sa.
30Empa batsamaisi ba sekepe ba batla ho thoba sekepeng, ba theosetsa sekepana lewatleng, ba etsa jwaloka hoja ba rata ho dihela diankora ka nqa sefubeng sa sekepe. 31Yaba Pauluse o re ho molaodi wa lekgolo le ho bahlabani: Ekare ha bao ba sa dule sekepeng, le ke ke la pholoha. 32Yaba bahlabani ba kgaola mehala ya sekepana, ba se lesa, sa wa.
33Yare ha bo tla sa, Pauluse a ba kgothatsa kaofela ho ja dijo, a re: Kajeno ke letsatsi la leshome le metso e mene le lebeletse le ntse le itima dijo, le sa je letho. 34Ke a le kgothatsa, ke re, le je dijo; ke hona ho le tshwanelang hore le bolokehe; hobane ha ho le a mong ho lona ya tla lahlehelwa ke qoba leha e le nngwe ya moriri wa hlooho ya hae. 35Yare hobane a rialo, a nka bohobe, a leboha Modimo pontsheng ya bona bohle, mme ha a bo ngwathile, a qala ho ja. 36Mme bohle ba beta dipelo, ba eja dijo le bona. 37Ha ho balwa bohle ba neng ba le ka sekepeng, re ne re le batho ba makgolo a mabedi a nang le mashome a supileng a metso e tsheletseng. 38Eitse hobane ba kgore dijo, ba fokotsa sekepe ka ho lahlela koro lewatleng.
39Yare hobane ho se, ba ne ba sa tsebe lefatshe hobane ke lefe; empa ha ba tadima, ba bona kou e nang le lehlabathe, mme ba rata ho isa sekepe teng, ha ho ka etswa. 40Yare ha ba kgaotse diankora, ba di siya lewatleng, ba ba ba lokolla mamati a kgannang sekepe; ba ntoo emisa lepheo la artimone, ba tshelela nqa lebopong. 41Ra mpa ra wela hlwahlwaneng e nang le lewatle ka nqa tse pedi, sekepe sa ba sa tshepama teng; sefuba sa sona sa tebela fatshe, sa ba sa tiya, mme lesaho la sona la robeha ke matla a maqhubu.
42Jwale, bahlabani ba rata ba ka bolaya batlamuwa, e se be mohlomong ba bang ba ka thoba ka ho sesa. 43Empa molaodi wa lekgolo, kahobane a ne a rata ho pholosa Pauluse, a ba thibela, mme a laela hore ba tsebang ho hlapa ba itihele pele, ba hlapele fatshe, 44ba bang ba ithuse ka mamati, ba bang ka difate tse ding tsa sekepe; ka mokgwa oo, bohle ba fihla fatshe, ba pholoha.

Currently Selected:

DIKETSO 27: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy