YouVersion Logo
Search Icon

II BATHESALONIKA 1

1
Tumediso.
1 Nna Pauluse, ke ena le Silfane le Timothea, ke ngolla kereke ya Bathesalonika e ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste, ke re: 2Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.
Bathesalonika kamoo ba tswetseng pele tumelong le leratong kateng, leha ba le dihlorisong.
3Re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, banabeso, kamoo ho lokelang kateng, ka baka la hobane tumelo ya lona e ntse e hola ka ho fetisa, le lerato la lona bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha. 4Ke hona re ithorisang ka lona dikerekeng tsa Modimo, ka baka la sebete sa lona le la tumelo ya lona dihlorisong le matshwenyehong ao le a mamellang; 5ao e leng pontsho ya kahlolo e lokileng ya Modimo, le tle le etswe ba lokelang mmuso wa Modimo, oo le utlwiswang bohloko ka baka la wona. 6Hobane efela ho lokile hoba Modimo o busetse matshweneyeho ho ba le tshwenyang, 7mme lona ba tshwenngwang, le etsetswe phomolo le rona, mohla Morena Jesu a bonahalang a etswa lehodimong, le mangeloi a matla a hae, 8ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Modimo, le ho ba sa utlweng Evangeli ya Jesu Kreste, Morena wa rona. 9Bao ba tla otlwa ka tshenyeho e sa feleng, ba tloswe pela Morena, le pela kganya ya matla a hae, 10ha a etla ho tlotliswa mohlang oo bahalaleding ba hae, le ho etswa ya makatsang ka bohle ba dumetseng; hobane bopaki ba rona hara lona bo amohetswe.
11Ke ka baka leo re le rapellang kamehla, hore Modimo wa rona o le etse ba lokelwang ke pitso ya wona, mme o phethe ka ho lona ka matla dithato tsohle tsa mosa wa wona, le mesebetsi yohle ya tumelo; 12lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste le tle le tlotliswe ka lona, le lona le tlotliswe ho yena, ka mohau wa Modimo wa rona, le wa Jesu Kreste Morena wa rona.

Currently Selected:

II BATHESALONIKA 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy