YouVersion Logo
Search Icon

II JOHANNE 1

1
Tumediso.
1Nna, moholo, ke ngolla mofumahadi wa mokgethwa le bana ba hae, bao ke ba ratang nneteng — mme hase nna feela, empa ba ratwa le ke bohle ba tsebileng nnete — 2ka baka la nnete e dutseng ho rona, mme e ya nne e be ho rona ka ho sa feleng, ke re: 3Mohau, lereko, le kgotso, di be ho lona, le di fuwa ke Modimo Ntate le ke Morena Jesu Kreste, Mora wa Ntate, nneteng le leratong.
Lerato la boena; baruti ba thuto tse kgelohileng.
4Ke thabile haholo ha ke fihletse bana ba bang ba hao ba tsamaya nneteng, jwalokaha re laetswe ke Ntate. 5Mme jwale, wena mofumahadi, ke a o rapela, e seng ka ho re, ke o ngolla taelo e ntjha, empa e le eo re bileng le yona esale ho qaleng, e reng, re ratane. 6Mme seo e leng lerato, ke hoba re tsamaye ka taelo tsa hae; mme ke ena taelo, kamoo le e utlwileng kateng, esale ho qaleng, hore le tsamaye ho yona.
7Hobane bathetsi ba bangata ba kene lefatsheng, ba sa boleleng Jesu Kreste ya tlileng nameng. Ya jwalo ke mothetsi le antikreste. 8Iponeleng, hore re se ke ra timellwa ke tseo re di sebeleditseng, re mpe re fuwe moputso o tletseng. 9Mang le mang ya kgelohang, ya sa tiisetseng thutong ya Kreste, ha a na Modimo; ya tiisetsang thutong ya Kreste, yena o na le Ntate le Mora. 10Ekare ha e mong a etla ho lona, mme a sa tlise thuto eo, le se ke la mo amohela matlung a lona, mme le se ke la mo dumedisa! 11Hobane ya mo dumedisang o kopana le yena ketsong tsa hae tse mpe.
12Ke sa na le ditaba tse ngata, empa ha ke rate ho le ngolla tsona ka pampiri le ka enke; empa ke tshepile ho le etela, le ho buisana le lona ka molomo, thabo ya lona e tle e phethehe.
13Bana ba ngwaneno wa mokgethwa ba o dumedisa. Amen!

Currently Selected:

II JOHANNE 1: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy