YouVersion Logo
Search Icon

II TIMOTHEA 3

3
1Tseba hobane mehleng ya qetello ho tla hlaha dinako tse bohloko. 2Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefodi, le ba sa utlweng batswadi ba bona, ba hlokang teboho le borapedi; 3e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tshepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itshwara, ba sehloho, ba hloyang ba molemo; 4e be baeki, le bahalefi, le baikgohomosi, ba ratang menate ya nama, e seng Modimo; 5ba tla ba le sebopeho sa borapedi, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba jwalo o ba furalle. 6Hara bao ho na le ba kgukgunelang matlung, mme ba hapa basajana ba imetsweng ke dibe, ba kenweng ke ditakatso tse ngata, 7ba ithutang kamehla, empa e le ba sitwang ho fihla tsebong ya nnete le ka mohla o le mong. 8Mme jwalokaha Janese le Jambrese ba ne ba hanyetsa Moshe, bao le bona ba hanela nnete jwalo; ke batho ba dikelello tse bodileng, ba lahlilweng ka nqeng ya tumelo. 9Empa ba ke ke ba hlola ba tswela pele; hobane bohlanya ba bona bo tla pepesetswa bohle jwaloka jwa bao.
10Empa haele wena, o rutehile thuto ya ka ruri, le ho etsa ha ka, le phehello ya ka, le tumelo ya ka, le mamello ya ka, le lerato la ka, le sebete sa ka; 11le dihloriso le tse bohloko tse kileng tsa ntlhahela Antioke, le Ikone, le Listra, le dihloriso dife le dife tseo ke di mameletseng; empa Morena o ntwetse ho tsona kaofela. 12Bohle ba ratang ho phela ka borapedi bo ho Jesu Kreste, ba tla hloriswa jwalo. 13Empa batho ba lonya, ba thetsang, ba ya nne ba tswele pele tshenyong, ba ntse ba thetsa, ba ntse ba thetswa.
14Empa haele wena, o eme ho tseo o ithutileng tsona, tseo o di tiiseditsweng, o ntse o tseba eo o ithutileng tsona ho yena; 15etswe le bonyenyaneng ba hao o hlile wa tseba Mangolo a Halalelang, a lokelang ho o hlalefisetsa ho bolokeha, ka ho dumela ho Jesu Kreste. 16Lengolo lohle le budutsweng ke Moya wa Modimo, le na le molemo wa ho ruta, wa ho kgodisa, wa ho laya, le wa ho hodisa ka kgolo ya ho loka; 17motho wa Modimo a tle a phethehe, mme a rutehele ruri mesebetsing yohle e molemo.

Currently Selected:

II TIMOTHEA 3: SSO61-SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy